Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Liteko Hase Boitšireletso

    Liteko tsa Satane ha lia tsoanela ho beoa e le boitšireletso ketsong ea motho e mpe. Ha hona boitšireletso bakeng sa ho etsa sebe. Boitsoaro bo halalelang le bophelo bo kang ba Kreste bo a fumaneha ngoaneng e mong le e mong oa Molimo ea bakang ‘me a lumela ho Molimo.EN 209.3

    Joalokaha Mora oa Molimo A ne A phethehile bophelong ba Hae, ka mokhoa o joalo balateli ba Hae ba tlameha ho phetheha maphelong a bona. Jesu O ne A entsoe joaloka bana babo linthong tsohle. E ne e le nama joaloka rōna. O ne A entsoe joaloka motho ka hohle, empa e ne e le Mor’a Molimo ea hlokang sekoli. E ne e le Molimo nameng. Semelo sa Hae se lokela hoba sa rōna.EN 209.4

    Kreste ke leri eo Jakobo a neng a e bone torong; karolo e ka tlase ea eona e le lefatseng, ntlha ea eona e fihla leholimong. Haeba leri eno e ne eka ea sitoa ka bohato bo le bong feela ho fihla lefatseng re ka be re lahlehile. Empa Kreste O re fihlela moo re le teng. O ile A nka sebōpeho sa rona ‘me A hlola, e le hore rōna ka ho nka sebōpeho sa Hae re tle re hlole. O entsoe “botho bo tšoanang le ba baetsalibe” (Baroma 8:3), O ile A phela bophelo bo hlokang sebe. Joale oa re laela hore ka tumelo re finyelle khanyeng ea semelo sa Molimo.EN 209.5

    Re tlameha ho phetheha joalokaha “Ntat’a rona ea maholimong a phethehile.”EN 210.1

    Jesu O na bontšitse hore ho loka ke eng, me A supa Molimo e le mohloli oa ho loka. Joale A retelehela mesebetsing ea rōna ea letsatsi ka letsatsi. Ho seke ha etsoa letho le tla hohella mahlo a batho ho rona kapa ho ipatlela thoriso. Fanang ka botšepehi ho ba futsanehileng, ba phelang ka thata. Thapelong buisanang le Molimo. Ha le itima lijo, se keng la itima ka pelo tse tletseng boikhohomoso.EN 210.2

    Tsebeletso e fanoang ka boikokobetso e na le moputso o moholo. “Ntat’ao ea bonang le sephiring o tla u buseletsa.” Ka bophelo boo re bo phelang, ka mohau oa Kreste, semelo se ea bopeha. Re fumana semelo sa sebōpeho sa Kreste, ‘me setšoantšo se halalelang se qala ho khanya ka hare. Banna le basali ba tsamaeang ‘me ba sebetsang le Molimo ba koahetsoe ke moea oa leholimo, ho bona, ‘muso oa leholimo o se o qalile.EN 210.3

    “Ha ho motho ea ka sebeletsang marena a mabeli.” Thuto ea Bibele hase tsusumetso e ‘ngoe har’a tse ngata; e tlameha ho kenella bophelo bohle.EN 210.4

    “Haeba leihlo la hao le hloka sepha, ‘mele oohle oa hao o tla ba leseling, empa haeba leihlo la hao le sa loka, ‘mele oohle oa hao o tla apareloa ke lefifi.” Ea batlang ho tseba ‘nete o tlameha a be a ikemiselitse ho amohela tsohle tseo ‘nete e li senolang. Ho thekeselaka le ho hloka pelo e tiileng malebana le ‘nete ke ho khetha phoso le thetso ea Satane.EN 210.5

    Molao oa lefatše le molao oa ho loka ha e nyallane joaloka ‘mala oa mookoli. Pakeng tsa tse peli tsena hona le phapang e hlakileng e bontšitsoeng ke Molimo. Ho tšoana le Kreste ho ikhetholotse le ho tšoana le Satane joaloka motseare ho bosiu. ‘Me ke bano ba phelang bophelo ba Kreste feela ba eleng basebetsi ‘moho le Eena.EN 210.6

    Bao ba khethileng tšebetso ea Molimo ba tlameha ho phomola tlhokomelong ea Hae. Kreste O ile A supa linonyana tse neng li fofa maholimong, le likhahla masimong ‘me a botsa: “Ana lona ha le li fete hole ka bohlokoa na?” Tsoere e nyenyane e alositsoe. Lipalesa le joang li arolelana tlhokomelo ea Ntat’a rōna ea maholimong. Mopi o hlokometse likhahla tsa naha, a li etsa hore li khanye ho feta khanya ea Solomone. A ka se tsotelle motho joang, ea entsoeng ka setšoantšo le khanya ea Molimo? Joalekaha mahlaseli a letsatsi a chabela likhahla tsena ka mebala ea teng e metle, ka mokhoa o joalo Molimo o chabisetsa pelo botle ba sebōpeho sa Hae.EN 210.7

    Bukeng ea linnete ea Molimo, buka ea bophelo, e mong le e mong o na le leqephe. Leqephe leno le na le litaba tsohle tsa rōna. Bana ba Molimo ha ba hlakohe kelellong ea Hae. Ka mokhoa o joalo le se ke la belaela ka hosasane. Molimo ha A fe bana ba Hae litaelo tsohle tsa bophelo ba bona ka nako e le ‘ngoe. O ba bolella ka mokhoa o ba ka hopolang le hona ho etsa. Matla le bohlale tseo ba li fuang ke bakeng sa nako tsa joale tse potlakileng.EN 211.1

    “Se ahlōleng ba bang, hore Molimo a tle a se ke a le ahlōla.” Se ke oa inahana o le bohlale ho feta ba bang ‘me u hlōma u le moahloli oa bona. U ke ke oa tseba se susumetsang ketso. Ka ho tšoaea e mong liphoso u itlisetsa kahlōlo hobane o bontša hore o sebelisana ‘moho le Satane, eena moqosi oa batho. Bona 2 Bakorinthe 13:5; 1 Bakorinthe 11:31.EN 211.2

    Sefate se setle se bea litholoana tse ntle. Ka lebaka leo, litholoana tse hlahileng bophelong li pakahatsa semelo. Mesebetsi e metle e ke ke ea reka pholoho, empa ke sesupo sa tumelo e sebetsang ka lerato ‘me e hloekisa moea. Ha re fuoe moputso ka baka la mesebetsi ea rōna e metle empa e tla ba ka ho lekantšoa le mesebetsi e entsoeng ka mohau.EN 211.3

    Ho tjee Kreste O behile melaoana ea ‘muso oa Hae. Ho natefisa thuto O ile A etsa tlhakiso. Ha hoa lekana ho utloa lipolelo tsa ka; ka hlonepho le tlameha ho li etsa motheo oa limelo tsa lōna. Haeba u haha holim’a lipolelo tsa batho, ntlo ea hao e tla oela. E tla fefoloa ke meea ea liteko le liqoso. Empa melaoana ena eo ke le fileng eona e tla sala e sa fetohe. Nkamohele; u hahe holim’a lipolelo tsa ka.EN 211.4

    “Mang le mang ea utloang lipolelo tsena tsa ka, a li phetha, o tla tšoantšoa le motho ea bohlale, ea ileng a haha ntlo ea hae holim’a letlapa. Sekhōhōla sa fihla, liphororo tsa matha, meea ea puka, ea khahlela ntlo eo, empa ha ea ka ea oa, hobane e ne e theiloe holim’a letlapa.”EN 212.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents