Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    7. HO LEKA TSA BORUTUOA

    “Ha motho a le ho Kreste ke ‘mopuoa e mocha; tsa kgale di fetile; bona, tsohle di nchafetse.” (2 ba-Kor. 5 : 17.)KHK 45.1

    Motho mohlomong a ka sitoa ho hla a bolela nako hantle, kapa sebaka, kapa ho latela hlahlamano eohle ea mekgoa mosebetsing oa tšokoloho; empa tsena ha se tse mo pakang ho se sokolohe. Kreste O itse ho Nikodema: Moea o fokela moo a ratang teng, ‘me u utloa modumo oa oona empa ha u tsebe moo o tsoang teng le moo o eang teng.KHK 45.2

    “Ho joalo le ho bohle ba tsoetsoeng ke Moea.” (Johanne 3:8.) Joaleka ha Moea o sa bonoe, athe diketso tsa oona di bonala hantle le ho utloala, ho joalo le Moea oa Modimo dipelong tsa batho. Matla ao a pako, a leihlo la motho le sitoang ho a bona, a hlahisa bophelo bo bocha moeeng; a bopa sebopuoa se secha se tšoanang le Modimo.KHK 45.3

    Leha mosebetsi oa Moea o kgutsitse o sa bonahale, diketso tsa oona dia bona’la. Ha pelo e nchafaditsoe ke Moea oa Modimo, bophelo bo tla pakela ketso eo. Ha re sitoa ho fetola pelo tsa rona; kapa ho ikopanya le Modimo — ha re sa itšepe le hanyenyane, le ha e le mesebetsi ea rona e metle, bophelo ba rona bo tla paka, ha e ba mohau oa Modimo o ahile ka ho rona. Phetoho e tla bonahala bophelong ba rona, mekgoeng le diphehellong.KHK 45.4

    Boikgethelo bo tla bonala hantle ba seo re bileng sona le seo ba leng sona.KHK 45.5

    Sebopeho se bonahatsoa, e seng ke diketso tse molemo tse atisang ho bonahala kapa tse mpe, empa ke ka modumo oa sebopeho sa mantsoe le diketso.KHK 45.6

    Ke ‘nete, ho ka ba le ho loka ho kantle ha mokgoa, kanthe ha ho nchafatso ea matla a Kreste. Lerato le bonahalang, le takatso ea ho hlompha ba bang, di ka bona’tsa bophelo bo lokileng. Boithati mohl’ omong bo ka re tšabisa bobe.KHK 45.7

    Pelo e ithatang e ka hlahisa mesebetsi e metle. ‘Me re tla tseba joang ha ho le joalo moo re emeng teng?KHK 45.8

    Pelo e matsohong a mang? Mehopolo ea rona e ho mang? Re rata ho qoqa ka tsa mang? Ke mang ea nang le maikutlo a lerato la rona, le boikutlo ba sebele ba rona na? Ha re le ba Kreste, mehopolo ea rona e ho Eena, ‘me menahano e re natefelang ke ea Hae. Hohle hoo re nang le hona, re leng hona, ho kgethetsoe Eena. Re hlolohetsoe ho apara sebopeho sa Hae, le phufumolo ea Hae, ho etsa thato ea Hae, ho Mo kgahlisa nthong tsohle.KHK 45.9

    Ba fetohang babopuoa ba bacha ho Kreste ba hlahisa ditholoana tsa Moea, “Lerato, thabo, kgotso, sebete, bonolo, molemo, tumelo, mosa, boitšoaro.”KHK 46.1

    Ba ke ke ba hlola ba ipapisa, le ditakatso tsa pele, empa ka tumelo ho Mor’a Modimo ba latela mehlala ea Hae, ‘me ba itlhoekisa joaleka ha A hloekile, ba rata tseo ba kileng ba di hloea.KHK 46.2

    Boikgohomoso le boikemelo bo fetohe bonolo le boikokobetso ba pelo. Boiketeko le ho itseba di fetohe masoabi le ho seitšepe.KHK 46.3

    Matahoa a e a lese ho noa, bakgopo ba hloeke. Mekgoa ea lefeela le tse qapuoang tsa lefatše di lahloe.KHK 46.4

    “Ba-Kreste ha ba batle kgahliso e kantle,” empa e le motho “ea ka sephiring, e leng oa pelo,” e leng ea sa senyeheng, e leng kgabo ea moea o mosa o bonolo.” (1 Pet. 3 : 3, 4.)KHK 46.5

    Ha ho se phetoho ha ho bopaki ba tumelo ea ‘nete. Ha moetsadibe a kgutlisa tebeletso, a busetsa seo a se utsoitseng, a ipolela dibe, a rata Modimo le bahabo, a ke a tsebe hoba o tlohile lefung ho kena bophelong.KHK 46.6

    Ha re ne re le ntho tse hlahlathang tse ditšila, ra tla ho Jesu, ‘me ra fetoha ba nang le kabelo mohaung oa tšoarelo, lerato la itlhahisa pelong, phahlo eohle ea eba bobebe; hobane joko e boshoang ke Jesu e chatsi. Mosebetsi o fetoha thabo, ‘me boitelo bofetohe nyakallo. Tsela e neng e aparetsoe ke lefifi e kganye ka mahlasedi a tsoang letsatsing la holoka.KHK 46.7

    Ho rateha ha sebopeho sa Kreste ho bonoa ho balatedi ba Hae. Ebile thabo ea Hae ho etsa thato ea Modimo. Lerato ho Modimo, chesehelo ea kganya ea Oona, ebile oona matla a busang bophelo ba moloki. Lerato le ne le kgabisitse le phahamisitse diketso tsohle tsa Hae. Lerato ke la Modimo.KHK 46.8

    Pelo e sa kgetheloang Modimo e ke ke ea le hlahisa. Le fumanoa feela pelong e busoang ke Jesu. “Rea Mo rata hobane O re ratile pele.” (1 Johanne 4 : 19, R.V.) Pelong e nchafaditsoeng ke mohau oa Modimo, lerato ke oona mosebetsi oa sehloho. Le fetola sebopeho, le busa mehopolo, le hlole maikutlo, le fedise hloeano, ‘me le phahamise diketso. Lerato lena ha le hodisitsoe ka moeeng, le natefisa bophelo, ‘me le kgaphaletsa tsohle tse molemo ho bohle ba ka mathoko.KHK 46.9

    Ho na le phoso tse pedi tseo bana ba Modimo, haholo e leng ba sa tsoang ho kena tšepong ea, mohau oa Modimo ba tsoanetseng ho iponela ho tsona. Ea pele eo re seng re e boletse, ke ea ho tadima mesibetsi ea bona, ho tšepa diketso tsa bona, tseo ba ka di etsang ho ba fumantša kopano le Modimo. Ea lekang ho ikgalaletsa ka mesebetse ea hae ea ho boloka molao, o ikgathaletsa ho ke keng ha etsoa.KHK 46.10

    Hohle hoo motho a ho etsang kantle ho Kreste, ho silafetse, ke boitšepo le sebe.KHK 47.1

    Ke mohau oa Kreste feela, ka tumelo o ka re halaletsang.KHK 47.2

    Phoso engoe e nang le kotsi kantle ho tseo, ke ea hore, ho dumela ho Kreste ho lokolotse batho molaong oa Modimo; ka tumelo re fetoha ba nang le kabelo mohaung oa Kreste, mesebetsi ea rona ha e na taba polokong ea rona. Empa, lemohang mona hoba kutlo ha se taba ea kantle feela, empa ke mosebetsi oa lerato. Molao oa Modimo e hlile ke hlaloso ea seo A leng sona; ke kopano ea lerato la sebele, hape ke mohlodi oa ‘muso oa Oona lehodimong le lefatšeng. Ha dipelo tsa rona di nchafaditsoe sebopehong sa Modimo, ha lerato la Modimo le hlomiloe moeeng, na molao oa Modimo o ke ke oa phetheha bophelong ba rona na? Ha sebele sa lerato se hlomiloe pelong, ha motho a nchafaleditsoe sebopehong sa Ea ‘mopileng, pallo ea selekane se secha e phethehile, “Ke tla kenya melao ea ka dipelong tsa bona, ‘me ke tla e ngola mehopolong ea bona.” (ba-Heb. 10 : 16.) ‘Me ha molao o ngotsoe pelong, na o ke ke oa lokisa bophelo na? Kutlo mosebetsi le boinehelo ba lerato, ke pontšo ea sebele ea borutuoa.KHK 47.3

    Ka hoo lengolo le re: Ke hona ho rata Modimo, ha re boloka melao ea Oona.” “Ea reng: Kea Mo tsebe, empa a sa boloke ditaelo tsa Oona, o leshano, ‘me ‘nete ha e eo ho eena.” (Johanne 5:3; 2:4.) Bakeng sa ho lopolla motho kutlong, ke tumelo, tumelo feela e re neang kabelo mohaung oa Kreste, e re fang matla ho bonahatsa kutlo. Ha re rue poloko ka kutlo ea rona; poloko ke mpho feela ea Modimo, e amoheloang ka tumelo, empa kutlo ke tholoana ea tumelo.KHK 47.4

    “Lea tseba, O hlahile hore A tlose dibe tsa rona, ‘me ha ho sebe ho Eena. E mong le e mong ea etsang sebe ha a ka a ‘mona, le hona ha a ka a Mo tseba.” (1 Johanne 3:5, 6.)KHK 47.5

    Ho-loka ha nete ke hona, ha re dula ho Kreste, ha lerato la Modimo le dula he rona, mehopolo ea rona, merero ea rona, diketso tsa rona di tla ba ha ‘moho le thato ea Modimo, joaleka ha e hlalosoa ditaelong tsa molao oa Oona o halalelang. “Bana ba ka ba banyenyane, le se ke la thetsoa ke motho, ea etsang ho lokileng ke ea lokileng, joaleka ha le Eena A lokile.” (1 Johanne 3:7.) Holoka ho phethehile tokisong ea molao o halalelang oa Modimo, joaleka ha ho boletsoe ditaelong tse leshome, tse boletsoeng Sinai.KHK 47.6

    Tumelo e joalo ho Kreste, e ipolelang ho lokolla batho boitlamong ba kutlo ho Modimo, ha se tumelo ke boithetso. “Le bolokoa ka mohau ka tumelo.” “Empa tumelo ha e se na mesebetsi e shoele.” (ba Efe. 2:8; Jak. 2 : 17.)KHK 48.1

    Jesu ha A ipolela A es’o tie lefatšeng O re: “Ke rata ho etsa thato ea hao oho Modimo oa ka. E, molao oa Hao o ngodiloe pelong ea ka.” (Pes. 40 : 8.) ‘Me A es’o nyolohele lehodimong O re: “Ke bolokile melao ea Ntate, ‘me ke dutse leratong la Hae.” (Johanne 15 : 10.) Mangolo a re: Ha re tla tseba hoba rea mo tseba, ke ha re boloka melao ea Hae. . . . Ea reng o dutse ho Eena o tšoanetse ho tsamaea joaleka ha le Eena A tsamaile.” (1 Johanne 2 : 3-6.) “Hobane Kreste le Eena o utloile bohloko ka baka la rona, O re sietse mehlala hore re hate mehlaleng ea Hae.” (1 Pet. 2 : 21.) Mokgoa oa bophelo bo sa feleng e hlile e ntse e le oo e’nileng ea eba oona, o ‘nileng oa eba Paradeising, kapele ho ho oa ha baholoholo ba rona, kutlo e phethehileng, ea molao oa Modimo, holoka ho phethehileng. Hoja bophelo bo sa feleng re ne re ka bo neoa tsena di le sieo, thabo ea lefatše lohle e ne e tla ba kotsing.KHK 48.2

    Sebe e ne e tla ba se buletsoe menyako, le dithuto tsohle tsa matšabeho a sona, hore di se ke tsa eshoa.KHK 48.3

    Ho no ho le bonolo ho Adama ha a es’o oe, ho hlahisa mosebetsi o lokileng ka kutlo ea molao oa Modimo. Empa tsena di mo hlotse, ‘me ka sebe sa hae botho ba rona bo oele, ‘me ha re na ho itokafatsa e le rona. Erekaha re le baetsadibe, re se na kgalalelo, re ka sitoa ho bolokisisa molao o halalelang. Ha re na holoka hoo e leng ha rona, hoo re ka phethang molao oa Modimo ka hona. Empa Kreste o re etseditse tsela ea ho phonyoha. O phetse lefatšeng har’a meleko le dikgopiso tsetšoanang le tsa rona. O phetse A se na sebe. O re shoetse, ‘me joale O jere dibe tsa rona, le ho re nea holoka ha Hae.KHK 48.4

    Ha le ineela Eena, le Mo amohela hore e be Mopholosi oa lona, leha le ka ba ditšila ka moo bophelo ba lona bo nong j bo ka ba ka teng, ka baka la Hae le balloa holoka.KHK 48.5

    Sebopeho sa Kreste se eme bakeng sa sa lona, ‘me le amoheloa ke Modimo joaleka ha eka ha le baetsadibe. Hofeta moo Kreste o fetola pelo, ka tumelo o dula pelong tsa lona. Kopano ena le ka e etsa le Kreste ka tumelo, le boinehelo ba kamehla ba thato ea lona ho Eena; ‘me ha le etsa tsena o tla sebetsa ka ho lona ho rata le ho etsa thato ea Hae e molemo. Ha ho le joalo le ka hla la re: “Bophelo boo ke bo phelang joale nameng, ke phela ka tumelo ho mor’a Modimo, ea nthatileng, a ba A ineela bakeng sa ka.” (ba Gal. 2 : 20.) Ke moo Jesu A itseng ho barutuoa ba Hae: “Ha se lona ba buoang empa ke Moea oa Ntat’a lona o buoang ka ho lona.” (Matth. 10 : 20.)KHK 48.6

    Joale ha Kreste A sebetsa ka ho lona, le tla bonahatsa oona Moea oo, ‘me le etse eona mesebetsi eo, e leng mesebetsi ea holoka, ea kutlo. Ha ho le joalo ha re na seo re ka ithorisang ka sona, ha re na sebaka sa ho iphahamisa.KHK 49.1

    Sebaka sa rona sa tšepo se holokeng ha Kreste feela, ho baletsoeng rona, ho hlahisitsoeng ke Moea oa Hae o sebetsang ka ho rona le ka rona. Ha re buoa ka tsa tumelo, ho na le ntho e ikgethileng, e tšoanetseng ho lemohuoa. Ho na le mofuta oa kgolo engoe, e hlileng e ikgethang ho tumelo.KHK 49.2

    Bohloleho, le ho ba teng ha Modimo, bo’nete ba lentsoe la oona, ke mesebetsi eo esitang le Satane, le makgotla a hae a ke keng a di latola ka pelo. Bibele e re.KHK 49.3

    Le bona bademona ba dumela, ‘me ba thothomela. (Jak. 2 : 19.) Empa ena ha se tumelo. Moo ho seng ho kgoloa feela lentsoeng la Modimo empa e leng boinehelo ba thato ho Eena; moo pelo e neetsoeng Eena, maikutlo a beiloeng ho Eena, eba ho na le tumelo, tumelo e sebetsang ka lerato, ‘me a hloekise moea. Ka tumelo ena pelo e nchafaletsoa setšoantšong sa Modimo. ‘Me pelo e neng e sitoa ho ipea katlas’a molao oa Modimo ha e s’o nchafatsoe, le ho sitoa e neng e sitoa, joale e ithabela ditaelong tsa Oona tse halalelang, ‘me e hooa joale ka moPesaleme e re? Molao oa Hao ke o rata hakak’ang! Ke o nahana tsatsi lohle.” (Pes. 119 : 97.) ‘Me holoka ha molao ho phethetsoe ho rona, “bao re sa tsamaeng ka nama, empa re tsamaea ka Moea.” (ba Roma 8:1.)KHK 49.4

    Ba bang ke ba tsebileng tšoarelo ea lerato la Kreste, ba lakatsa ruri ho ba bana ba Modimo; leha ho le joalo ba utloa hoba sebopeho sa bona ha sea phetheha, bophelo ba bona ha boa loka, ‘me ba hlaheloe ke pelaelo ea hore pelo tsa bona ha dia ka tsa nchafatsoa ke Moea o halalelang.KHK 49.5

    Ho ba joalo nka re: Se keng la ipelaetsa la sutha ka santhoa. Re tšoanetse ho ‘na re inama ka dillo maotong a Jesu ka baka la ho haelloa ha rona, diphoso tsa rona. Empa re se ke ra kgathala. Leha mohl’omong re ka ba ra hloloa ke sera, ha rea lahloa, kapa ho teloa, leha e le ho lelekoa ke Modimo. Che, Kreste o letsohong le letona la Modimo, e leng Eena Ea re etseditseng kopano. Moratuoa Johanne o re: “Ke le ngolla tsena hore le se ke la etsa sebe, ‘me ha emong a ka etsa sebe, re na le Moemedi ho Ntate, ke Jesu Kreste ea lokieng.” (1 Johanne 2:1.) ‘Me le se ke la lebala mantsoe a Kreste: “Ntate ka sebele sa Hae oa le rata.” (Johanne 16 : 27.) O rata ho le busetsa ho Eena, hore A bone hloeko ea Hae, le kgalalelo di topetse ho lona. Feela ha le ka dumela ho inehela ho Eena, Eena Ea qadileng ka ho lona mosebetsi o mo lemo, O tla o ntšetsa pele ho fihlela letsatsing la Jesu Kreste.KHK 49.6

    Rapelang ka cheseho, dumedisisang, ha e le mona re belaela ka matla a rona, a re tšepeng matla a Molopolli oa rona, ‘me re tla rorisa Eena eo e leng ponahalo ea bophelo ba rona. Ha le ntse le atamela ho Jesu, le tla ‘ne le ipone ka hofetisisa kamoo le leng babe kateng; hobane ponahalo ea lona e tla kganya haholo, me ho-se-loke ha lona ho tla bona’la hantle, ha ho bapisoa le sebopeho sa hloeko ea Hae. Tsena ke bopaki ba hore dithetso tsa Satane di hlokile matla; ha matla a nchafatso ea Moea oa Modimo a le tsositse. Pelo e sa ikutloisiseng bobe ba eona e ka sitoa ho ba le lerato le tiileng ho Jesu. Pelo e fetotsoeng ke mohau oa Kreste, e tla ‘ne e makale ke matla a bo-Modimo ba Hae, empa ha re sa bone bobe ba bophelo ba rona, ke bopaki bo senang pelaelo ba hore ha re eso bonts’ise bokgabane le holoka ha Kreste. Ha re ntse re nyenyefalloa ke ho ithorisa, eba re bontšisa ka hofetisa ho tlotlisa hloeko e phahameng, le ho rateha ha ‘Moloki.KHK 50.1

    Ho ipona bobe ha rona ho re kgannela ho Eena ea tšoarelang, ‘me moea o fokolang ha o ikelelloa o itemoha, me o ikisa ho Kreste, O tla ipontša matla a Hae, Ha maikutlo a ho hloka ha rona a re kgannela ho Eena, le ho lentsoe la Modimo, le pono ea rona e tla ‘ne e phahame ho bontšisa matla a Hae, ‘me ke moo sebopeho sa Hae se tla topela la ho rona ka hofetisisa.KHK 50.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents