Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ha Ho Pelaelo Kapa Ho Qea-qea

    O ne A bua joaloka motho ea nang le borena. Bo-rabbi ba ne ba bua ka pelaelo le qea-qeo joaloka ha e ka mangolo a ka tolokoa a bolela ntho e ‘ngoe a khutla a bua e ‘ngoe e hananang le eona ho hang. Empa Jesu O ile A ruta ka mangolo a na le matla a sa thekeseleng. Hore na ke thuto efeng O ne A e fana ka matla.EN 166.4

    Empa O ne A tšepahetse, A sa halefa. Puong e ‘ngoe le e ‘ngoe ea Hae Molimo O ne A senoloa. Jesu O ne A batla ho heletsa mosebetsi o bothoto o hohellang batho linthong tsa lefatše. O ile A beha lintho tsa bophelo bona moo li lokelang; eleng hore li tlase ho tsa bo sa feleng. Ka ho rialo O ne A sa bolele hore ha li na molemo ho hang. O ile A ruta hore tsebo e halalelang ea ‘nete e lōkisetsa batho ho etsa mesebetsi ea letsatsi le leng le le leng ka bokhabane. Leha A ne a lemoha likamano tsa Hae le Molimo O ile A elelloa hore O na le kopano le batho kaofela.EN 166.5

    O tsebile “ho khothatsa ba tcpeletseng.” Esaea 50:4. O ne A e-na le bohlale ba ho kopana le mehopolo e khanyetsong, ‘me a ba makatsa ka lipapiso tse neng li hapa maikutlo a bona. Lipapiso tsa Hae li ne li nkuoa linthong tse etsahalang maphelong a bona a kamehla, ‘me leha lithuto tsa Hae li ne li le bonolo, li ne li ena le moelelo o tebileng. Ka linonyana, mehalalitoe, lipeo, molisana, nku -O ile A tseba ho fana ka lipapiso tsa ‘nete e sa feleng; ‘me kamora’ thuto e ‘ngoe le e’ngoe bamameli ba Hae ba ne ba hopola lithuto tsa Hae ha ba bona lintho tseo A ileng A bapisa ka tsona.EN 166.6

    Kreste O ne A sa phaphathe batho kapa ho na ho ba babatsa ka mesebetsi eo ba e entseng ea mahlale, empa botebong ba lipelo tsa bona, batho ba nahanang haholo ba amohela ‘me ba fumana lithuto tsa Hae li qholotsa bohlale ba bona. Baruteihali ba ne ba khahloa ke mantsoe a Hae, empa ba sa rutehang ba ne ba fumana molemo kamehla. One A etsa hore le bahedene ba utloisise hore O na le molaetsa oa bona.EN 167.1

    Leha A ne A le ka har’a lira tsa Hae tse halefileng, O ne a aparetsoe ke moea oa khotso. Botlehali ba semelo sa Hae, lerato la Hae le bonahalang sefahlehong sa Hae, le utloahalang ha A bua, li ne li hulela ho Eena bohle ba neng ba sa thatafatsoa ke ho se lumele. Ba matšoenyehong ba ne ba utloa hore ke motšoalle ea tšepehang, ea utloelang bohlōkō, ‘me ba lakatsa ho tseba haholo ka ‘nete eo A e rutang. Ba ne ba laba-labela hore lerato la Hae le khothatsang le ka ba le bona kamehla, le sa khaotse.EN 167.2

    Jesu A talima lifahleho tsa bamameli ba Hae. Lifahleho tse neng li bontša thahasello li ne li Mo fa khotsofalo. Ha litsenene tsa ‘nete li phunyeletsa marako a mōna, ‘me li hlahisa pako le teboho Mopholosi A thaba. Ha mahlo a hae a bona lifahleho tseo A ileng A li bona pele, sefahleho sa Hae sa tlala thabo. E ne e ee e re ha A ile A fana ka ‘nete e totobatsang melingoana e ratoang, A lemohe lifahleng hore seo A se buileng ha se amohelehe. Ha A ne A bona batho ba hana molaetsa oa khotso, O ne A hlabeha haholo botebong ba pelo ea Hae.EN 167.3

    Moo Jesu a ntseng a bua ka tsa borōmuoa ba Hae, A le ntlong ea thapelo ha tšoha ho itšohlometsa motho oa lehlanya har’a batho, a hōoa ka lentsoe le leholo a re: “U re kene ka’ng, Jesu oa Nasaretha? Na u tlil’o re timetsa? Kea tseba hore na u mang: U Ea Halalelang oa Molimo!” EN 167.4

    Ha ferekanoa. Ha tšohuoa. Maikutlo a batho a tloha ho Kreste, ‘me mantsoe a Hae a se ke a eloa hlōkō. Empa Jesu A khalemela modemona, A re, “Thōla! Tsoa ho eena! Eare hoba moea o litšila o mo ilibanye habohlōkō, a bokolle haholo, oa tsoa ho eena.”EN 168.1

    Kelello oa molahluoa enoa ea kulang e ne e ile ea fifatsoa ke Satane, empa botenng ba Mopholosi, o ile a tsosoloha ho labalabela tokoloho litlamong tsa Satane. Empa modemona a tsitlalla. Ha monna enoa a leka ho ipiletsa ho Jesu, a kōpa thuso, moea o litšila oa kenya mantsoe molomong oa hae, ‘me a lla ha bohlōkō a le tlhōkōfatsong ea tšabo.EN 168.2

    Motho ea nang le modemona o ne a lemoha ka lerootho hore o pel’a Ea ka mo lokollang empa ha a leka ho atamela letsoho leo le matla, matla a mang a mo hanela, e mong a bua ka molomo oa hae. Ntoa pakeng tsa matla a Satane a mo thibelang le ho laba-labela tokoloho ho pelong ea hae e ne e tšabeha.EN 168.3

    Modemona oa tsitlalla ka matla a ona ho hatella motsoaruoa oa ona. Ho ne ho bonahala eka motho enoa ea makaqabetsing o tla lahleheloa ke bophelo ba hae ntoeng ea hae le sera sena seo esaleng se senya botho ba hae. Empa Mopholosi A bua ka borena ‘me a lokolla motšoaruoa enoa. Monna eo a ema pel’a batho ba maketseng, a thabetse ho ba bolokolohing ba boikutlo ba botho. Esitana le modemona o ne a ile a paka matla a bomolimo a Mopholosi. Leihlo le neng le tonnoe, le tletse khalefo ea bohlanya, joale ke lena le phatsima ka kelello e chatsi, ‘me le tšoloha meokho ea teboho.EN 168.4

    Batho ba makala ba botsana ba re, “Hoo ke eng? Ke thuto e ncha e nang le matla! O laela le meea e litšila, ‘me ea mo mamela!” Mareka 1:27.EN 168.5

    Monna enoa o ne a ile a nkoa ke menate ea sebe ‘me a nahana ho natefisa bophelo ka menyaka. O ne a sa lore hore a ka fetoha koko ho batho ‘me a hlabisa lelapa la hae lihlong. A nahana hore a ka sebelisa nako ea hae ka bosaoana. Empa ho hloka boitšoaro le ho phelela masaoana tsa senya bophelo ba hae, eaba Satane o laola bophelo ba hae kahohle. Sebakeng sa hore ebe o tetse maruo le menyaka ho reka boleng bo mo lahlehetseng, o ne a fetohile ea sitoang ho itšoasolla marong a e mobe. Satane o ne a tsamaisa menahano ea hae eohle. Ha motho enoa ea soto a se a le matleng a ona, moea o litšila oa khopama ho feta. Ho joalo ho bohle ba inehelang bobeng. Menate e kileng ea qala ea ba thabisa e qetella ka tsieleho le bohlanya le tšenyeho ea moea.EN 168.6

    Ke moea ona oo o litšila o neng o laola Bajuda ba sa lumeleng, empa ho bona oa ikhakanya ka sebōpeho sa moea oa bolumeli. Boemo ba bona bo ne bo senyehile ho feta ba motho ea kenoeng ke modemona, hobane ba ne ba sa ikutloe hore ba hloka Kreste. Ka baka leo ba ile ba tlamelloa tlas’a taolo ea Satane.EN 169.1

    Borōmuoa ba Kreste ka seqo ho batho bo bile nakong eo mosebetsi o moholo oa makhotla a lefifi o neng o iphile matla. Ka lilemo-lemo Satane o ne a ntse a sebelletsa ho laola ‘mele le meea ea batho, ho ba tlisetsa ho bona sebe le matšoenyeho; Joale o ile a qosa Molimo ka mahlonoko ao. Jesu O ne A senolela batho semelo sa Molimo, kahoo A robokella matla a Satane, ho lokolla ba mahlaahleleng a Satane. Lerato le matla tse tsoang leholimong li ne li sisinya lipelo tsa batho, ‘me khosana ea lefifi ea hlokoleha. A phahisana le mosebetsi oa Kreste mohatong o mong le o mong.EN 169.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents