Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Pholiso Ea Moea Hangata E Etella Pele Pholiso Ea ‘Mele

    Har’a likete tsa ba kulang ‘meleng kajeno ho na le lenyora la ho utloa mantsoe a reng, “libe tsa hao li tšoaretsoe,” feela joaleka ea neng a omeletse litho. Sebe ke mothèo oa mafu a bona. Mofolisi oa meea ke Eena feela ea ka fanang ka matla a kelello le bophelo ‘meleng.EN 179.4

    Le hajoale Jesu O ntse A ena le matla ao A fanang ka bophelo joalokaha A ne A le lefatseng, A folisa ba kulang, ‘me A fana ka tšoarelo ho moetsalibe. “Ke eena ea u tšoarelang melato ea hao kaofela...ea folisang mahlōkōng a hao kaofela.” Pesalema 103:3 Sheba 1 Johanne 3:8, Johanne 1:4-10; 10:10; 1 Bakorinthe 15:45.EN 179.5

    Ha monna ea ileng a folisoa a feta har’a batho a jarile moalo oa hae habobebe joaloka masiba, batho ba fana ka sebaka hore a fete. Batho ka lifahleho tse maketseng ba buela fatše har’a bona ba re, “Re bone limakatso kajeno.”EN 180.1

    Bafarisi ba sitoa ho buoa ke ho makala ‘me ba apareloa ke ho hloleha. Ka ho soaba le ho teneha ba hlokomela leha ba sa ka ba amohela taba eo pontšeng hore Ea ba phahametseng O har’a bona. Ha ba tloha lapeng la Simone, moo ba ileng ba bona ha ho folisoa ea omeletseng litho, ba tsamaile ba aparetsoe ke hose lumele ‘me ba rerile ho etsa mano a macha a ho tholisa Mora oa Molimo.EN 180.2

    Lelapeng la ea folisitsoeng thabo e ne e le kholo. Ba lelapa ba ‘mokanetse ka meokho ea thabo, hoo ba neng ba sitoa ho kholoa seo mahlo a bona a se bonang. Nama tse neng le ile tsa kokobana tsa nchafala, tsa sola. O ne a bontša bophelo, mehato ea hae e lōkōlōhile. Thabo le tšepo li ne li ngoliloe sefahlehong sa hae. Bohloeki le khotso tsa nka sebaka sa metoa ea sebe le bohlōkō. Monna enoa hammoho le lelapa la hae ba ne ba itōkiselitse ho nehela maphelo a bona ho Jesu. Ho ne ho se tika-tiko e fifatsang tumelo ea bona ho Ea neng A tlisitse leseli ka har’a lelapa la bona le neng le le lefifing.EN 180.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents