Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Hlompho E Lebisa Thabong

    Molimo O rata batho. Ho re sireletsa litholoaneng tsa tlōlo ea molao, O senotse melao ea ho loka. Ha molao o amoheloa ka Kreste, o re phahamisetsa ka holim’a matla a litakatso tsa tlhaho hammoho le bofokoli, ka holim’a liteko tse re lebisang sebeng. Molimo O re file boleng ba molao, ho re ka ho o bōlōka re tle re thabe.EN 207.3

    Thabeng ea Sinai, Molimo O ile A tsebisahatsa bohalaleli ba semelo sa Hae, hore ha ba ipapisa le Eena, ba tle ba bone hore bophelo ba bona bo tletse sebe. Ba fuoe molao ho ba hlokomelisa sebe, le hore ba tle ba bone hore ba hloka Mopholosi. Mosebetsi ona o ntse o tsoanetse ho phethahala. Ha Moea o Halalelang O senolela batho hore ba hloka mali A Kreste a hlatsoang libe le ho loka ha Hae, molao ke ona o sebelisoang ho re tlisa ho Kreste, e le hore re tle re hloekisoe ka tumelo. “Molao oa Morena o phethehile, ke ‘musa-pelo.” Pesalema 19:8.EN 207.4

    “Ho fihlela leholimo le lefatše li fela, ha ho ka ke ha fetoha tlhakunyana e le ‘ngoe leha e le letšoaonyana le le leng Molaong, ho fihlela tsohle li etsahala.” Letsatsi le chabileng le lefatše ke tsona lipaki tsa Molimo hore molao oa Hae o ka ho sa feleng. Leha tsohle li ka feta, lihloliloeng tsona li tla sala. Liketsahalo tsa mekhoa tse neng li bontša Jesu joaloka Konyana ea Molimo li ne li tlameha ho felisoa lefung la Hae, empa Melao e leshome e ke ke ea fetoha joaloka terone ea Molimo ha e sa fetohe.EN 208.1

    Bophelo ba Mopholosi ba kutlo bo ne bo bontša hore molao o ka bōlōkoa ke batho, hape bo ne bo bontša bokhabane ba semelo se hlahisoang ke ho ba le mamelo. Ka letsohong le leng bohle ba robang molao oa Molimo ba lumellana le puo ea Satane ea hore molao o ke ke oa bōlōkoa. Ha ba ka lumelloa ho kena leholimong hape ba tla tlisa likhohlano le pherekano, ‘me ba behe botsitso ba maholimo kotsing. Ha ho le a mong ea sa hlonepheng leha e le sekoto sa molao ea tla kena ‘musong oa Molimo.EN 208.2

    Thetso e kholo ea kelello ea motho, nakong ea Kreste, e ne e le hore ho lumellana le ‘nete feela ke ho loka. Boiphihlelong bohle ba botho tsebo ea ‘nete ka kelello feela e bontšitse e sitoa ho pholosa motho. Ha e tlise litholoana tsa ho loka.EN 208.3

    Ho boulella ho bitsoang ‘nete ea thuto -Molimo ho atisa ho tsamaea le lehloeo la seo eleng ‘nete ruri joalokaha e bonoa bophelong. Litlaleho tse lefifihali tsa histori li hlaha moo histori e tlalehang botlokotsebe bo neng bo etsoe ke balumelihali ba baikaketsi. Bafarisi ba ne ba inahana hore ke bona balumeli ba baholo lefatšeng, empa seo se neng se bitsoa tumelo e hloekileng ea bona se ile sa etsa hore ba thakhise Morena oa khanya. Ba bangata ba re ba lumela ‘nete; empa haeba ha e ba etse hore ba ikokobetse, ba be mohau, ba be le mamello, ba be le kelello ea leholimo, boipolelo ba bona ke thohako. ‘Me tlas’a tsusumetso ea bona ke thohako lefatšeng.EN 208.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents