Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    9. MOSEBETSI LE BOPHELO

    Modimo ke mohlodi oa bophelo le lesedi le thabo ho lefatše. Joaleka mahlasedi a lesedi a tsoang letsatsing, joaleka phororo tsa metsi tse phorosang di etsoa mohloding o tšikgunyang, le mahlohonolo a phorosetsa dibopuoa a etsoa ho Eena? Me hohle moo bophelo ba Modimo bo leng pelong tsa batho, bo phorosetsa ho ba bang ka lerato le ka lehlohonolo. Thabo ea ‘Moloki oa rona e bile phahamisong le topollong ea batho ba oeleng. Ka hoo ha A ka A ipaballela bophelo ba Hae, empa a tiisetsa sefapano, nyediso, dihlong. Ka hoo ha e sale mangeloi a ntse a sebeletsa thabo ea ba bang. Hoo ke thabo ea oona. Hoo ke hoo pelo tse ithatang di ka ho tadimang e le mosebetsi o nyatsehang, ho sebeletsa ba senyehileng, ba tlase mekgoeng ea bana le hlahong, hore e be mosebetsi oa mangeloi a se nang sebe.KHK 58.1

    Moea oa boitelo ba lerato la Kreste ke oona o sollang lehodimong, ke oona ntho e kgoolo ea thabo ea teng. Ke oona moea oo balatedi ba Kreste ba tla ba le oona, mosebetsi oo ba tlang ho o etsa, ha lerato la Kreste le babaletsoe pelong, joaleka menkoana e nkgang hamonate, ha le na ho patoa. Ponahalo e tšebetso ea lona e halalelang e tla utluoa ke bohle bao re teanang le bona.KHK 58.2

    Moea oa Kreste ka pelong o joaleka sediba se felleng se phorosang ho kgodisa bohle, hore ba leng makgatheng a ho shoa ba lakatse ho noa metsi a bophelo.KHK 58.3

    Ho rata Jesu ho tla bonahala takatsong ea ho rata mosebetsi joaleka ha Eena A sebeleditse phahamiso ea batho. Ho tla isa leratong, lerekong le kutloeloanong bohloko le dibopuoa tsa lerato la Ntata rona Ea mahodimong.KHK 58.4

    Bophelo ba ‘Moloki lefatšeng e ne e se bo bonolo, ba boithato, empa O tsamaile bothateng, ka matla a sa kgathaleng, ka baka la poloko ea ba timetseng.KHK 58.5

    Ho tloha sejelong ho ea Golgotha, A tšoara tsela ea boitelo, A se ke A batla ho thusoa bothateng, maetong a bohloko, ho felloeng ke matla le mosebetsing o thata A re: Mor’a motho ha a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa, le ho neela bophelo ba Hae ho ba topollo ea ba bangata.” (Matth. 20 : 28.) Ene e le eona taba e kgolo ea bophelo ba Hae, Tsohle tse ding e ne e le metlatso feela. Sejo sa Hae, le seno sa Hae, e ne e le ho etsa thato ea Modimo feela, le ho phetha mosebetsi oa Hae. Bo-Eena le boikgahliso di ne di se na sebaka mosebetsing oa Hae. Ka hoo hohle ba nang le kabelo mohaung oa Kreste ba tšoanetse ho itokisetsa boitelo, hore le ba bang bao A ba shoetseng ba be le kabelo neong ea lehodimo. Ba tšoanetse ho etsa hohle hoo ba ka ho etsang ho ntšetsa leftaše pele, ha ba santse ba le ho lona.KHK 58.6

    Moea o joalo ke pontšo ea ‘nete ea hore o sokolohile. Hang ha motho a etla ho Kreste, eba tsoalo e se e ba teng pelong ea hae, ea ho lakatsa ho tsebisa ba bang setsoalle sa bohlokoa seo a se fumaneng ho Jesu; ‘nete e pholosang, e halaletsang e ke ke ea ba ea koalloa pelong ea hae. Ha re apesitsoe ka holoka ha Kreste, ‘me re tletse thabo ea Moea oa Hae o kahare ho rona, re ke ke ra ba ra tseba ho kgutsa. Ha re se re latsoitse, re bone hoba Morena O molemo, re tla ba le seo re se bolelang. Joaleka Filipi mohla a fumaneng ‘Moloki, re tla biletsa ba bang ho Eena. Re tla batla ho ba hlahisetsa tse kgahlehang tsa Kreste, le di’nete tse sa bonoeng tsa lefatše le tlang. Ho tla hola takatso ea ho tsamaea tseleng e tsamailoeng ke Jesu. Ho tla ba le cheseho e mafolofolo ea hore ba re teetseng hare ba tadime “konyana ea Modimo e tlosang sebe sa lefatše.” (Johanne 1 : 29.)KHK 59.1

    ’Me phehello ea ho hlohonolofatsa ba bang e tla eketseha mahlohonolong a rona. Ebile thato ea Modimo ho re nea kabelo morerong oa poloko. O neile batho ho ba le kabelo ho tsa hloleho ea boModimo, ho nka kabelo ea ho tšollela mahlohonolo ho bahabo rona. Hona ke hlonepho e fitisisang, le thabo e kgolo, eo Modimo O bileng le ho e nea batho. Bao ka mokgoa o joalo ba nang le kabelo mesebetsing ea lerato, ba atameditsoe haufiufi le ‘Mopi oa bona.KHK 59.2

    Modimo O kabe O beile mosebetsi oa Evangedi, le mosebetsi ‘ohle oa tšebeletso ea lerato ho mangeloi a lehodimo. O kabe O ikgethetese mekgoa e meng ho phetha morero oa Hae. Empa leratong la bo Modimo ba Hae, A re kgetha hoba basebedisani le Eena le Kreste le mangeloi, hore re be le kabelo ea lehlohoolo, ea thabo, le phahamiso ea moea, tse hlahisoang ke tšebeletso e se nang boitšepo.KHK 59.3

    Re entsoe ba utloelanang le Kreste ka ho kopana le Eena mahlomoleng a Hae.KHK 59.4

    Ketso efe le efe ea ho itella ba bang, e matlafatsa moea oa ea e etsang e mo atametsa ka hofetisisa haufi le Moloki oa lefatše, “ea neng a ruile, empa A iketsa mofutsana hore ka baka la bofutsana ba Hae le ruoe.” ‘Me ke ha re phetha joalo thato ea Modimo ha bophelo bo tla re hlohonolofalla. Ha le ka sebetsa kamoo Kreste a ratang ha barutuoa ba Hae ba sebetsa, ‘me la Mo hapela meea, le tla ikutloa tšoanelo ea ho ba le kelello e fetisisang le tsebo e fetang ea tsa Modimo, ‘me le tla lapela le nyoreloe holoka. Le tla pakela Modimo, ‘me tumelo ea lona e tla matlafatsoa, me moea oa lona o tla noa madibeng a sediba sa poloko. Ho loantša bothata le meleko ho tla le kgannela Bibeleng le thapelong, le tla hola mohaung, le tsebong ea Kreste ‘me le tla ena ka kelello e kgolo.KHK 59.5

    Moea o sebeletsang ba bang ka boikokobetso o ba le matla, le ho tiea le ho rateha ho kang ha Kreste mosebetsing, o hlahisetsa mong a oona kgotso le thabo. Mefehelo e phahamisetsoe. Ha ho sebaka sa botsoa kapa sa ho ithata. Ka mokgoa o joalo ba ntšetsang mohau oa Kreste pele ba tla hola, me ba matlafale ho sebeletsa Modimo.KHK 60.1

    Ba tla ba le temoho e hloekileng ea moea, le tumelo e holang ka bokgabane, matla a thapelo a eketsehe. Moea oa Modimo o sollang hodim’a meea ea bona o ba tiišetsa dikopano tse tiileng tsa moea e leng karabo ea Ea phahameng.KHK 60.2

    Ba ineelang joalo mosebetsing oa ho itella ba bang, ruri ba sebeletsa poloko ea bona. Mokgoa o mong feela oa ho hola mohaung ke ho etsa ka lerato mosebetsing oo Kreste A re neileng oona ho o etsa re o etse ka matla ohle ao rea neiloeng, ho thusa le ho hlohonolofatsa ba hlokang thuso eo re ka ba etsetsang eona.KHK 60.3

    Matla a tsoa ho sebetseng. Mafolofolo ke oona mokgoa oa bophelo. Ba phehellang ho inkela bophelo ba boKreste ka ho nka mahlohonolo a tlang ka mokgoa oa mohau, ba mpa ba sa etsetse Kreste letho, ke ba lekang ho ja feela ba sa sebetse. ‘Me le ka tsa moea ho ntso ho le joaleka ho tsa lefatše la joale, tsena di ‘ne di suthelane, di tsofale. Motho ea ka hanang ho sebedisa ditho tsa hae, hang o tla felloa ke matla a ho di sebedisa. Ho joalo le ka moKreste ea hanang ho sebetsa, matla a hae ao a a fuoang ke Modimo, ha a hloke feela ho hola ho Kreste, empa o lahleheloa le ke matla ao a nang le oona.KHK 60.4

    Kereke ea Kreste ke mosebeletsi ea kgethiloeng ke Modimo bakeng sa poloko ea batho.KHK 60.5

    Mosebetsi oa eona ke ho isa Evangedi lefatšeng. ‘Me boitlamo boo, bo tlamile Bakreste bohle. E mong le e mong ho lekana le mpho eo a e filoeng le sebaka, o tšoanetse ho phetha taelo ea Mopholosi. Lerato la Kreste le banahaditsoe ho rona, le re entse molato ho bohle ba sa Mo tsebeng. Modimo O re neile lesedi, e seng hore e be la rona re ‘notši, empa e le hore le ba aparele. Hojane balatedi ba Kreste ba fadimehela ditsoanelo tsa bona, ho ka be ho ena le dikete moo ho nang le a le mong kajeno ho bolela Evangedi mafatšeng a bahedene. ‘Me bohle ba neng ba ka sitoa ho kena e le bana mosebetsing ba ne ba ka o tšehetsa ka tse ba nang le tsona; ka lerato la bona, ka merapelo, ‘me ho no ho tla ba le mosebetsi o fetisisang ka cheseho mafatšeng a bahedene; kapa ho tlohela setsiketsinyana se haee, haeba ke hona moo mosebetsi oa rona o leng teng hore re sebeletse Kreste. Hoo re ka ho etsa har’a motse, kerekeng har’a bao re kopanang le bona, le bao re sebedisanang le bona. Boholo ba bophelo ba ‘Moloki oa rona lefatšeng bo feletse mamellong ea mosebetsi o thata, tlung ea bobetli Nazaretha. Mangeloi a tšebeletso a n’a ntse a sebeletsa Morena oa bophelo, ha A ntse A tsamaea le makgabunyane le basebetsi, ba sa hlokomeloeng, ba sa hlonephuoeng. O n’a ntse A phetha mosebetsi oa Hae ka botšepehi, ha A ntse A tšoere kabelo ea Hae ea boikokobetso, joaleka ha A fodisa ba kulang, kapa ha A tsamaea hodim’a maqhuba a phahameng a Galilea. Ka mokgoa o joalo ditšoanelong tsa rona tse kokobetseng, le tšebetso tse tlase tsa bophelo, re ka ‘na ra tsamaea le ho sebetsa le Jesu. Moapostola o re: Motho ka mong a dule pel’a Modimo kabelong eo a neng a le ho eona mohla a bitsoang.” (1 baKor. 7 : 24.) Mohoebi a ka ‘na a tsamaisa mosebetsi oa hae ka mokgoa oo a ka tlotlisang Morena oa hae ka baka la botšepehi ba hae. Ha e le molatedi oa ‘nete oa Kreste, o tla bonahatsa tumelo ea hae nthong tsohle tseo a di etsang, ‘me a bonahatse ho batho Moea oa Kreste. Lelala ka molemo le ka botšepehi, e ka ‘na ea eba setšoantšo sa Ea tsamaileng bothateng ka bophelo ba boikokobetso har’a dithaba tsa Galilea.KHK 60.6

    Mang le mang ea ipitsang ka lebitso la Kreste o tšoanetse ho sebetsa ka mokgoa oo ba bonang mesebetsi ea hae e molemo ba tla huleha hore ba tlotlise ‘Mopi le Molopolli oa bona.KHK 61.1

    Ba bangata ba itatotse bakeng sa ho neela dimpho tšebeletsong ea Kreste, ka hore ba bang ke ba nang le matlotlo a phahameng le ditšoanelo. Ba hlotsoe ke maikutlo a hore, ke ba filoeng haholo feela ba tšoanetseng ho abela Modimo tsa bona. Ba bangata ba kgotsoe ke kgopolo ea hore dineo di filoe ka mokga oa hore hoitseng ba ratoang feela, ba kgethoa ho ba bang, e leng ba sa bitsoang ho ba le kabelo bothateng, kapa meputsong. Empa ha hoa boleloa joalo setšoantšong. Mong a ntlo ha a bitsa bahlanka ba hae o neile e mong le e mong mosebetsi oa hae. Ka moea oa lerato re ka phetha ditšoanelo tse fetisisang ka boikokobetso tsa bophelo, “re etsetse Morena.” (ba Kol. 3 : 23.)KHK 61.2

    Ha lerato la Modimo le le pelong, le tla bonahala bophelong. Monko o monate oa Kreste o tla re aparela, ‘me mosebetsi oa rona o tla phahama o kganye.KHK 61.3

    Le se ke la lebella dibaka tse kgolo kapa matla a makatsang hore le nto kena mosebetsing oa Morena. Ha le na ho hopola hore na lefatše le tla reng ka lona. Ha bophelo ba lona ba tsatsi le leng le le leng e le bopaki ba hloeko, le ba lerato la tumelo ea lona, ‘me ba bang ba kgotsoe hore le rata ho ba etsetsa molemo, ho ikgathatsa ha lona ho ke ke ha hla ha e ba feela. Morutuoa oa Jesu ea kokobetseng, ea fumanehileng ka ho fetisisa e ka ‘na ea eba lehlohonolo ho ba bang. Ba ke ke ba hla ba kgoloa hore ho na le molemo oo ba o etsang, empa ka mesebetsi ea bona eo ba sa e lemoheng, ba ka tsosa maqhubu a mahlohonolo, a tla phatlalatsa, a tebise le ditholoana tseo mohl’omong ba ke keng ba ba ba di tseba ho fihlela tsatsi la moputso oa qetello. Ba ke ke ba ikutloa le ho itseba hore ba etsa letho le leholo.KHK 62.1

    Ha ho hlokoe hore ba ikgathatse ka takatso ea ho tseba hlolo.KHK 62.2

    Ba tšoanela ho tsoela pele feela ba kgutsitse ba etse ka botšepehi mosebetsi oo Modimo paballong ea ‘Ona O ba tšepetseng oona, ‘me bophelo ba bona e ke ke ea eba ba lefeela. Meea ea bona e tla ‘ne e hole ho tsoela pele tšoanong ea Kreste; ke basebedisi ba Modimo bophelong bona, ka hoo ba tšoanetsoe ke mosebetsi o phahameng hofetisa, le thabo e se nang ho patoa ea bophelo bo tlang.KHK 62.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents