Go to full page →

Ho Hloka Boithibo Ho Bolisa Mekhoa. EN 75

Mengoaheng eohle, meleko e hohelang nama ke eona e atlehileng ka ho fetisisa ho bolisa batho. Ka ho etsa hore batho ba hloke boitimo, Satane o senya matla a kelello le a mekhoa e metle. Joale eba ho ba thata ho batho ho thabela lintho tsa bo sa feleng. Satane o batla ho hlakola setšoantšo sa Molimo moeeng, ka ho tlisa takatso ea ho khotsofatsa litakatso tsa lefatše. EN 75.2

Kreste O bolela hore pele A e-tla khetlo la bobeli, boemo ba litaba tsa lefatše bo tla be bo tšoana le matsatsing a pele ho moroallo, joaloka Sodoma le Gomora. Re tsoanetse ho hopola thuto ea ho itima lijo ha Mopholosi. Ke ha re utloisisa bohlōkō boo Kreste A bo utloileng re ka utloisisang bobe ba takatso tse lumelloang ho khotsofatsoa. Tšepo e ‘ngoe ea rōna hore re ka fumana bophelo bo sa feleng. Ke ha re tlisa litakatso tsa rōna tsamaisong ea thato ea Molimo. EN 75.3

Ka matla a rona, re sitoa ho thiba se hlokoang ke tlhaho ea rōna e oeleng. Empa ka ho tsamaea lefatšeng leo motho a tšoanelang ho tsamaea ho lona, Morena oa rōna O re lōkiselitse mokhoa oa hore re hlōle. Ha a batle hore re tšosoe kapa re nyahamisoe. O re, “Litaba tsena ke li buile ho lona hore le tie le fumane khotso ho ‘na.” Johanne 16:33. EN 75.4

Ea loanang le matla a takatso ea lijo a ke a talime ho Mopholosi ha A ne A le lefelleng la moleko. Mo shebe ha A ne A le bohlōkōng bo tšabehang sefapanong, ha A ne A re, “Ke nyoriloe.” Tlholo ea Hae ke ea rōna. EN 75.5

Jesu O ile A re ‘“Musi oa lefatše oa tla. Ha a na matla holim’a ka.” Johanne 14:30. Ha ho letho le ho eena le ileng la hoheloa ke mano a Satane. Ha A ka A lumela ho etsa sebe. Ha A ka A inehela molekong leha e le ka monahano feela. Ho ka ba joalo le ho rona. Botho ba Kreste bo ne bo kopane le boMolimo. O ne A lōkiselitsoe ntoa ke Moea o Halalelang ka hare ho Eena. O ile A tla ho re etsa hore le rona re be le kabelo semelong sa bo-Molimo. Molimo O nanabela letsoho la rona la tumelo ho le tataisetsa hore le itšoarelle ka boMolimo ba Kreste, e le hore re fihlele phetheho ea semelo. EN 76.1

Kreste O re bontšitse kamoo sena se ka fihleloang. Kreste O ile A hlōla Satane joang? Ka Lentsoe la Molimo. O ile A re “Ho ngotsoe.” ‘Me tšepiso e ‘ngoe le e ‘ngoe e Lentsoeng la Molimo ke ea rona. Sheba II Petrose 1:4. Ha u hlaseloa ke moleko, sheba matla a Lentsoe. Matla ‘ohle a lona ke a hao. Sheba Lipesaleme 119:11; 17:4. EN 76.2