Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    8. HO HOLA HO KRESTE

    Phetoho ea pelo e re fetolang bana ba Modimo, Bibeleng e bitsoa tsoalo. Hape e tšoantšoa le ho fupuha ha peo e ntle e jetsoeng ke mong a tšimo. Ka mokgoa o joalo ba so kolohetseng bocha ho Kreste ba joaleka “masea a tsoang ho hlaha,” ba tšoanetse “ho hola” (1 Pet. 2:2; baEfe. 4 : 15.) ba fihle seemong sa banna le basadi ho Jesu Kreste.KHK 51.1

    Kapa joaleka peo e ntle e lemiloeng tšimong, ba tšoanetse ho hola ba bee ditho loana. Esaia o re: “Ba tla bitsoa difate tsa holoka, lehlomela la Jehova, le tlang ho mo tlotlisa.” (Esa. 61 : 3.)KHK 51.2

    Joale he re tšoantšetsoa ka tsa bophelo bona, ho re thusa hore re utloisise di’nete tse kgolo tsa bophelo ba moea. Bohlale bohle, le masene a motho ha di na ho hlahisa bophelo leha e le ka nthoana e nyenyane ea hlaho. Feela ke ka bophelo boo Modimo ka sebele sa Hae A ileng A bo fana hore 9etlana kapa phoofolo e phele. Ha ho le joalo, ke ka bophelo bo tsoang ho Modimo feela bophelo ba moea bo hlahang pelong tsa batho.KHK 51.3

    Ha motho a sa “tsoaloe ke lehodimo” (Johanne 3 : 3), a ke ke a ba le kabelo bophelong boo Kreste A bo tlisitseng.KHK 51.4

    Kamoo bophelo bo leng kateng, le ho mela ho joalo. Ke Modimo O fupusang palesa, le palesa e etse tholoana.KHK 51.5

    Ke ka matla a Hae peo e atlehang, “pele ebe lekgaba, ent’o ba moduleng.” (Mareka 4 : 28) ‘Me moprofeta Hosea ka Iseraele o re: “O tla mela joaleka dikgahla.” “Ba tla teta joaleka koro, ‘me ba mele joaleka morara.” (Hos. 14: 5, 7.) ‘Me Jesu O re, re “bone dikgahla kamo di melang. (Luka 12 : 27.)KHK 51.6

    Dimela le dipalesa ha di imedise ka thato ea tsona le ka matla a tsona, empa ke ka ho amohela ho seo Modimo O se lokisitseng ho sebeletsa bophelo ba tsona.KHK 51.7

    Ngoana a ke ke a ba a eketsa kgolo ea hae ka takatso kapa ka matla a hae. Leha e le lona le ka sitoa ka takatso le ka matla a lona ho fumana kgolo ea moea.KHK 51.8

    Sethopo, ngoana, tseo di hodisoa ke ho amohela, ho tse di dikadikeditseng tse sebetsang bophelo ba tsona, moea letsatsi le dijo.KHK 51.9

    Seo dimpho tsena tsa hlaho di leng sona ho diphoofolo le ho dimela, ke seo Kreste A leng sona ho ba mo tšepang.KHK 51.10

    Ke Lesedi la “bosafeleng la bona.” (Esa. 60 : 19; Pes. 84 : 11.)KHK 53.1

    “O tla ba joale ka phoka Iseraele.” “O tla theohela joaleka pula hodim’a joang ba mosuhela..’ (Hos 14 : 5; Pes. 72 : 6.)KHK 53.2

    Ke Eena metsi a bophelo, bohobe ba Modimo ... bo theohileng lehodimong, ‘me bo nea lefatše bophelo.” (Johanne 6 : 33.)KHK 53.3

    Mphong e sa lekangoeng ea Mor’a Hae Modimo O akareditse lefatše lohle mouane oa mohau, joaleka mouane oa lefatše ha o kgurumeditse naha.KHK 53.4

    Bohle ba ikgethelang ho phefumoloha mouane ona o neang bophelo, ba tla pholoha, ba fihle bonneng le bosading ho Jesu Kreste.KHK 53.5

    Joaleka palesa ha e retelehela letsatsing hore mahlasedi a kanyang a lona a thuse ho ntlafatsa bokgabane ba eona, le mangoerere a eona. Ho joalo, le rona re tšoanetse ho tadima letsatsi la holoka, hore kganya ea lehodimo e re kganyetse, hore bophelo ba rona bo tsoele pele setšoantšong sa Kreste.KHK 53.6

    Jesu o re ruta tsona tseo ha A re: “Dulang ho ‘Na, le ‘Na ho lona. Joaleka lekala le ke keng la bea le notši ha le sa kgomorele sefate, ho joalo le lona ha le sa dule ho ‘Na . . . ka ntle ho ‘Na le ke ke la etsa letho.” (Johanne 15 : 4, 5.)KHK 53.7

    Le lona le hlile le joalo ho Kreste, ha le tla phela bophelo bo halalelang, joaleka lona lekala sefateng ha le tla mela le bee ditholoana. Le ka ba joaleka difate tse metseng dikeleding tsa metsi.KHK 53.8

    Ba bangata ba na le kgopolo ea hore ba tšoanetse ho etsa sekoto sa mosebetsi oo ba ‘notši. Ba ne ba tšepile Kreste ho ba tšoarela dibe, joale ba ipatlela holoka ka matla a bona, empa boikgathatso bo joalo bo tla hloloa. Jesu O re: “Ha ese ka ‘Na le ke ke la etsa letho.” Ho hola ha rona mohaung, thabo ea rona, molemo oa rona, tsohle di hlaha ka ho ba le kopano le Kreste. Ke ka ho kopana le eena ka matsatsi le ka dinako tsohle, ke ka ho dula ho Eena — re nang le ho hola mohaung. Ha se Moqadi feela, empa ke Mophethi oa tumelo ea rona. Ke Kreste e leng oa pele, oa qetello le oa kamehla. O tla ba le rona, eseng qalong feela le qetellong ea bophelo ba rona, empa bohatong bohle ba bophelo ba rona.KHK 53.9

    Davida o re: Ke beile Morena kamehla pel’a ka; hobane O letsohong la ka le letona. Nke ke ka sisinyeha.” (Pes 16 : 8.)KHK 53.10

    Hleka u botsa hore: “Na nka dula joang ho Kreste?” Joaleka ha u mo amohetsa qalong. “Joaleka ha le amohetse Morena Jesu Kreste, tsamaeang joalo ho Eena.” Ea lokileng o tla phela ka tumelo.” (ba-Kol. 2:6; Ba-Heb. 10 : 38.)KHK 53.11

    U ineile Modimo, ho ba oa Hae kahohle, ho Mo sebeletsa le ho Mo utloa, ‘me u amohetse Kreste ho ba ‘Moloki oa hao, u no u ka sitoa ho ipholosa e le uena dibeng tsa hao, kapa ho fetola pelo ea hao; empa ha u ineile Modimo, u kgotsoe hore Eena ka baka la Kreste O u etseditse hona hohle. Ka tumelo u fetoha oa Kreste, ‘me ka tumelo u tšoanetse ho hola ho Eena —ka ho nea le ka ho amohela. U tšoanetse ho neela hohle— pelo ea hao, thato ea hao, tšebetso ea hao—ineele Eena ho utloa thato eohle ea Hae; me u tšoanetse ho amohela tsohle— Kreste, botlalo ba mahlohonolo ohle ho dule pelong ea hao, e be matla a hao, holoka ha hao, Mothusi oa kamehla, ho u nea matla a kutlo.KHK 54.1

    Ipee ho Modimo ha u tsoha; ehle e be mosebetsi oa hao oa pele.KHK 54.2

    Thapelo ea hao ebe hore; Oho Modimo, nkamohele, ke be oa hao kahohle.KHK 54.3

    Ke bea merero eohle ea ka maotong a Hao. Sebetsa ka ‘na kajeno. Dula le ‘na mesibetsing ea ka eohle e etsetsoe uena.”KHK 54.4

    Hona ke mosebetsi oa kamehla. Hoseng ha tsatsi le leng le le leng u ineele Modimo bakeng sa tsatsi leo. U neele merero eohle ea hao ho Eena hore e phethoe, kapa e lesoe kamoo paballo ea Hae e ka kgethang.KHK 54.5

    Ka baka leo ka tsatsi le leng le le leng u ‘no bee bophelo ba hao matsohong a Modimo, ‘me ka hoo bophelo ba hao bo tla ‘ne bo eketse ho bopeloa ho ba Kreste.KHK 54.6

    Ho phela ho Kreste ho na le phomolo. Leha ho ke ke ha utloa’la hantle, empa ekakgona ho be le tšepo ea kgotso e sa tloheng, Tsepo ea lona ha e ho lona, e ho Kreste.KHK 54.7

    Phokolo ea lona e kopane matleng a Hae, bothoto ba lona bohlaleng ba Hae, bokgabaneng, phethehong ea mosebetsi oa Hae. Kreste boitelong ba Hae, Kreste boikokobetsong ba Hae. Kreste hloekong ea Hae, kgalalelong ea Hae. Kreste leratong la Hae le senang tekanyo,—ke oona mosebetsi o tšoanetseng ho nahanoa ke moea. Ke ka ho Mo rata, ho Mo etsisa, ho tšepa Eena feela le ka fetohelang sebopehong sa Hae.KHK 54.8

    Jesu O re: “Dulang ho ‘Na.” Mantsoe ana a nahantša tsa phomolo, phetheho, tšepo. Hape oa mema: “Tlong ho ‘Na. . . ‘me ke tla lefa phomolo.” (Matth. 11 : 28, 29.)KHK 54.9

    Mantsoe a mo-Pesaleme, a hlahisa eona kgopolo eo: U iphomolela ho Jehova u kgutsitse, ‘me u itšepise ka Eena.” ‘Me Esaia o nea tšepiso o re: “Matla a lona a tla boitulelong le tšepong.” (Pes. 37 : 7; Esa. 30 : 15.)KHK 54.10

    Phomolo ena ha e, fumanoe maseneng; hobane pitsong ea ’Moloki pallo ea phomolo e kopane le ho biletšoa mosebetsi: “Inkeleng joko ea ka, ... ‘me le tla fumana phomolo.” (Matth. 11 : 28, 29.) Pelo e dutseng ka ho tlala ho Kreste, ke eona e tla ba mafolofolo le masene ho mo sebeletsa.KHK 54.11

    Mohopolo o itšepileng, eba o lahlile Kreste, Mohlodi oa matla le bophelo. Ke hona moo Satane hangata a lekang ho kgelosa mehopolo ho ‘Moloki, ka hoo a hlokise kopano le setsoalle sa moea le Kreste. Menyaka ea lefatše hlokomelo tsa bophelo, le ho tsieleha, le mahlomola le melato ea ba bang, kapa melato ea hao le hoseloke ho e ngoe ea tsona kapa ho tsona kaofela o tla leka ho kgelosa mehopolo. Le se ke la kgelosoa ke tsa hae.KHK 55.1

    Ba bangata ba mehopolo e lokileng ba lakatsang ho phelela Modimo, ha ngata o ntse a ba kgelosa hore ba nahane melato le mefokolo ea bona, ‘me ha a ba kgelosa ho Kreste o tšepa hore o tla ba hlola. Ha rea tšoanela ho bea boithato pele, le ho dumella tšabo ea hore, na ekaba ke tla bolokeha.KHK 55.2

    Tsohle tšena di kgelosa mehopolo ho mohlodi oa matla a rona.KHK 55.3

    Bea poloko ea moea oa hao ho Modimo, u Mo tšepe. Buoa, nahana Jesu.KHK 55.4

    Boitšepo a bo nyamelle ho Eena. Lehla dipelaelo tsohle, kgaohana le ditšabo tsa hao. Bolela joaleka moapostola Pauluse: “Kea phela empa eseng-na, ke Kreste ea phelang ka ho ‘na; bophelo boo ke bo phelang nameng joale; ke iphelela tumelong ho Mor’a Modimo Ea nthatileng, A ba A itella ‘na,” (ba-Gal. 2 : 20.) dula ho Modimo. O na le matla ho boloka tseo u di tšepetseng ho Eena. Ha u ka ipee matsohong a Hae, O tla u etsa ea fetang mohlodi ka baka la Ea u ratileng.KHK 55.5

    Ha Kreste A inkela botho, O tlameletse batho ho Eena, ka tlamo ea lerato e ke keng eaba ea kgaoloa ke matla afe le afe, ha e se ka ho ithatela ha motho. Satane o tla ‘ne a hlahise dikgohelo, ho etsa hore re be re kgaole tlamo eo,—re ikarole ho Kreste, ke moo re tšoanetseng ho fadimeha, re tie, re rapele, hore ho se be letho le ka re hohellang ho morena osele, hobane re ntse re lokolohile ho di etsa tsena. Empa a re tsepamiseng mahlo a rōna ho Kreste, ‘me O tla re boloka.KHK 55.6

    Ha re tadima ho Jesu re pholohile. Ha ho letho le ka re utlang letsohong la Hae. Ha re ntse re mo tadimile, “re fetohela setšoantsong se le seng ka kganya e isang kganyeng, e leng ka Moea oa Morena.” (2 baKor. 3 : 18.)KHK 55.7

    Ke ka hoo barutuoa ba pele ba fumaneng ho tšoana le ‘Moloki ea ratehang. Barutuoa bao ha ba ne ba utloa lentsoe la Jesu ba ne ba utloisisa hoba b’a Mo hloka. Ba batla, ba fumana, ‘me ba Mo latela. Ba ne ba ena le Eena ka tlung, tafoleng, phaposing, naheng. Ba bile le Eena joaleka barutuoa le moruti oa bona, ba amohela kamehla molomong oa hae tsa ‘nete e halalelang.KHK 55.8

    Ba Mo tadima e le bahlanka ho mong a bona, ho ithuta tšoanelo ea bona. Barutuoa bao e ne e le batho “ba ikutloang nthong tsohle joaleka rona.” (Jak. 5 : 17.) Ba ne ba loantša ntoa ea rona ea dibe; ba ne ba hloka mohau oo re o hlokang, hore ba tie ba phele bophelo ba kgalalelo.KHK 56.1

    Le eena Johanne morutuoa ea ratoang, e leng ea neng a hlile a kgothaletse setšoantšo sa Moloki, ha a ka a hlaha a ena le sebopeho seo se ratehang. E ne e se seithati se ratang ho hlomphuoa feela, empa o na a le mafolofolo, a halefa, ‘me a kgoboheloa ho ka hlahisa bobe. Empa ere kaha sebopeho sa Ea phahameng se kile sa senoloa ho eena, a bona phokolo ea hae, ‘me boitsebo boo ba mo kokobetsa. Bonatla le sebete, matla le bonolo, hlompheho le bopelonolo, tseo a di boneng kamehla bophelong ba Mor’a Modimo, tsa tlatsa moea oa hae ka makalo le lerato. Ka tsatsi le leng le le leng pelo ea hae ea ‘na ea hulehela ho Kreste, ho fihlela a lahleheloa ke boeena ka ho rata Mong a hae. Sebopeho sa kgalefo ea hae se mafolofolo sa nyamela, matleng a fetolang a Kreste.KHK 56.2

    Tšebetso e fetolang, ea Moea o halalelang ea nchafatsa pelo ea hae. Matla a lerato la Kreste a hlahisa phetoho ea sebopeho. Hona ke ponahalo ea sebele ea kopano le Jesu. Ha Kreste A dula pelong sebopeho sohle sea fetoha. Lerato la Kreste, Moea oa Hae, di nolofatsa pelo, di hlola moea, ‘me di phahamisetse mehopolo ho Modimo le ho lehodimo. Ea neng A bua tsa tšepo le tsa matšediso dipelong tsa bona, eare lentsoe la boqosa le kgotso le sa le molomong, oa hae.KHK 56.3

    Ha Kreste A nyolohela lehodimong kgopolo ea ponahalo ea Hae e ne e santse e le ho balatedi ba Hae. E ne e le ponahalo ea botho, e tletseng lerato le kganya.KHK 56.4

    Jesu ‘Moloki, Ea neng A tsamaea a buoa, a rapela le bona, A tlosoa ho bona A nkeloa lehodimong me modumo oa lentsoe la hae oa kgutlela ho bona, ha leru la mangeloi le mo amohela —“Bonang, ‘Na ke na le lona kamehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.” (Matth. 28 : 20) O nyolohetse lehodimong ka sebopeho sa motho. Ba tsebile hoba O pel’a terone ea Modimo, e sa le motsoalle le Moloki oa bona; le hore ho utloelana bohloko ha Hae le bona ha ho fetohe; hore O sa ntse A kopane le batho mahlomoleng a bona. Dipelong tsa bana ba Hae ka Moea o Halalelang.KHK 56.5

    Har’a makgotla a kganya matsoho a Hae a maqeba, lehlakore le Hae le hlabiloeng, maoto a Hae a tabotsoeng, a ntse a emela leloko le oeleng, di pakile lerato leo A bileng le lona ho balopolloa ba Hae. Ba tsebile hore O nyolohetse lehodimong ho ba lokisetsa ditulo, le ho boela A kgutla A ba nkela ho Eena. Eitse ha ba kopana kamora nyololo, ba chesehela ho hlahisa dikopo tsa bona ho Ntate ka lebitso la Jesu. Ka hlompho le ka tšabo, ba inama ho rapela, ba pheta ditšepiso tsena:KHK 57.1

    “Tsohle tseo le ka di qelang ho Ntate ka lebitso la ka O tla le fa tsona. Ho fihlela joale ha le es’o kope letho ka lebitso la ka, kopang ‘me la tla fuoa, hore thabo ea lona e tlale.” (1 Johanne 16 : 23, 24.) Ba ‘na ba phahamisa letsoho la tumelo ho ea ho ile, ka dipolelo tse matla tsena.” Ke Kreste ea shoeleng A bileng a tsoha hape ke Eena ea leng ka letsohong le letona la Modimo, hape hape e sa le Eena ea re rapellang.” (ba Roma 8 : 34.)KHK 57.2

    Pentekonta ea ba tlisetsa ponahalo ea motšidisi eo Kreste A neng A e boletse a re: “O tla ba ka ho bona.” Hape O na re (Johanne 14 : 17; 16 : 7.) Ho tloha moo Kreste A ‘na A dula A itse: “Hoa le lokela hore ke ee; hobane ha ke sa ee, Motšidisi a ke ke a tla ho lona, empa ha ke eea ke tla mo romela ho lona.” KHK 57.3

    Kopano ea bona le Eena e ne e feta ea ha A ne A sa na le bona. Kganya le lerato tsa Kreste ea ka ho bona di ne di bonahala ho bona, ba ba bonang “ba ba ba makala; ‘me ba hla ba tseba hoba ke ba bileng le Jesu.” (Dike 4 : 13.)KHK 57.4

    Hohle hoo Kreste A bileng hona ho barutuoa ba Hae ba pele, O rata ho ba hona le ho bana ba Hae kajeno; hobane thapelong ea Hae ea qetello le sehlotšoana se mo teetseng hare sa barutuoa O itse; “Ha ke rapelle bana feela empa le ba tla dumela ho ‘Na ka polelo ea bona.” (Johanne 17 : 20.)KHK 57.5

    Jesu O rapeletse, ‘me A kopa hore re be bang le Eena, joaleka ha A le mong le Ntate. A kopano e makatsang! Moloki ha A bolela tsa Hae O itse: “Mora A ke ke A etsa letho A ‘notši; “Ntate ea dutseng ho Eena ke Eena ea sebetsang.” (Johanne 5 : 19; 14 : 10.) ‘Me ha Kreste A ahile dipelong tsa rona, O tla sebetsa ka ho rona ho rata le ho etsa thato ea Hae e molemo.” (ba-Kol. 2 : 13.) Re tla sebetsa joaleka ha A sebeditse, re tla bonahatsa oona Moea ola. ‘Me ha re Mo rata, re dula ho Eena, re tla hola ho Eena nthong tsohle, Kreste e leng hloho.KHK 57.6

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents