Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ke Balisana Feela Ba Ileng Ba Hlokomela

    Naheng eo ho eona moshanyana Davida a neng a kile a lisetsa teng, balisana ha ba alositse mehlape ea bona bosiu, ‘me ba buisana ‘moho ka Mopholosi ea tšepisitsoeng, ba ne ba rapella ho tla ha Hae. “Lengeloi la Morena la fihia ho bona....Lengeloi la re ho bona: ‘Se tšabeng. Bonang, ke le bolella molaetsa o molemo oa thabo e kholo, eo e tla ba ea batho bohle. Kajeno, motseng oa Davida, le tsoaletsoe Mopholosi, e leng Kreste Morena.’”EN 27.4

    Ka mantsoe ana lipono tsa khanya tsa tlatsa likelello tsa balisana ba mametseng. Mopholosi O fihlile! Matla, tlōtla le tlhōlo li tsamaea ‘moho le ho tla ha Hae. Empa lengeioi la ba lokisa hore ba bone Mopholosi oa bona A le bofutsaneng ‘me A ikokobellelitse tlase-tlase. “Le tla fumana lesea le phuthiloeng ka masela, le robetse ka sejelong.”EN 28.1

    Leqosa la leholimo le ne le kokobelitse tšabo ea bona. Le ne le ba boleletse hore na ba tla fumana Jesu kae. Le ba file le nako hore ba tloaele khanya ea leholimo. Eaba thota eohle e tlala khanya ea Molimo. Lefatseng ha thola ha re tu! ‘me leholimo la kobotela ho mamela pina:-EN 28.2

    “Tlōtla e be ho Molimo
    maholimong a holimo-limo,
    khotso e be lefatseng
    ho batho ba mo khahlang!”
    EN 28.3

    Eka kajeno batho ba ka ela pina eo hlōko! Mololi o neng o qale ka nako eno o tla ‘ne o utloahale ho isa bofelong ba nako, ho fihlela bofelong ba lefatše.EN 28.4

    Hoba mangeloi a tlohe, lefifi la bosiu la boela la aparela lithota tsa Betlelehema. Empa setšoantšo se khanyang ho feta tsohle tse kileng tsa bonoa ke mahlo a motho, sa sala mehopolong ea balisana. “Ba buisana, ba re: ‘A re eeng Betlelehema, re e’o bona taba eo e etsahetseng, eo Morena a re tsebisitseng eona.’ Ba ea ka potlako, ‘me ba fumana Maria le Josefa, le lesea le robetseng ka sejelong.” “Bohle ba utloang ba makalla tseo ba li bolelloang ke balisa.”EN 28.5

    Hase hore leholimo le lefatše li se li arohane hakaalo kajeno ho feta nakong eo balisana ba neng ba mametse pina ea mangeloi. Mangeloi a tsoang makhotleng a leholimo a tla tataisa mehato ea batho ea letsatsi le letsatsi.EN 28.6

    Paleng ea Betlelehema ho phuthetsoe “borui, le bohlale, le tsebo ea Molimo.” Baroma 11:33. Re makatsoa ke sehlabelo sa Mopholosi ha A tlohela terone ea leholimo, ‘me A ea sejelong. Ka ketso ena boikhōhōmōso ba motho bo sala bo khalemetsoe pel’a sefahleho sa Hae.EN 28.7

    Empa hona e ne e le qalo feela ea ho itheola ha Hae! Ekasitana e ne e-ba Mora oa Molimo O ne A nkile sebōpeho sa motho ha Adama a e-s’o etse sebe, A ka be A ntse A itheotse. Empa Jesu A amohela botho, ha leloko la botho le se le fokolisitsoe ke sebe ka lilemo tse likete tse ‘ne. Joaloka ngoana e mong le e mong oa Adama O bile tlas’a tšusumetso ea lefutso. Tholoana tsena tsa lefutso li bonahetse paleng ea baholo-holo ba leloko la habo. O tlile ka lefutso le joalo ho tla nka karolo litekong, ‘me A re fe mohlala oa bophelo bo se nang sebe.EN 29.1

    Satane o ne a hloile Kreste. A hloea Eena Ea ileng A itlama ho pholosa baetsalibe. Athe hona lefatseng leo Satane a reng ke ‘musong oa hae, Molimo A lumella Mor’a Hae ho tla, e le lesea le hlokang thuso, A le boemong bo fokolang ba batho, ho tla thulana le mathata a bophelo joaleka motho e mong le e mong, A loane ntoa eo ngoana e mong le e mong oa motho a e loanang -A ba tsietsing ea hore A ka ‘na A hlōloa ke ntoa ‘me eaba O timella run.EN 29.2

    Pelo ea ntate mona lefatseng e sheba sefahlehong sa ngoana oa hae e monyenyane, ‘me e thothomele ha e nahana mathata a bophelo. A lakatse ho mo tšireletsa melekong le likhohlanong tsa bophelo. Molimo Eena A fana ka Mor’a Hae ea ‘notsi hore A tl’o thulana le likhohlano tse bohale ho feta le ho bea bophelo ba Hae kotsing ho feta.EN 29.3

    “Seo lerato le leng sona ke sena.” 1 Johanne 4:10. Makalang lōna maholimo! ‘me le hlōlloe, lona ba lefatseng!EN 29.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents