Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ho Se Halalele Hoa Totobatsoa

    Ho Petrose, mohlolo eona e ne e le o bontšang matla a leholimo, ho feta e meng eohle eo a neng a kile a e bona. A bona hore Jesu ke Eena eo tlholeho e leng tlas’a tsamaiso ea Hae. O ile A itšoabela ke ho hloka tumelo hoa hae, a leboha ho ipeha tlase hoa Kreste, empa ho feta tsohle, maikutlo a hae a hlolloa haholo ha a lemoha hore ke motho ea litšila, ha a bapisoa le bohloeki ba Jesu. Petrose o ile a itihela maotong a Jesu a re, “Morena, tloha ho ‘na, hobane ke motho oa moetsalibe!”EN 161.1

    E ne e le kapele ho bohalaleli bona ba leholimo, ha moporofeta Daniele a tla oela fatše joaleka motho oa shoeleng, pel’a lengeloi. Sheba Daniele 10:8. Esaea o ile a khotsa, a re, “A ‘na eloa! Ke malimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ea puo li mpe,...Mahlo a ka a bone Khosi, Morena oa mabōtho.” Esaea 6:5. Ho bile joalo ho bohle ba nehiloeng ho bona boholo le borena ba Molimo.EN 161.2

    Mopholosi A arabela Petrose A re, “Se tšabe; ho tloha joale u tla ba motšoasi oa batho.” Kamora’ hore Esaea a bone bohalaleli ba Molimo, le ho hloka thuso hoa hae, o ile a fuoa boikarabelo ba molaetsa o halalelang. Kamora’ hore Petrose a tsebe ho inyatsa, o ile a fumana pitso ea ho sebeletsa Kreste.EN 161.3

    Barutuoa ba ne ba bone mehlolo e mengata e entsoeng ke Kreste, ebile ba mametse le lithuto tsa Hae, empa leha hole joalo ho no ho se ea lahlileng mosebetsi oa hae oa pele oa boipheliso, ho hang. Ho koalloa hoa Johanne Mokolobetsi ho ile hoa baka mesarelo e tšabehang. Ba utloisisa hore haeba litholoana tsa mosebetsi oa Johanne li tjena, ba fokolloa ke tšepo ha ba nahana ka Morena oa bona, hobane baetapele ba tumelo ba ne ba ikopantse hore ba Mo loantše. Ba ile ba ikutloa ba pholile ha ba fumana monyetla oa ho khutlela mosebetsing oa bona oa ho tšoasa lihlapi nakoana. Empa joale Jesu A ba mema hore ba lahle bophelo ba bona ba pele, ‘me ba kopanye litakatso tsa bona le tsa Hae. Simone Petrose a amohela pitso. Ha ba fihla lebopong Jesu A bitsa ba bang ba boraro A re, “Ntšaleng morao, ‘me ke tla le etsa batšoasi ba batho.” Ba tlohela tsohle hang-hang ‘me ba Mo latela.EN 161.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents