Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    13. HO THABELA MORENA

    Bana ba Modimo ba bileditsoe ho ba setšoantšo sa Kreste, ho bontša molemo le mohau oa Morena.KHK 86.1

    Joaleka ha Jesu A re bontšitse mosebetsi oa Ntate, le rona re tšoanetse ho bonahatsa Kreste ho lefatše le sa tsebeng lerato la Hae, le lereko.KHK 86.2

    Joaleka ha U nthomile lefatšeng,” ho rialo Jesu, “le ‘na ke ba romile lefatšeng.KHK 86.3

    “’Na ke be ho bona, Ueuna U be ho ‘Na, ... hore lefatše le tie le tseba hoba U Nthomile.” (Johanne 17 : 18, 23.) Moapostola Pauluse o re ho barutuoa, ha a bolela Jesu; Lea bonahala hoba le lengolo la Kreste,” le tsejoang, le baloang ke batho.” (baKor. 3:3, 2.) Jesu O romela ka ngoana e mong le e mong oa Hae lengolo ho lefatše, ha u le molatedi oa Kreste, O romela lengolo ka uena ho bana ba ntlo, ho motse, ditseleng, le moo u ahileng.KHK 86.4

    Jesu ha A ahile ka ho uena O lakatsa ho buoa ka uena dipelong tsa ba sa tloaelanang le Eena. Mohlomong ha ba bale Bibele. Kapa ha ba utloe lentsoe le buoang le bona maqepheng a eona; ha ba bone lerato la Modimo mesebetsing ea Hae. Empa ha le le ditšoantšo tsa ‘nete tsa Jesu, ka lona ba utloa ho hong ha molemo oa Hae, ‘me ba dula leratong la Hae, ba Mo sebeletsa.KHK 86.5

    BaKreste ba beiloe ho ba batšoari ba lesedi tseleng ea lehodimo, ba tšoanetse ho phatsimisetsa lefatše lesedi le ho bona, le tsoang ho Kreste. Bophelo ba bona, le mekgoa ea bona, e tšoanetse ho ba eo ka eona ba bang ba ka bang le setšoantšo sa sebele sa Kreste le mosebetsi oa Hae.KHK 86.6

    Ha re ka tšoana le Kreste, re tla etsa hore mosebetsi oa Hae ka rōna o bonahale, o kgahlehe, kamoo e leng sebopeho sa oona.KHK 86.7

    BaKreste ba bokellang lefifi le masoabi meeng ea bona, le ho dumaduma, ba nea ba bang setšoantšo seo e seng sa Modimo, le bophelo boo e seng ba boKreste.KHK 86.8

    Ba bonahatsa ho batho hore, Modimo ha O rate hore bana ba ‘Ona ba thabe; ka hoo ba pakela Ntat’a rona ea mahodimong ka leshano.KHK 86.9

    Satane oa thaba ha a bona hore o kgelosa bana ba Modimo ho ba isa hosedumeleng, le ho hloka tšepo. O thabisoa ke ha a bona re sa tšepe Modimo, re belaela ka thato ea Hae, le matla a ho re pholosa. O rata hore re utloe hoba Morena O tla re hlahisetsa kotsi ka di paballo tsa Hae. Ke mosebetsi oa Satane hore a bonahatse eka Morena oa fokola mohaung le lerekong. O fosisa ‘nete e maloka le Modimo. O tlatsa mehopolo ka menahano ea bohata bakeng sa Modimo; ‘me bakeng sa ho. ema ‘neteng ka tsa Ntat’a rona ea mahodimong, hangata re emisa mehopolo ea rona hodim’a dikgeloso tsa Satane, ‘me re hlompholle Modimo ka hose Mo tšepe, ‘me re belaele ka Eena.KHK 86.10

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents