Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Makuka A Macha A Veine E Ncha

    Mopholosi A furalla Bafarisi, A retelehela ho ba bang ba ka amohelang molaetsa oa leholimo. Moo A fumaneng makuka a macha bakeng sa veine e ncha ke ho batšoasi ba lihlapi ba sa rutehang, balekhethoa mapatlelong, mosaling oa Mosamaria, bathong feela ba Mo utloileng, ba Mo thabetseng. Batho ba amohetseng leseli le rōmetseng ke Molimo ka thabo, ke maqosa a Hae a isang ‘nete lefatšeng.EN 187.1

    Lithuto tsa Kreste, tse bapisitsoeng ka veine, e ne e se lithuto tse ncha, empa e ne e le tse ileng tsa rutoa ho tloha tšimolohong. Empa ho Bafarisi, lithuto tsa Kreste li ne li le ncha ka hohle, ‘me li ne li sa eloe hloko leha ele ho amoheloa ke bona.EN 187.2

    “Ha ho eo ekareng ha a noele veine ea khale, ebe o lakatsa e ncha, hobane o re: ‘Ea khale e monate ho feta.’” ‘Nete e fanoeng ke bapateriareka le baporofeta e ile ea khanya ka botle ba mantsoe a Kreste. Empa bangoli le Bafarisi ba ile ba hloka takatso ea veine ea bohlokoa e ncha. Ntle le hore ba hlohlolle meetlo ea khale le liketso tsa eona, ba ne ba tla hloka sebaka sa lithuto tsa Jesu lipelong le likelellong tsa bona.EN 187.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents