Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Moea O Nang Le Khutso O Rorisa Molimo

    “Ho lehlohonolo ba bonolo.” Mathata ao re kōpanang le ona a ka fokotsoa ka mohau feela o ipatileng ho Kreste. Ha re ka ba le boikokobetso ba Morena oa rona re tla phahamela lithohako, likhano le mahloeo. Re tla khaotsa ho tlisa masoabi holim’a meea ea rona. Eo e reng ha a sebelisoa hampe a hlolehang ho bōlōka moea o khutsitse, o hlokisa Molimo matla a ho senola ka ho eena semelo sa ‘Ona se phethehileng. Boikokobetso ba pelo bona le matla a fanang ka tlhōlo ho balateli ba Kreste.EN 204.3

    Ba bontšang moea oa boikokobetso oa Kreste ba ka shejoa ka nyatso ke lefatše, empa ba na le letlotlo le leholo mahlong a Molimo. Bafumanehi moeeng, ba ikokobelitseng lipelong, le bao thahasello ea bona e kholo e leng ho etsa thato ea Molimo — bona ba tla ba har’a palo ea ba hlatsoitseng liaparo tsa bona maling a Konyana.EN 204.4

    “Ho lehlohonolo ba lapetseng ho loka, ba ho nyoretsoeng, hobane ba tla khotsofatsoa.” Pelo e ikutloang e sena tōkelo e tla susumetsoa ho lapela ho loka. Bohle ba laba-labelang ho tšoana ka semelo le Molimo ba tla khotsofatsoa. Lerato le tla holisa moea le o fe matla a ho fumana boiphihlelo bo phahameng, le tsebo e pharaletseng ea lintho tsa leholimo, hore e seke ea haelloa ke ho tlatsoa.EN 204.5

    Ba mohau ba tla hauheloa, ‘me ba pelo li hloekileng ba tla bona Molimo. Monahano o mong le o mong o mobe o sitisa kelello ho nahana ka tsusumetso ea Moea o Halalelang. Morena A ka tšoarela ebile O tšoarela moetsalibe ea bakang; empa leha A tšoaretse, moea o se o silafetse. Puo kapa monahano ohle o litšila o tlameha ho haneloa ke eo ea batlang ho ba le pono e hlakileng ea ‘nete ea moea.EN 205.1

    Empa lipolelo tsa Kreste li akarelletsa ho feta tōkōlōho litakatsong tse litšila le ho feta tōkōlōho tsilafatsong ea meetlo, eo Bajuda ba neng ba ikhula ho eona ka thatathata. Boikhabo bo re thibela ho bona Molimo. Ho fihlela re lahlile ho ipatla, re ke ke ra Mo utloisisa Eena e leng lerato. Ke feela pelo e hlokang boikhabo, e ikokobelitseng, le moea o nang le tšepo o tlang ho bona Molimo e le Ea “nang le kutloelo-bohlōkō, ea mosa, ea liehang ho halefa, ea nang le mohau o moholo le botšepehi.” Phallo 34:6.EN 205.2

    “Ho lehlohonolo ba bopang khotso.” Lefatše le khahlanong le molao oa Molimo, baetsalibe ba khahlanong le ‘Mopi oa bona. Ka lebaka lena ba loantšana ka bobona. Menahano ea botho e sitoa ho tsoala khotso hobane ha e fihle pelong. Matla a ka bopang khotso ea ‘nete feela ke a mohau oa Kreste. Ha mohau ona o lengoa pelong o tla ntša menahano e mebe e bakang likhang le pherekano.EN 205.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents