Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kreste O Felisa Tsepo Ea Boholo Ba Lefatše

    Thutong ea thabeng, Jesu O ne A batla ho etsolla mesebetsi eohle e neng e bakiloe ke lithuto tsa bohata. A batla ho bontša bamameli ba Hae setšoantšo sa ‘nete sa ‘muso oa Hae. O ile A ba bolella mekhoa ea ho kena musong oa Hae, A sa hanyetsane le maikutlo a bona, ka tseo ba neng ba li utloile lithutong tsa bohata, ‘me A ba tlohela hore le bona ba iketsetse liqeto tsa bona ka sebōpeho sa ‘muso oa Hae. Jesu a re, Ho lehlohonolo bohle ba elelloang bofutsana ba moea oa bona ‘me ba utloa ba batla pholoho. Ha se hoba ikhohomosang moeeng litaba tse molemo li tlang ho senoloa empa ke ho bano ba ikokobelitseng, ba bakileng.EN 203.1

    Pelo e ikhohomosang e loanela topollo ka matla a eona empa ho tšoaneleha le tōkelo ea leholimo li fumaneha feela ho lōkeng ha Jesu. Ha ho letho leo Morena A ka le etsang ho lokolla motho ntle le hore eena a itihele tlas’a tsamaiso ea Molimo. Ke kamora’ mona a k’a fumanang neho eo Molimo O ntseng O mo behetse eona. Ha ho letho le ka haneloang moea o utloang bohloki ba ‘ona. Bona Esaea 57:15.EN 203.2

    “Ho lehlohonolo ba mahlomoleng, hobane ba tla tšelisoa.” Sello seo Jesu A buang ka sona hase sello sa tšiamo kapa ho lla ho tloaelehileng. Re atisa ho siama hobane mesebetsi ea rona e mebe e re tlisetsa litholoana tse babang, empa tšoabo ea ‘nete ha motho a entse sebe e bontša tšebetso ea Moea o Halalelang. Moea o Halalelang O re tlisa maotong a sefapano ha re soabela libe tsa rona. Ka sebe se seng le se seng seo re se etsang re eketsa maqeba a Jesu ‘me ha re talima moo re mo hlabileng re soabela libe tse tlisitseng mahlōkō ho Jesu. Lillo tse joalo li lebisa phurallong ea libe. Tsoabo e tjena e re kopanya le Ea sa feleng. Likhapha tsa ba soabileng li tšoana le marotholi a pula a etellang pele letsatsi la khanya ea khalalelo, a tlisa mohloli oa thabo o tlang ho phela moeeng. Bona Jeremia 3:12 le Esaea 61:3.EN 203.3

    Le ho ba llisoang ke liteko le tšoabo matšelitso a teng. Ke ka mathata Molimo O re senolelang matheba a mabe libōpehong tsa rōna, hore ka mohau oa Hae re tle re fumane tlholo. Likhaolo tsa bophelo ba rona tseo re sa li tsebeng lia senoloa ebe hlahlobo ea re tlela, hore ho bonahale, hore na re lumela khalemelo le keletso ea Molimo. Ha re lekoa, re se ke ra nganga kapa hona ho touta, ‘me ra intša liatleng tsa Kreste. Litsela tsa Morena li hlaha li le lefifi li hloka monate ho rona batho. Empa litsela tsa Molimo ke litsela tsa Mohau ‘me qetello ea tsona ke pholoho.EN 204.1

    Polelo ea Molimo ho ba hlomohileng ke ena, “masoabi a bona [a tla fetoha] e be nyakallo.” Jeremia 31:13.EN 204.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents