Go to full page →

KHAOLO EA 76—KAMOO JUDASE A LAHLEHETSOENG KE MOEA OA HAE KATENG EN 478

Pale ea Judase e hlahisa qetello e hlomolang, ea bophelo bo ka beng bo ile ba tlotlisoa ke Molimo. Ha e ne eba Judase o ile a shoa pele ho leeto la hae la ho qetela la ho ea Jerusalema, a ka be a nkiloe a lōkeloa ke sebaka har’a ba leshome le metso e ‘meli, ‘me o ne a tla hopoleha. Ho nyatsuoa ho mo setseng morao ka lilemo-lemo, ho ka be ho le sieo. Empa semelo sa hae, se ile sa senoleloa lefatše e le tlhokomeliso ho bohle ba èkang tse halalelang. EN 478.1

Ho tloha mohla mokete o neng o le ha Simone lapeng, Judase a na a ba le monyetla oa ho shebisisa ketso eo a neng a se a kene tumellanong ea ho e etsa, empa morero oa hae oa se ke oa fetoha. A rekisa Morena oa khanya ka theko e kaalo ka ea lekhoba. EN 478.2

Judase ke tlhaho o ne a rata chelete haholo, empa o ne a e-s’o senyehe ha hore a etse ketso e tšoanang le ena. O ile a bokotsa meharo ea leruo, ho fihlela e imetse lerato la hae ho Kreste. Ka bokhopo bo bong a inehela ho Satane, hore a khanneloe hohle ke sebe. EN 478.3

Judase e bile e mong ea ikopantseng le barutuoa ha matšoele a ne a latela Kreste. O ne a bona mesebetsi ea Mopholosi e matla ea ho folisa ba kulang, ho leleka bademona le ho tsosa ba shoeleng. A amohela thuto ea Jesu e le e phahameng ho feta tsohle tseo a kileng a li utloa. A ba le takatso ea hore a fetoloe semelo, ‘me a tšepa hore hona ho ka etsahala ha a ka ikopanya le Jesu. EN 478.4

Mopholosi ha A ka A tebela Judase. A mo fa sebaka e le e mong oa ba leshome le metso e ‘meli, ‘me A mo neha matla a ho folisa ba kulang, le ho leleka bademona le ho tsosa bafu. Empa Judase o ne a sa inehela kahohle ho Kreste. Ha a ka a tela takatso ea hae ea lefatše, kapa lerato la hae la chelete. Ha a ka a lumela ho boptjoa ke leholimo, empa a ipha sebōpeho sa ho nyatsa le ho ahlōla. EN 478.5

Judase o ne a na le tšusumetso e kholo holim’a barutuoa. O ne a nketse litsebo tsa hae holimo, ‘me ba bang a ba shebela tlase haholo. Judase a ithetsa hore kereke e ka be e thulane le lihlong hangata, hoja e se ka lebaka la hae hoba a tseba ho okamela hantle. Monahanong oa hae, e ne e le eena tlotla ka har’a tšebetso ena, ka lebaka lena a inkela holimo. EN 479.1

Kreste A ‘mcha moo a neng a tla fumana monyetla oa ho bona, le ho lōkisa bofokoli ba semelo sa hae, empa Judase a khoramela mekhoa ea hae ea meharo. Lichelete tse fokolang tse ‘nileng tsa fihla matsohong a hae, ea e-ba moleko oa kamehla. Ha a ile a etsetsa Kreste tšebetsonyana, a ipatala hona cheletseng eo e fokolang. Mahlong a hae e ne e le lebaka la amohelehang ho emela ketso ea hae, empa mahlong a Molimo e ne e le lesholu. EN 479.2

Judase o ne a ralile tsela eo a neng a lebeletse hore Kreste A sebetse ka eona. O ne a rerile hore Johanne Mokolobetsi o lokela ho ntšuoa teronkong. Empa Johanne a tlohelloa, a ba a khaoloa hlooho. ‘Me Jesu, bakeng sa ho phetetsa lefu la Johanne, A ea kathōko ho motse ho ea phomola. Judase o ne a batla ntoa e matla ea likhoka. A hopola hore ha Jesu A ke ke A thibela barutuoa ho ntšetsa morero oa bona pele, mosebetsi o ka ba le katleho e kholo. A bona qholotso ea baetapele ba Bajuda e sa natsoe, ha ba ne ba batla hore Jesu Kreste A etse pontšo e tsoang leholimong. Pelo ea hae ea bulehela ho hloka tumelo, ‘me sera sa mo fepela ka mehopolo ea bohanyetsi e kang ena: Ke hobaneng ha Jesu A ile A supela pele qoso le polao ea Hae le barutuoa ba Hae? Na ebe tšepo ea hore o tla fumana litulo tse phahameng ‘musong e senyehile? EN 479.3