Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tšepo E Teng Ho Mang Kapa Mang Ea Lahlehileng

    Ha ho motho ea oeleng putla, ha ho motho ea mobe be! ea ke keng a fumana pholoho ho Kreste. Motho ea nang le modemona o ne a ka bua mantsoe a tsoang ho Satane feela empa Molimo A utloa sello se ka pelong. Le haeba sello se tsoang moeeng se sa utloahale ka mantsoe Molimo Oa se utloa. Ba amohelang ho kena selekaneng le Molimo oa leholimo ba mengoa ke Mopholosi: O re, “a ba ke ba tie ho ‘na, ‘na ke be setšabelo sa bona, ba tle ho ‘na ke etse khotso le bona. E, ba tle ho ‘na ke etse khotso le bona.” Esaea 27:5. Mangeloi a Molimo a tla loanela motho eo ka matla a hlōlang. “Na...mothopuoa o lopolloa ho motlalapi oa hae?...Ba loantšanang le uena ke tla ba loantsa, bana ba hao ke ba lopolle.” Esaea 49:24,25.EN 170.3

    Eare ha phutheho ka ntlong ea thapelo e ntse e hapehile maikutlo, Jesu A ba siea ho ea tlung ea Simone ho phomola hanyenyane. Empa le mona lefifi le ne le aparetse. Mohoehali oa Simone o ne a tšoeroe ke “feberu e bohale.” Jesu A inamela ho eena hae, a khalemela feberu, ‘me ea mo tlohela, a tsoha hang-hang, a nt’o, ba sebeletsa.EN 171.1

    Litaba tsa mosebetsi oa Kreste tsa phatlalla kapele Kaperenauma. Ka hobane borabbi ba ne ba tšajoa, batho ba tšaba ho tla phekoloa ka Sabatha. Hang ha letsatsi le likela batho ba khobokana moo Jesu A neng A lula teng. Ba kulang ba tlisoa ho Mopholosi.EN 171.2

    Hora kamora’ hora ba ‘na ba fihla, ba tsamaee, hobane ho ne ho se motho ea tsebang hore na hosasa ba tla fumana Ea folisang A ntse A le teng har’a bona. Haesale motse oa Kaperenauma o ne o es’o bone letsatsi le tšoanang le lona. Moea o ne o tletse mantsoe a tlholo, a thabileng. Mopholosi O ile A thabela matla a Hae a pholiso a busetsang bophelo le thabo ho bakuli.EN 171.3

    E ne e se e le bosiu haholo ha matsoele a khutlela mahae ‘me khutso e e-ba teng lapeng la Simone. Letsatsi le lelelele, le thabisang le ne le se le fetile, joale Jesu A batla ho phomola. Empa ha batho ba sa khalehile, “e sa le ka malungoalungoana, Jesu a tsoha, a tsoa, a ea nahathothe, a rapella teng.”EN 171.4

    Hangata Jesu O ne A lōkōlla barutuoa ba Hae ho chakela mahaeng a bona ho ea phomola; empa ka bonolo A hanana le maleke a bona a ho Mo suthisa mosebetsing oa Hae. O ne A ee A sebetse letsatsi lohle e re mantsiboea kapa kameso A ee lithabeng ho ea buisana le Ntat’ae. Hangata O ne A qeta bosiu bohle A rapela, A khutlele mosebetsing oa Hae ha letsatsi le chaba.EN 171.5

    Esale hosasa, Simone le barutuoa ba bang ba tla ho Jesu, ba re batho ba se ba ntse ba ‘Matla. Baokameli Jerusalema ba ne ba batla ho ‘molaea; esitana le banna ba motse oa Habo ba ne ba lekile ho felisa bophelo ba Hae; empa Kaperenauma O ile A amoheloa ka thahasello, ‘me tšepo ea barutuoa e ile ea tuka bocha. Ho ka etsahala hore ebe har’a ba Galelea ba ratang tokoloho ho ka fumanoa batšehetsi ba ‘muso o mocha. Ba makala ha ba utloa Kreste A re, “A re eeng nq’e ‘ngoe metseng e ka mathōko, e le hore le teng ke tle ke rute, hobane ke seo ke se tletseng.” Mareka 1:38. Jesu O ne A sa khotsofalle ho hohella batho ho Eena, e le mofolisi ea makatsang. Leha batho ba thahaselletse ba lumela hore o tlile ho tla ba morena le ho theha ‘muso oa lefatše lena, Eena A lakatsa ho tlosa menahano ea bona nthong tsa lefatše ho e isa ho tsa moea.EN 171.6

    Ho makalloa ke sechaba hona ha Hae ha Mo imela moeeng. Hlompho eo lefatše le eeng le e nehe batho ho latela boemo kapa leruo kapa litalenta tsa bona e ne e se mokhoa o amohelehang ho Mor’a Molimo. Ha ho le o mong oa mekhoa e sebelisoang ke batho ho ikhulela bolateli eo Jesu A ileng A e sebelisa. Ho ile ha porofetoa ka Eena ha thoe, “Ha a ka ke a hōoeletsa kapa a phahamisa lentsoe, kapa a peroha har’a literata....O tla ahlōla bohle ka botšepehi.” Esaea 42:2,3.EN 172.1

    Bophelong ba Jesu, ho ne ho se lerata le khang, leha e le borapeli bo reretsoeng ho itlisetsa thoriso, ho se na ketso e memang thooletso. Kreste O ne A patiloe ho Molimo, ‘me Molimo O ne A senoloa semelong sa Mora oa Hae.EN 172.2

    Letsatsi la ho Lōka (eleng Kreste) ha lea ka la hlaha lefatseng ka khanyahali, ho tsietsa likelello ka leselihali la Hae. Butle-butle le ka bonolo letsatsi le ee le leleke lefifi, ‘me le tsosetse lefatše bophelong. Ke ka tsela e joalo Letsatsi la ho Lōka le hlahang, “ka mahlaseli a lona a folisang.” Malakiea 4:2.EN 172.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents