Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    3. PAKO

    Na motho o tla loka joang pel’a Modimo? Na moetsadibe o tla lokafatsoa joang? Ke ka Kreste feela re ka kopangoang le Modimo, ka kgalalelo; empa re ka tla joang ho Kreste? Ba bangata ba botsang potso e neng e botsoe ke letšoele, mohl’a tsatsi la Pentakonta, ha ba ahloloa ke sebe ba hoa ba re: “Re tla etsa joang?” Lentsoe la pele la karabo ea Petrose le re: “Bakang” Motsotsong o mong ka moraonyana a re: Bakang . . . ‘me le sokolohe, ‘me dibe tsa lona di tla hlakoloa.” (Dike 2 : 38; 3 : 19.)KHK 17.1

    Pako e kopane le bohloko ba sebe, le ho se bakela ha re na ho tela sebe ha ese hore re bone bobe ba sona; ha e se hore re se bakele ka pelo, re ke ke ra ba ra ba le phetoho ea ‘nete bophelong ba rona.KHK 17.2

    Ba bangata ba sa utloisiseng seo pako e leng sona. Matšoele a utloa bohloko ka boetsadibe ba oona ba etsa joaleka ha eka ba bakile, hobane ba tšaba hore ketso tsa bona tse mpe di tla ba hlahisetsa ditsietsi. Empa ka mokgoa oa Bibele hoo ha se pako. Ba llisoa ke ho tšaba kotlo ho ena le sebe. Ke eona tlhomoho ea Esau ha a bona hore o lahlehetsoe ke boholo ba hae ba ho tsoala ka ho sa feleng. Balaame ha a tšosoa ke lengeloi le emeng tseleng ea hae ka lerumo le pshemotsoeng a dumela sebe sa hae, ka hore a ka tšoha a timelloa ke bophelo ba hae; empa ho no ho se pako ea sebele ea sebe, ho se tšokoloho ea sebele, ho se hloeo ea sebe.KHK 17.3

    Judase Iskariota ha a se a ekile Morena oa hae, a hoa, a re: “Ke sitiloe, ha ke ekile madi a senang molato.” (Matth. 27: 4.) Boipolelo ba hae bo no bo susumetsoa ke ho ikutloa ho tšaba kahlolo tse tla mo hlahela tsa mo tlatsa tšabo; empa ho no ho se tlhomoho ea sebele ea pelo e soabileng moeeng oa hae, kamoo a ekileng Mor’a Modimo Ea se nang letheba, le ho latola Mohalaledi oa Iseraele.KHK 17.4

    Faro ha a utloa bohloko ba kahlolo ea Modimo, a dumela sebe sa hae, hore a mpe a phonyohe kotlong tse latelang tseo, empa a kgutlela boreng ba hae le Modimo dikotlo di sa tsoa kgutlisoa.KHK 17.5

    Bana bohle ba tlisitsoe ke dikotlo tsa sebe, e seng ho llisoa ke bonnete ba sebe.KHK 17.6

    Empa ha pelo e hlahisa tse tsoang Moeeng oa Modimo, letsoalo le tla phahama, ‘me moetsadibe o tla lemoha taba engoe ea botebo le holoka ha molao o halalelang oa Modimo, motheo oa puso ea Hae mahodimong le lefatšeng.KHK 17.7

    “Lesedi le bonesetsang mang le mang ea tlang lefatšeng.” (Johanne 1 : 19.) Le bonesa diphiri le diphaposi tsa pelo, ‘me tse patiloeng tsa lefifi di pepesoe.KHK 19.1

    Mehopolo le pelo di tšoaroe ke hlolo. Moetsadibe a be le kelello ea holoka ha Jehova, ‘me a utloe botšabeho ba ho hlaha ka melato ea hae le ditšila pel’a Ea lekodisisang dipelo.KHK 19.2

    A bone lerato la Modimo, botle ba kgauhelo, thabo ea hloeko; a lakatse ho hloeka le ho boelangoa le lehodimo.KHK 19.3

    Thapelo ea Davida hobane a oe, e hlile ea bonahatsa mokgoa oa sebele oa ho hlomoha ka baka la sebe. Pako ea hae e bile ea nete e tebileng.KHK 19.4

    Thapelong ea hae ho no ho se mokgoa oa ho leka ho pata molato oa hae. Davida a bona boholo ba tlolo ea hae; a bona tšilafalo ea moea oa hae; A ila sebe sahae. O na a sa rapelle tšoarelo feela, empa hloeko ea pelo. A hlolohetsoe thabo ea kganya hore a busetsoe bonngoeng le kopanong le Modimo. Lentsoe la moea oa hae e ne e le lena: —KHK 19.5

    “Ho lehlohonolo motho eo tšito ea hae e tšoaretsoeng le sebe sa hae se apesitsoeng. Ho lehlohonolo motho eo Jehova A sa ‘malleng bokgopo ba hae.KHK 19.6

    Oho Modimo. U nkgauhele ka baka la lereko la Hao: Ka baka la mehaulo ea Hao e meholo hlakola ditlolo tsa ka . . . hobane ke tšaba ditlolo tsa ka, ‘me sebe sa ka se pel’a ka kamehla U foke hodim’a ka ka hysopa, ke tie ke hloeke, U ntlhatsoe, ke tie ke fete lehloa ka bosueu Oho Modimo, bopa kahare ho ‘na pelo e hloekileng; U boele u lokise ka ho’na moea o tiileng. U se ke ua nteleka pel’a sefahleho sa Hao?KHK 19.7

    ’Me u se ke ua nkamoha Moea o halalelang oa Hao. U mpuseletse thabo ea poloko ea Hao, ‘me nke ke tiisoe ke Moea oa Hao, o mafolofolo.KHK 19.8

    Oho Modimo, Modimo oa poloko ea ka, ntopolle molatong oa madi.KHK 19.9

    ’Me leleme la ka le tla rorisa holoka ha hao. (Pesa 32 : 1, 2; 51 : 1-14.)KHK 19.10

    Pako e kang ena e phahametse matla rōna ho e phetha; e fumanoa ho Kreste feela, ea nyolohetseng mahodimong, ‘me A fa batho dineo. Hona mona ho na le taba e lahlang ba bangata, ka hoo ba sitoa ho fumana thuso eo Kreste A ratang ho ba fa eona. Ba hopole hore ha ba na ho tla ho Kreste ha e se hore ba bake pele, le hore pako e lokisa tsela ea tšoarelo ea dibe tsa bona.KHK 19.11

    Teng ke ‘nete, pako e etella tšoarelo ea dibe pele; hobane ke pelo e robehileng feela le e hlomohileng e ikutloang ho hloka Mopholosi. Empa na moetsadibe e ka kgona a emele pako a es’o tie ho Jesu na? Na pako e ka etsoa kgopiso mahareng a moetsadibe le mopholosi na?KHK 20.1

    Bibele ha e rute hore moetsadibe a bake a es’o lemohe pitso ea Kreste. “Tlong ho’na lona bohle ba kgathetseng, ba imeloang, ‘me ke tla le imolla.” (Matth. 11 : 28.). Ke matla a tsoang ho Kreste a isang pakong ea sebele.KHK 20.2

    Petrose o hlalositse taba ena ha a bolela ka tsa Ba-Iseraele, ha a re: “‘Me Modimo O Mo phahamiseditse letsohong le letona la Oona, hore e be Eena Morena le Moloki ea neang Iseraele pako le tšoarelo ea dibe.” (Dike 5 : 31.)KHK 20.3

    Ha re na ho baka kantle ho Moe’a oa Kreste ho tšosa letsoalo, joaleka ha re se na tšoarelo kantle ho Kreste.KHK 20.4

    Kreste ke Eena Mohlodi oa diba se seng le se seng se lokileng.KHK 20.5

    Ke Eena feela Ea ka hlomang pelong bora ba sebe. Thato eohle ea ho rata ‘nete le hloeko, le ho hlola hohle ha bobe ba rōna, ke tse hlahisoang ke tšebetso ea Moea oa Hae dipelong tsa rōna.KHK 20.6

    Jesu O na A re: “‘Me ‘Na e tla re hoba ke nyolloe, ke tla hulela bohle ho ‘na.” (Johanne 12 : 32.)KHK 20.7

    Kreste e ka kgona A senoleloe moetsadibe e le Mopholosi ea shoelang dibe tsa lefatše, me ha re shadima Mora oa Modimo hodim’a sefapano sa Gologotha dimakatso tsa topollo di qala ho phetleha mehopolong ea rona, ‘me molemo oa Modimo o re ise pakong. Kreste ha a shoela baetsadibe, O bonahaditse lerato le sitang mehopolo, ‘me moetsadibe ha a shadima lerato lena, pelo e ea nolofala, le itšoaea mehopolong, le ise maikutlo a hlomohileng moeeng.KHK 20.8

    Ke ‘nete mohl’omong batho ba hlabisoa dihlong ke metsamao ea bona e mebe, ‘me ba tele mekgoa emeng e mebe ea bona, ba es’o ikutloisisi hore ba iteka ho fetoha ka takatso ea ‘nete ea ho etsa ho lokileng, ke matla a Kreste a ba hulang. Matla ao ba sa a tsebeng a sebetsa moeeng oa bona, ‘me letsoalo le tšosoe, ‘me bophelo bo kantle bo fetohe. ‘Me ha Kreste A ba hula hore ba shebe sefapano sa Hae, hore ba bone eo dibe tsa bona di mo hlabileng, molao o kgutlele matsoalong.KHK 20.9

    Bokgopo ba bophelo ba bona, bo metseng moeeng bo senoloa ho bona, ba qale ho elelloa tsa holoka ha Kreste, ‘me ba hoe ba re: “Sebe k’eng ha se tla hloka boitelo bo kalo ba ho lopolla bao se ba timeditseng?KHK 20.10

    Hleka lerato le kalo, bohloko bo kale boikokobetso b’o kalo, di etseditsoe hore re seke ra timele re mpe re be le bophelo bo sa feleng na? Moetsadibe ke ha a ka hana lerato, a hana ho huleloa ho Kreste, empa ha a sa hane, o tla huleloa ho Jesu; tsebo ea mosebetsi oa polokeho e tla mo hulela maotong e sefapano ka ho bakela dibe tsa hae, tse hlahisitseng mahlomola a Mora oa bohlokoa oa Modimo.KHK 21.1

    Ke eona kgopolo eo e phahameng e ntseng e sebetsa dinthong tsa hlaho, e buoang dipelong tsa batho, ‘me e hlahise maikutlo a takatso e senang ho boleloa ea seo ba sa ntseng ba se hloka.KHK 21.2

    Ntho tsa lefatše ha di na ho kgodisa thato ea bona. Moea oa Modimo o ba tlatsa ho batla ntho tseo e leng tsona feela tse ka tsebang ho nea kgotso le phomolo,— mohau oa Kreste, thabo ea kgalalelo.KHK 21.3

    Ke mesebetsi e bonoang le e sa bonoeng, ‘Moloki oa rōna O ntse a sebetsa ho hula mehopolo ea batho dint hong tse sa kgodiseng, ho e lebisa mahlohonolong a tsa lehodimo, ao e ka bang a bona ka Eena.KHK 21.4

    Ho meea eohle e ikgathaietsang lefeela ka ho noa tse sa kgodiseng tsa lefatše lena, boqosa bo tsoang lehodimong bo re: “Ea nyoriloeng a tie. Ea ratang a nke feela metsi a bophelo.” (Tšeno 22 : 17.)KHK 21.5

    Uena ea ikutloang pelong ho ngongorehela ho felang ho ka neoang ke lefatše lena, hopola hoba ngongoreho eo ke lentšoe la Modimo pelong ea hao. Mo kope hore A u nehe pako, A u senolele Kreste leratong le phahameng la Hae, hloekong e phethehileng ea Hae.KHK 21.6

    Bophelong ba Moloki, dihloho tsa molao oa Modimo — lerato ho Modimo le batho,— di ile tsa iponahatsa hantle.KHK 21.7

    Kgauho, lerato le senang boiketsiso, ebile bophelo ba moea oa Hae. Ho joalo, ha re Mo shadima, ha lesedi le tsoang ho Moloki le oela hodim’a rona, eba re bona bobe ba dipelo tsa rona.KHK 21.8

    Ekaba re ‘nile ra ithetsa joaleka Nikodema, hore bophelo ba rona ebile bo lokileng, le hore ha re na ho kokobetsa pelo pel’a Modimo joaleka moetsadibe, empa ha lesedi le tsoang ho Kreste le kgantša meea ea rona, re tla bona kamoo re leng ditšila kateng; re tla lemoha mokgoa oa boitšepo, bora ho Modimo, tse sentseng mekgoa eohle ea bophelo.KHK 21.9

    Ke moo re tla tseba hore holoka ha rona, ruri eka dikatana tse ditšila, le hore ke madi a Kreste feela a ka re hlatsoang tšilafalong ea sebe, le ho nchafaletsa dipelo tsa rōna setšoantšong sa Hae.KHK 21.10

    Mochaedi o le mong oa kganya ea Modimo, lehlasedi le le leng la hloeko ea Kreste le phunyeletsa moeeng, le bonahatsa matheba ‘ohle a ditšila habohloko, me le senola sebopeho, le ho fokola ha mokgoa oa ngoan’a motho.KHK 22.1

    Le bonahatsa ditakatso tsa lefeela, ho se dumela ha pelo ho se hloeke ha melomo, diketso tsa moetsadibe tsa ho se tšepehe, tsa ho etsa molao oa Modimo lefeela di senoloe mahlong a hae, ‘me moea oa hae o hlajoe, a utloisoe bohloko ke tšebetso e batlisisang ea Moea oa Modimo. A be a inyonye e le eena ha a bona hloeko e se nang sekodi ea mokgoa oa Kreste.KHK 22.2

    Moprofeta Daniele ha a ne a bona leqosa la lehodimo le neng le rometsoe ho eena le apesitsoe ke kganya, a kgurumetsoa ke maikutlo a phokolo, le ho se loke ha hae.KHK 22.3

    Ha a hlalosa ketso ea pono eo e makatsang O re: “Ha hoa ka ha sala matla ho ‘na, ‘me tšobotsi ea ka ea sohlokana, ‘me ka omella, ‘me ka hloka matla.” (Daniele 10 : 8.) Moea o amiloeng joalo, o tla hloea boithato ba oona, o ile ho ithata, ‘me o batla ka ho loka Kreste hloeko e dumellanang le molao oa Modimo, le mosebetsi oa Kreste.KHK 22.4

    Pauluse o re, ha a bolela tsa “holoka ha molao”— ha e le ka tsa holoka ho kantle, o na a se na “ho nyatseha,” (ba Filipi 3:6) empa ha matla a molao oa moea a iponahatsa, a ipona boetsadibe. A ahlola ka hlaku ea molao, ha motho a o bapisa le bophelo bo kantle, o ipolokile sebeng; empa eitse ha a tadima botebo ba ditaelo tsa Oona tse halalelang, ‘me a ipona joaleka ha Modimo O ‘mona, a inama ka boikokobetso, ‘me a ipolela molato oa hae. O re: “Ke ne ke phela kantle ho molao, empa e itse ha taelo e fihla sebe sa tsoha ‘me ‘na ka shoa.” (ba-Roma 7:9.) Eitse ha a bona mokgoa oa molao oa moea, sebe sa hlaha ka botšabeho ba sona ba sebele, ‘me boitšepo ba hae ba feela.KHK 22.5

    Modimo ha O tadime dibe tsohle ka holekana; tekanyong ea Oona melato e fapane, joaleka ho ea ka motho; empa leha ho le joalo, ho nyatseha hona ho ka ba honyenyane mahlong a mo-tho, ha ho sebe se senyenyane mahlong a Modimo. Ho bona ha motho nqa tse ding ha hoa phetheha; empa Modimo O hlile O lekanya ntho tsohle kamoo di hlileng di leng kateng.KHK 22.6

    Letahoa lea nyedisoa, ‘me le bolelloa hoba sebe sa lona se tla le hlokisa lehodimo; athe boikgohomoso, boithati bokgonatha, di atisa ho se kgalemeloe.KHK 22.7

    Empa dibe tsena ke tsona haholo tse halefisang Modimo, hobane di fapane le sebopeho sa lereko la Oona, leratong leo le se nang boiketsiso, leo e hlileng e leng moea oa bohle ba se nang ho oa. Ea oeleng ho tse ding tsa bongata bona ba dibe a ka ba le maikutlo a dihlong, le bofutsana, le ho hloka mohau oa Kreste ha hae, empa boikgohomoso ha bo ikutloe ho hloka, ka baka leo bo koalla Kreste pelo, le mahlohonolo a maholo ao A tlileng ho a fana.KHK 22.8

    Molekgetho oa batho ea ileng a rapela a re: ” Modimo nkgauhele, ‘na ke leng moetsadibe” (Luka 18 : 13), O ipone e le motho e mobe haholo, le ba bang ba ‘mona joalo, empa a ikutloa seo a se hlokang, ‘me a tla ka phahlo ea hae ea melato, le dihlong pel’a Modimo, a kopa mohau oa Oona.KHK 23.1

    Pelo ea hae e ne e bulehetse Moea oa Modimo ho etsa mosebetsi oa Oona, le ho mo lokolla matleng a sebe.KHK 23.2

    Thapelo ea Mofarisi ea boikgohomoso le ea boitokafatso ea ipontša hoba pelo ea hae e koaletse Moea o Halalelang ka ho ba hole ha hae le Modimo, a hloka tšoarelo ea makgopolo a hae mabapi le hloeko ea boModimo. A se ke a ikutloa ho hloka ka baka leo a se ke a amohela letho.KHK 23.3

    Ha u bona boetsadibe ba hao u se ke oa lebella tsa ho itokisa. Ba bangata hakak’ang ba reng ha ba lokele ho tla ho Kreste. Na u hopola hore u ka itokafatsa ka mesebetsi ea hao na? Na moEthiopia a ka fetola letlalo la hae, kapa lengau matheba a lona na? Ha ho le joalo le ka tseba ho etsa hantle, athe le itemaditse ho etsa hampe.” (Jere. 13 : 23.) Thuso ea rōna e ho Modimo feela.KHK 23.4

    Re se ke ra lebella boikutlo bo matla, le metsotso e re loketseng, kapa mehopolo e fetang ea mehla ka hloeko. Re ke ke ra etsa letho e le rōna. Eka kgona re tie ho Kreste re le score leng sona.KHK 23.5

    Empa ho se be ba ithetsang ka mohopolo oa hore, Modimo leratong le leholo la Oona le mohau, A ka pholosa le bona bahani ba mohau oa Hae. Bokgopo bo boholo ka hofetisa bo ka lemouoa leseding la sefapano feela.KHK 23.6

    Ha batho ba hlile ba lekanya hore Modimo O molemo haholo ho re a ka leleka moetsadibe; a ba ke ba tadime Gologotha, ke hobane ho no ho se mokgoa o mong oo batho ba neng ba ka bolokeha ka’ona, hobane kantle ho sehlabelo seo, ho no ho se mokgoa o mong oo leloko la motho le neng le ka phonyoha ka ona matleng a tšilafatso ea sebe, hore ba boele ba busetsoe kopanong le tse halalelang,— ho thata hore e boele e be ba nang le kabelo bophelong ba moea,— ke ka baka leo Kreste a Ipelesitsing melato ea boikgantšo, ‘me a utloa bohloko bakeng sa moetsadibe.KHK 23.7

    Lerato, mahlomola le lefu la Mora oa Modimo, tsohle tseo di paka boholo ba botšabeho ba sebe, ‘me di bontša hoba ha ho phonyoho matleng a sona, ha ho tšepo ea bophelo bo phahameng, ha e se boinehelo ba moca ho Kreste.KHK 23.8

    Ba sa sokolohang mohlomong ba ithetsa ka hore, ha ba bolela tsa ba ipolelang bo-Kreste: Ke ntse ke le molemo joale — ka bona. Ha mphete ka boitelo, le ka ho se noe le ka ho itlhokomela mekgoeng ea bona.KHK 24.1

    Ba rata thabo le bolokolohi joaleka ‘na.” Ka hoo ba etse mefokolo ea ba bang lebaka la hose hlokomele ditšoanelo tsa bona. Empa dibe, le dipha tsa ba bang ha di hlakole molato oa motho e mongo hobane Morena O re neile motho ea sa foseng eo re ka mo etsisang. Mora ea senang sekodi oa Modimo re mo neiloe ho ba setšoantšo sa rona ‘me ba belaelang ka diphoso tsa ba ipitsang ba-Kreste ke bona ba neng ba tšoanetse ho bonahatsa bophelo bo lokileng le mekgoa e hlonephehang.KHK 24.2

    Ka ho ba le kelello e kalo ea seo mo-Kreste a tšoanetseng ho ba sona, na sebe sa bona ha se fitise haholo na? Ba tseba se lokileng, leha ho le joalo ha ba se etse.KHK 24.3

    Tšabang, meso e tšoala mesoana ,le se ke la suthisa mosebetsi oa ho lahla dibe tsa lona, le ho batla hloeko ea pelo ka Jesu, ke hona mona moo ho lahlehileng dikete tsa dikete ho ea timelong ea bosafeleng.KHK 24.4

    Mona ha ke na ho ema hodim’a tsa bokgutšoane le ho se tšepahale ha bophelo, empa ho na le tsietsi e tšabehang, kotsi e sa utloisisoeng hantle — ea ho dieha ho inehela lentsoeng le ntseng le bitsa la Moea o Halalelang oa Modimo, le ho ikgethela ho sala sebeng; hoba tieho eo e joalo kasebele. Sebe leha e ka se senyenyane, ha se ka dumelloa ke tšenyeho ea timelo ea bosafeleng.KHK 24.5

    Ho sa hloloeng, ho tla hlola rōna, ‘me ho hlahise timelo ea rona.KHK 24.6

    Adama le Eva ba ithetsitse ka hore tabanyana e kang ea ho ja ditholoana tsa sefate seo ba se hanetsoeng, di ke ke ea tsa hlahisa taba tse tšabehang tse kang tseo Modimo O di boletseng.KHK 24.7

    Empa eona tabanyana eo ebile tlolo ea molao o Halalelang oa Modimo, o se nang ho fetoha, ‘me e arohantse motho le Modimo, ‘me ea bulela dikgoro tsa diphororo tsa lefu, le mahlomola a se nang ho boleloa lefatšeng la rona. Ka ho hlahlamana ha meleko, ho ‘nile ha nyoloha lefatšeng la rona mantsoe a dillo tse sa kgaotseng, ‘me dibopuoa tsohle tsa feheloa, tsa utloa bohloko ha’moho, e le ka baka la tlolo ea motho.KHK 24.8

    Esita le lehodimo la utloa bohloko ke tsa koeneho ea motho, ha a koenehe’a Modimo.KHK 24.9

    Gologotha e ne e le kgopotso ea sehlabelo se makatsang, se kileng sa hlokoa ho lopolla ba neng ba timetse ka ho tlola molao o kgethehileng.KHK 25.1

    A re se keng ra tadima sebe joaleka nthoana e nyenyane. Ketso eohle ea tlolo, nyediso eohle, kapa kgano ea mohau oa Kreste, e eketseha hodim’a hao e thatafatsa pelo; e kokobetsa thato, e thatafatsa kutloisiso, ha e u hlokisi takatso ea boinehelo feela empa le ho hloka tšoanelo ea boinehelo pitsong ea lerato le Moea o Halalelang oa Modimo.KHK 25.2

    Ba bangata ba kgutsisa letsoalo le kgathatsang ka kgopolo ea hore, ba ka tlohela tsela ea bobe ka thato ea bona, ‘me ba ‘ne ba nyenyefatse pitso ea mohau ka hore, leha ho le joalo, ba tla ‘ne ba phehelloe, ba re ekaba leha ba se ba nyedisitse Moea oa mohau, ha matla a bona ba se ba a lahletse pel’a Satane, ekare nakong ea tsietsi e tšabehang ba ka fetola ditaba tsa bona. Empa hoo ha ho etsoe ha bonolo.KHK 25.3

    Kelello, hlalefo, tsa nako ea ha u sa phela ha monate, di hlile di fetotse sebopeho, hore e be ba seng bakae ba amohelang setšoantšo sa Jesu.KHK 25.4

    Leha ekaba mokgoanyana o le mong oa bokgopo takatso e le ngoe feela ea bobe, e ntseng e hlile e babaletsoe, e tla senya matla ohle a Evangedi. Tumello efe le efe ea bokgopo, e matlafatsa moea ho hloea Modimo.KHK 25.5

    Motho ea iponahatsang bothata ba bohetene, le bothoto ba hose hlokomele ‘nete ea bo-Modimo, o ntse a kotula seo a se jetseng e le eena. Bibeleng eohle ha ho keletso e tšabehang joaleka ea motho ea bohlale bakeng sa ea bapalang ka sebe, ha a re: Moetsadibe “o tla tšoasoa ke mehala ea makgopo a hae.” (diProv. 5 : 22.)KHK 25.6

    Kreste O itukiseditse ho re ntša sebeng, empa ha A kganne thato ka matla; ‘me ha u tsoela pele bokgopong thato eohle e ba e se e lemalla bobeng, ‘me ha re sa rata ho lopolloa, ha re sa amohela le mohau oa Hae.KHK 25.7

    Eka kgona A etse ho feta hoo A ho entseng? Re itahlile e le rona, ka phehello ea rona ea ho hana lerato la Hae. “Bonang, joale ke nako e tšoanelehang; bonang joale ke letsatsi la pholoho.” (2 ba-Kor. 6: 2.) Kajeno ha le utloa lentsoe la Oona le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona.” (ba-Heb. 3 : 7, 8.) “Motho o tadima tšobotsi, athe Jehova Eena o tadima pelo” (1 Sam. 16 : 7), pelo ea botho ka mekgoa e thulakanang ea eona, ea thabo le ea masoabi,— pelo e hlahlathellang hohle, eo e leng boaho ba ditšila tse ngata le dithetso.KHK 25.8

    O tseba mekgoa ea eona, le mehopolo ea eona, le menahano ea eona. E ea ho Eeena ka moea oa hao, u ntse u le mekgoelebe e joalo. Joaleka Mopesaleme, phetlela diphaposi tsa eona Leihlo le bonang hohle, ka mohoo o reng: “Mphopholetse Jehova, ‘me U tsebe pelo ea ka; nteke, u tebe mehopolo ea ka, ‘me U bone ha tsela ea bokgopo e le teng ho ‘na ‘me U nkise tseleng e isang bophelong bo sa feleng.” (Pes. 139 : 23, 24.)KHK 25.9

    Ba bangata ba amohela tumelo ea mokgoa, sebopeho sa bodumedi, empa pelo e sa hloekisoa. Ha eke e be thapelo ea hao hore: Oho Modimo, “bopa kahare ho ‘na pelo e hloekileng, ‘me u boele U lokise ka teng ho ‘na moea O tiileng.” (Pes. 51: 10.) Sebedisana ka sebele le moea oa hao. U be mafolofolo, le matla, joaleka ha u no u ka etsa ha eba ke bophelo, ba ‘mele oa hao bo tlamiloeng. Ena ke taba e tšoanetseng ho lokisoa pakeng tsa Modimo le moea oa hao,— tokisetso ea bo safeleng, Tšepo e lebeletsoeng, ‘me ho seng letho le ka boelang la e senya.KHK 26.1

    Nahana lentsoe la Modimo ka thapelo. Lentsoe leo le hlahisa pel’a hao, ka molao oa Modimo le bophelo ba Kreste, taba tse kgolo tsa kgalalelo, eo ho seng motho “ea ka bonang Modimo ha a se na eona.” (ba-Heb. 12 : 14.)KHK 26.2

    Le ahlola sebe, le hlalosa tsela ea bophelo hantle. Le hlokomele, ka he e le lentsoe la Modimo le buoang moeeng oa hao.KHK 26.3

    Joaleka ha u bona botšabeho ba sebe, joaleka ha u ipona kamoo u leng kateng, u se ke oa kgathala oa tepella.KHK 26.4

    Kreste O na a tlela ho pholosa bona baetsadibe. Ha re na ho boelanya Modimo le rona, empa oho lerato le makatsang! Modimo ka Kreste O “boelanya lefatše le Eena.” (2 ba-Kor. 5 : 19.) Leratong la Hae le mosa O mema dipelo tsa bana ba Hae ba lahlehileng. Moholo oa motho ha a eo lefatšeng ea ka bang le sebete se kalo bakeng sa diphoso tsa bana ba hae joaleka Modimo ka bao a ratang ho ba pholosa. Ha a eo ea mo fetisang ka ho emela motlodi diphosong tsa hae. Ha ho molemo oa ngoan’a motho o kileng oa tšollela dikgothatso ho moleleri joaleka ha A entse dipallo tsohle tsa hae, ditemoso tsa Hae, ke phefumoloho ea lerato la Hae, le se nang ho boleloa.KHK 26.5

    Ha Satane a etsa, a u bolella hore u moetsadibe e moholo, .lelalla ho Molopolli oa hao, ‘me u buoe ka tsa molemo oa Hae. Ho ka u thusang ke ho tadima leseding la Hae, u dumele sebe sa hao, empa u bolelle sera u re: “Jesu Kreste O tlile lefatšeng ho pholosa baetsadibe” (1 Tim. 1 : 15), ‘me u ka bolokeha ka baka la lerato la Hae le se nang tekanyo. Jesu o kile a botsa Simone potso bakeng sa batho ba babedi ba melato. E mong o na a nametse mong a hae ka hose hokae, emong a mo nametse haholo, empa a ba tlohella ba babedi, ‘me a botsa Simone hore ke ofe ho ba babedi bao ea ka ratang morena oa hae haholo, Simone a araba, a re: “Ke ea tšoaretsoeng haholo.” (Luka 7 : 43.) Re ne re le baetsadibe ba baholo; empa Kreste a shoa, hore re tie re tšoareloe ‘me re busetsoe kopanong le lehodimo. Ke holoka ha Hae feela ho ka re fang matla a ho ba bana ba Modimo.KHK 26.6

    Bao a ba tšoaretseng haholo, O tla ba rata haholo me ba tla ema haufiufi le terone ea Hae, ho Mo rorisa ka ba ka la lerato le leholo la Hae, le sehlabelo sa bo Modimo ba Hae. Ke ha re lemoha lerato la Modimo, ha re tla kgoloa ke bobe ba sebe.KHK 27.1

    Ha re bona bolelele ba lehlaahlela leo re le tliseditsoeng, ha re utloisisa tsa sehlabelo sa bo-Modimo seo Kreste A se entseng bakeng sa rona, pelo e ea qhibidiha, e be bonolo, e hlomohe.KHK 27.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents