Go to full page →

Basamaria Ba Amohela Lerato La Kreste EN 331

Jesu ha a roma barutuoa ba Hae, pele a nyolohela leholimong, O ile A hlahisa Samaria le Jerusalema le Judea e le libaka tsa pele tseo ba tšoanetseng ho qala ho ruta molaetsa o molemo, ho tsona. Ha ba ea Samaria, ba fumana batho ba ba lebeletseng. Basamaria ba elelloa hore Jesu O na le maikutlo a lerato feela ho bona, A sa natse hore ba ile ba Mo tšoara hampe, ‘me lipelo tsa bona tsa hapeha. Kamora’ hore Jesu A nyolohele leholimong, barutuoa ba ile ba bōkeletsa kotulo e babatsehang hara bao e kileng ea eba lira tse kholo tsa bona. ‘’Ha a ke ke a roba lehlaka le tenyetsehile, ha a ka ke a tima lebone, a le tima le taitsa. O tla ahlōla bohle ka botšepehi.” Esaea 42:3. EN 331.4

Ha A rōma ba mashome a supileng, Jesu A ba laela hore ba se lule moo ba sa amoheleheng. A re, “Motseng ofe le ofe oo le kenang ho oona, ‘me ba sa le amohele, le tsocle litseleng tsa oona, le re: ‘Le lerōle la motse oa lona, le re khomaretseng maotong, re le hlōhlōrela lona e le bopaki bo le qosang. Feela le tsebe hona, hore ‘Muso oa Molimo o se o fihlile.’” Hona, ba ne ba sa ho etse ka lebaka la ho hlabeha kapa ho tlontloloha, empa e le ka ho bontša kamoo ho leng bohlōkō ho latola molaetsa oa Morena. Ho latolela basebeletsi ba Morena ke ho latolela Kreste ka bo-Eena. EN 331.5