Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 29—JESU O PHOLOSA SABATHA

    Sabatha se hlohonolofalitsoe tšimolohong. Joalokaha se ile sa khetheloa motho, se ile sa e-ba le qaleho “mohla boMphatlalatsane ba binang ba le ‘moho, mangeloi ‘ohle a hōoa ka thabo.” Jobo 38:7. Lefatše le ne le hatela-’moho le leholimo. “Joale Molimo a talima tsohle tseo a li entseng, ‘me a bona hore li ntle haholo;” ‘me A phomola ka thabo ea hoba A qetile mosebetsi oa Hae. Tsimoloho 1:31.EN 189.1

    Ka hobane Molimo O ile A phomola ka Sabatha, “Molimo a hlohonolofatsa letsatsi leo la bosupa, a le halaletsa” (Tsimoloho 2:3) — A le khethela tšebeletso e halalelang. E ne e le sehopotso sa mosebetsi oa ho hlola lefatše, ‘me ka tsela eo e le sesupo sa matla le lerato la Molimo.EN 189.2

    Lintho tsohle li hloliloe ke Mora oa Molimo. “Lintho tsohle li bile teng ka Iona, ‘me ha ho letho le bileng teng haese ka Iona.” Johanne 1:3. Joalokaha Sabatha e le sehopotso sa mosebetsi oa tlholeho, ke pontšo ea lerato le matla a Kreste.EN 189.3

    Sabatha se re hulela ho tla buoa le ‘Mopi. Linonyana ha li bina, ha lifate li sisinyeha ke moea, le leoatle le bina, le teng re ka utloa lentsoe la Hae, Eena ea buileng le Adama Edene. Ha re boha matla a Hae tlholehong, re fumana boiketlo, hobane Lentsoe le hlolileng lintho tsohle ke lona le buoang bophelo ho motho. Eena ea itseng “‘Leseli le khanye lefifing,’ ke Eena ea khantšelitseng lipelo tsa rōna, hore li be le leseli la tsebo ea tlōtla ea Molimo, e khanyang sefahlehong sa Kreste.” 2 Bakorinthe 4:6.EN 189.4

    ”Sokolohelang ho ‘na, le tle le pholohe, lōna lipheletso tsohle tsa lefatše; ke ‘na Molimo, ha hona e mong.” Esaea 45:22. Ona ke molaetsa o ngotsoeng tlhahong, oo Sabatha se etselitsoeng ho re hopotsa ona. Ha morena A ne A joetsa Iseraele ho halaletsa Sabatha ea Hae, O ile A re, “Halaletsang Lisabatha tsa ka, hore e tle e be sesupo pakeng tsa ka le lona. Ka hona le tla tseba hore ke ‘na Morena Molimo oa lona.” Esekiele 20:20.EN 189.5

    Batho ba Iseraele ba ne ba e-na le tsebo ka Sabatha pele ba fihla Sinai. Tseleng, Sabatha se ne se bolokoa. Eare ha ba bang ba se hlompholla, Morena O ne A ba khalemela, “ke ho fihlela neng le tla hana ho boloka litaelo tsa ka, le melao ea ka?” Phallo 16:28.EN 190.1

    Sabatha e ne e se sa Iseraele feela, empa e ne e le sa lefatše. Joaloka melao e leshome, ke taelo e ke keng ea fela. Ha A bua ka molao oo Kreste O re “Ho fihlela leholimo le lefatše li fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le ‘ngoe le ha e le letšoaonyana le le leng Molaong.” Matheu 5:18. Ha feela leholimo le lefatše li ntse li le teng, Sabatha e tla tsoela pele e le letšoao la matla a ‘Mopi. Mohla Edene e hlahang hape lefatseng, letsatsi la phomolo le halalelang le tla hlomphuoa ke bohle tlas’a letsatsi. “Batho bohle ba tla nkhumamela, ba nkhumamele ha khoeli ka ‘ngoe e thoasa, ba nkhumamele ka Sabatha se seng le se seng.” Esaea 66:23.EN 190.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents