[E ilšetlehile ka Matheu 27:2,11-31; Mareka 15:1-20; Luka 23:1-25; Johanne 18:28-40; 19:1-16.]
Ke tlung ea lekhotla la Pilato, ‘musisi oa Roma, ho ne ho eme Kreste, A fasuoe e le motšoaruoa; A potiloe ke masole a Mo lebetseng. Batho ba tlil’o lebella ba ne ba kena ka bongata. Kantle, ho ne ho eme baahloli ba lekhotla la Sanhedrin, baprista, babusi le sehlopha sa batho feela. EN 483.1
Kamor’a hore lekhotla la Senhedrin le tsoe Jesu, ba ile ba tla ho Pilato hore kahlōlo eo e tiisoe, e be e phethahatsoe. Empa baokameli ba Bajuda ba ne ba ke ke ba kena ka lekhotleng la Roma. Ho latela molao oa bona oa mekete, ba ne ba tla itšilafatsa ‘me ba hlōloe ho kena moketeng oa Paseka. Ba ne ba sa bone hore lehloeo le bolaeang le tletse ka lipelong tsa bona. Ba ne ba sa bone hore haele moo ba lahlile Kreste, e leng Konyana ea Paseka ka sebele, mokete oo o moholo o ne o lahlehetsoe ke bohlokoa ho bona. EN 483.2
Pilato a sheba Mopholosi ka mahlo a hlokang setsoalle. Erekaha a ne a tsositsoe liphateng ka potlako, a rera ho phetha mosebetsi oa hae ka potlako e kholo. A tiisa ka mahlong haholo, a ntoo sheba hore na ke motho ea joang eo a lōkelang ho mo hlahloba. EN 483.3
Mahlo a hae a tsepama holim’a Jesu ka ho batlisisa. O ne a sebetsana le lisenyi tsa mefuta-futa, empa o ne a e-s’o tlisetsoe motho ea lokileng, ea hlomphehang joaleka enoa. Sefahlehong sa Hae ho ne ho sa bonahale molato, ho se letsoalo, ho se boitiiso kapa tello. A bona motho eo sefahleho sa Hae se nang le letšoao la leholimo. EN 483.4
Pilato a fihleloa ke botho. Mofumahali oa hae o ne a kile a mo qoqela ho hong, ka liketso tsa mohlolo tse etsoang ke moporofeta oa Galelea, ea neng a folisa ba kulang ebile a tsosa bafu. A hopola litšebo tseo a neng a ile a li utloa bathong ba bangatanyana. A batla ho Bajuda hore ba mo fe qoso ea motšoaruoa. “Motho eo ke mang, ‘me le Mo tlisitse ka life?” Ba araba hore ke mothetsi ea bitsoang Jesu oa Nasaretha. EN 484.1
Pilato a boela a botsa, “Le qōsa monna eo ka eng?” Baprista ba se ke ba araba potso ea hae, empa ka ho teneha ba re, “Hojane monna enoa o ne a sa etsa bobe, re ka be re sa mo tlisa ho uena.” Ha lekhotla la Sanhedrin le u tlisetsa motho eo le bonang a lōkeloa ke lefu, na ho hlokahala hore u ‘ne u batle qoso ea motho eo? Ba ne ba leka ho khannela Pilato hore a lumellane le kōpo ea bona, a sa ka a kena lihlahlobong tse ngata. EN 484.2
Pelenyana ho mona, Pilato o ne a ‘nile a ahlolela batho ba bang lefu, a potlakile leha ba ne ba sa lokeloa ke lefu. O ne a sa tsotelle kelellong ea hae, hore na motšoaruoa o molato kapa ha a na molato. Baprista ba ne ba tšepile hore joale Pilato o tla fana ka kahlōlo ea lefu ho Jesu, a sa mamela litaba tsa Hae. EN 484.3
Empa ntho e ‘ngoe e ho motšoaruoa enoa, ea tšoarella Pilato. A ke ke a etsa joalo. A hopola kamoo Jesu A ileng A tsosa Lasaro, motho ea neng a na le matsatsi a mane a shoele; ‘me a ikemisetsa ho tseba hore na O qosoa ka’ng, le hore na ho na le bopaki. EN 484.4
A re, Haeba kahlōlo ea lona e lekane, le tliselitseng motšoaruoa ho ‘na? “Mo nkeng e le lōna, le mo ahlōle ka melao oa lōna.” Baprista ba bolela hore ba se ba Mo ahlōtse, empa ba lokela ho fumana kahlōlo ea Pilato, ho matlafatsa kahlōlo ea bona. Kahlōlo ea lona ke efe? Ho botsa Pilato. Ba araba ba re, Ke lefu. Ba kopa Pilato hore a tiise kahlōlo eo ea bona; bona ba tla jara boikarabelo ba qeto eo. Leha e ne e le mofokoli, Pilato a hana ho tsoa Jesu ho fihlela ho hlahisitsoe qoso ea Hae. EN 484.5
Baprista ba ba tsietsing. Ba ne ba sa batle hore ho hlahelle hore Kreste O tšoeroe ka litaba tsa bolumeli, hoba taba eo e ne e tla hloka matla ho Pilato. Ba etsa hore ba hlahise hore Jesu ke moferekanyi oa lipolotiki. Baroma ba ne ba le seli kamehla ho qotsula sohle se ka bakang mofere-fere. EN 484.6
Tsielehong ea bona baprista ba bitsa lipaki tsa leshano. “La qala ho mo qosa, la re: ‘Re fumane monna enoa a khelosa sechaba sa rōna, a thibela ha ho ntšetsoa Sesare lekhetho, ‘me a ipolela hore ke Kreste, Khosi.” Liqoso tse tharo, tse hlokang motheo kaofela. Baprista ba ne ba tseba taba ena, empa ba ne ba ikemiselitse ho hlapanyetsa leshano. EN 485.1