Go to full page →

Kreste E Ntse E Le Molisa Oa Motho Ka Mong EN 328

Mothusi oa rōna ea sa hlōloeng ha A re siee re le bang hore re loantšane le teko, ‘me qetellong re iphumane re hlōkōfalitsoe ke meroalo le mahlomola. Leha e le mona mahlo a nama a sa ‘mone, tsebe ea tumelo e kanna ea utloa lentsoe la Hae, ha le re, Se tšabe; ke na le uena. Ke tseba mahlomola a hao, ke na le maiphihlelo a ntoa eo u e loanang, ke ile ka teana le liteko tseo le uena u teanang le tsona. Ke tseba meokho ea hao, le ‘Na nkile ka lla. Ke tseba mahlomola a tebileng ho feta kamoo tsebe ea motho e ka bolelloang ka teng. Ha ua lahloa. Leha bohlōkō ba hao bo sa ame pelo efe kapa efe lefatšeng, sheba ho ‘Na ‘me u phele. Sheba Esaea 54:10. EN 328.1

Jesu O re rata joaloka bana ba Hae hobane re mpho ea Ntat’ae, ‘me re litholoana tsa mosebetsi oa Hae. Oa u rata. Leholimo ka bolōna, le ke ke la fana ka ho hong, ho fetang ka boholo kapa ka molemo. Kahoo tšepa. EN 328.2

Jesu A nahana ka meea eohle lefatšeng e neng e khelositsoe ke balisa ba bohata, e lahletsoe ka har’a liphiri, ‘me A re, “Ke sa na le linku tse ling, tseo e seng tsa lesaka lena. Le tsona eka khona ke li tlise; li tla utloa lentsoe la ka, ‘me mohlape o tla ba mong, molisa a be mong.” EN 328.3

“Ke ka lebaka lena Ntate a nthatang, hobane ke tela bophelo ba ka, hore ke tle ka boele ke bo fumane....Ke na le tokelo ea ho bo tela, ke na le tokelo ea ho bo fumana hape.” E le setho sa lelapa la botho, Jesu O ne A e-na le ‘mele o shoang, ‘me E le Molimo, E ne E le seliba sa bophelo lefatšeng. A ka be A hlotse liteko tsa lefu, empa A ikhethela ho fana ka bophelo ba Hae, e le hore A re tlisetse bophelo le ho se shoe. “O il’a hlajoa ka baka la litšito tsa rōna, a tetetsoa ka baka la libe tsa rōna, kotlo e re tlisetsang khotso ea mo oela holimo, ra folisoa ke maqeba a hae. Rōna bohle re tšoana le linku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ea hae, Morena o ‘melesitse makhopo a rōna bohle.” Esaea 53:5,6. EN 328.4