Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Satane O Sebetsa A Ikhakantse

    Ho tla ba joalo ntoeng ea ho qetela pakeng tsa ho lōka le sebe. Ha bophelo bo bocha le matla li theohela ho barutuoa ba Krete li qholotsa makhotla a Satane. Ka bomenemene bo a ithutileng bona ka lilemo tse makholokholo tsa ho loantša Molimo ea bokhopo e sebetsa e ikhakantse, e ikapesitse joaloka lengeloi la khanya. Batho “ba khomarele meea e khelosang, le lithuto tsa bademona”. 1 Timothea 4:1.EN 169.3

    Baetapele le Baruti ba Iseraele ba ne ba sa e le hlōkō monyetla oo ka ona ba ka beng ba ile ba hlola meea e litšila. E ne e le ka lentsoe la Molimo Kreste A ileng A tseba ho hlola e mobe. Baetapele ba Bajuda ba ile ba toloka lentsoe la Molimo hore le bolele seo Molimo O neng O sa se fana. Ba ne ba etsa khang ka ntho tse sa tsebisahaleng ‘me ba latola linnete tseo e leng tsa bohlokoa. Kahoo lentsoe la Molimo la amohuoa matla a lona; eaba moo meea e litšila e etsang ka boithatelo.EN 169.4

    Pale ea lefatše ea ipheta. Bibele e phetluoe pel’a bona baetapele ba tsa bolumeli nakong ena ea rōna ba ntse ba phetlile Bibele ba hlile ba ripitla tumelo ea batho lentsoeng la Molimo. Ba kheketla lentsoe la Molimo e be ba beha maikutlo a bona ka holim’a se hlalosoang ke Lentsoe. Ke kahoo ho hloka tumelo ho atileng ‘me le bokhopo bo atileng.EN 169.5

    Ba furallang thuto tsa mangolo tse hlakileng le matla a kholisang a Moea oa Molimo o Halalelang o kholisang ba mema bademona ho ba laola. Ho hanyetsa Mangolo a Halalelang ho buletse motheketheke sebaka le hona ho lumela bafung ‘me ntho ena e fumanoa le ka har’a likereke tse ipitsang ka Jesu Kreste. Ho na le meea ea bohata e ipapisang le khaso ea molaetsa o molemo. Batho ba bangata ba ee ba qale ho sebetsa le meea ena e le ha ba rata ho bona hore na ehlile meea ke ntho e teng. Ere ha ba lemoha hore e na le matla a fetisang a botho ba hoheloe ke eona ho fihlela e ba busa. Ebe moea o felloa ke boitšireletso. Motho ea joalo a ka iphumana a fetohile lekhoba la sebe seka motho ea kenoeng ke modemona. Empa boemo ba hae ha bo bolele hore a ke ke a thusoa ke Kreste.EN 170.1

    A ka hlola ka matla a Lentsoe la Molimo. Haeba re lakatsa ho tseba le ho etsa thato ea Molimo, tšepiso ena ea Hae ke ea rona e reng, “le tla tseba ‘nete, ‘me ‘nete e tla le lōkōlla.” “Ha motho a rata ho etsa thato ea ea nthōmileng, o tla tseba hore na thuto eo e tsoa ho Molimo.” 1 Johanne 8:32; 7:17. Ka tumelo litšepisong tsena motho e mong le e mong a ka pholosoa mahlaahleleng a liphoso le puso ea sebe.EN 170.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents