Go to full page →

Molaetsa Oa Esaia O Hlakileng EN 62

Lithuto tsa Esaia tse hlakileng tsa khanya ea Mesia, Johanne o ne a ithuta tsona bosiu le motšeare. Sheba Esaia 11:4; 32:2; 62:4. Ea lutseng nahathothe, a le bolutung, pelo ea hae ea tlatsoa ke pono e halalelang. A bona Morena a le khanyang, ‘me bo-eena ba lebaleha. A boha Motlotlehi ea Halalelang; ‘me a ikutloa a le feela, a sa tšoaneleha. O ne a se a itokisetsa ho hahamallela pele ho ba lenqosa la leholimo, a sa ferekanngoe ke batho, hobane o ne a tšepamisitse maikutlo a hae ho ea halalelang. O ne a ka ema pel’a babusi ba lefatše a sa tšabe letho, hobane o ile a khumama ka boikokobetso pel’a Morena oa marena. EN 62.3

Johanne ha a ka a utloisisa ka ho phethahala boemo ba ‘Muso oa Mesia empa, ho tla ha Morena le ho loka ha Hae, le ho thehoa ha sechaba sa Iseraele e le se halalelang e ne e le eona tšepo ea hae e kholo. EN 62.4

O ile a bona batho ba habo ba khotsofetse, ‘me ba robetse libeng tsa bona. Molaetsa oo Molimo A ileng A o fa Johanne, o ne o tšoanetse ho ba nyarosa mokhathaleng oa bona. Pele peo ea evangeli e ka fumana tulo, mobu oa pelo o tšoanetse hore o thuuoe, o lokisoe hantle. Pele ba ka fumana pheko ho Jesu, ba tšoanetse ba tsosoe kotsing eo e ba bakelang maqeba a sebe. EN 62.5

Molimo ha O romele maqosa ho koeetsa ba sa halaletsoang hore ba ee lefung. O beha meroalo e boima letsoalong la ea etsang bobe, ‘me A hlabe moea ka litsenene tsa kholiso. Maqosa a mangeloi a beha kahlolo ea Molimo e le e tšosang hore batho ba bone bohloki ba bona. Seatla se kileng sa ikokobetsa leroleng se phahamisa ba bakang. EN 63.1