Go to full page →

Kahlōlo E Sepharanyana EN 497

Ha a tloha tšenyehong ea Jerusalema, maikutlo a Jesu a fetela kahlōlong e kholoanyane. Tsenyehong ea motse oo o sa bakang, A bona setšoantšo sa tšenyeho ea ho qetela e tla tlela lefatše: “Ke moo ba tla qala ho re ho lithaba: ‘Re oeleng holimo!’ le ho maralla: ‘Re koaheleng!’ Ha e le moo ba etsa tsena sefateng se metsi, ho tla etsahala’ng ho se omeletseng?” Sefate se setala se emetse Eena, Mopholosi ea lokileng. Bohale ba Molimo, ka lebaka la tlōlo ea molao, ba oela holim’a Mora oa Hae ea ratoang. Ke bohlōkō bo joang, boo moetsalibe ea tsoelang pele ka sebe a tlang ho bo jara? Ea sa bakeng o tla tseba masoabi ao leleme le sitoang ho a hlalosa. EN 497.4

Har’a bongata bo neng bo latela Mopholosi ho ea Gol gotha, ba bangata ke ba neng ba ile ba Mo amohela ka lihosanna le makala a lipalema, ha A ne A kena Jerusalema ka tlōtla, A kaletse (esele). Ba bang ba neng ba entse litlatse ho Mo rorisa, ka ho etsisa, joale ba se ba tlerola, ba re, “Mo thakhise!” Kreste ha A ne A kena Jerusalema A kaletse, barutuoa ba ne ba tsamaela haufi le Eena, ba utloa hore ke tlotla e kholo ho amana le Eena. Joale ha A se A le nyelisong, ba Mo latela ba le thōko. EN 497.5