Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ho Tsosoa Motho Ea Shoeleng

    Motse oa Naine o bohōle ba likilomithara tse 32 ho tloha Kaperenauma, me Jesu ha A tloha moo, O ile A leba teng. Hohle tseleng moo A neng A feta, batho ba ne ba e-tla, ba tlisa ba kulang pholisong, ‘me ba ntse ba tšepile hore O tla itlhahisa e le Morena oa Iseraele. O ne A lateloa ke batho ba thabileng ba lebeletseng ho hong ha A tsamaea tseleng eo e matlapa ho ea khorong ea motse oo o thabeng.EN 215.1

    Ha ba ntse ba atamela, ho ile ha bonahala mokoloko oa ba eang mabitleng. Ba eteletsoe pele ke setōpō se neng se kentsoe ka lekaseng le butsoeng. Ba neng ba tlil’o tšelisa ba ne ba bokane, ‘me sello sa bona se ne se tletse hohle.EN 215.2

    Mofu e ne e le mora a le mong oa ‘m’ae homme ‘m’ae eo e le mohlolohali. Enoa ea llang, ea mong, o ne a siiloe ke motho a le mong feela, ea neng a ka mo tšehetsa le ho mo khothatsa. “Eare ha Morena a bona ‘m’a mofu, a mo utloela bohlōkō.” Ha mosali a ntse a tsamaea, a sa bone le mo a eang teng ke meokho, Jesu A atamela ho eena ‘me A re ka bonolo, “se lle!” “Jesu a atamela, a ama lempara.” Jesu O ne A sa silafatsoe ke ho tšoara setōpō. Ba mo jereng ba ile ba ema, ‘me ba llang ba atamela ka tšepo. Har’a bona ho ne ho le teng har’a bona, Ea neng A kile A tebela bademona. Ebe le lefu le matleng a Hae?EN 215.3

    O ile A bua mantsoe a latelang, ka lentsoe le hlakileng, le nang le matla, “Mohlankana, ke re ho uena, tsoha!” Lentsoe leo le ile la phunyeletsa, la kena litsebeng tsa mofu. Mohlankana a bula mahlo. Jesu A mo tšoara ka letsoho, A mo phahamisa. ‘M’e le mora ba mamarelana ka thabo nako e telele. Matšoele a talima, a khutsitse, joaloka ha eka ba ka pel’a Molimo. “‘Me ba tlotlisa Molimo, ba re: ‘Moporofeta e moholo o teng har’a rona... Molimo o etetse sechaba sa hae.” Mokoloko o neng o e-ea mabitleng oa khutlela Naine e le mokoloko oa tlhōlo.EN 215.4

    Eo Ea ileng A ema pel’a ‘m’e ea llang, Naine, Oa hauha ha re utloile bohlōkō. Lentsoe la Hae le ntse le le matla joalokaha A ne A bua le mohlankana oa Naine. Sheba Matheu 28:18. Ho bohle ba lumelang ho Eena, e ntse e le Mopholosi ea phelang.EN 216.1

    Mora enoa oa mosali enoa, o ile a khutlisetsoa bophelong ba lefatše lena e le ha a tla boetse a mamella masoabi a bona, le ho boela a e-shoa hape. Empa Jesu Oa re khothatsa ha re soabile ka baka la ba shoeleng, ka molaetsa oa tšepo e sa feleng o reng, “Ke ‘na ea phelang. Ke ne ke shoele, empa ke ‘na enoa ke phela kamehla le mehla. Ke tšoere linotlolo tsa lefu le tsa Qalo ea Bafu.” Tsenolo 1:18.EN 216.2

    Satane a ke ke a tlamella motho le a mong lefung ha feela motho eo a amohela ka tumelo lentsoe le nang le matla la Kreste. “Tsoha, uena morobali, tsoha bafung.” Baefese 5:14. Lentsoe la Molimo le ileng la phelisa motho oa pele, le ntse le fana ka bophelo le kajeno. Lentsoe la Kreste le itseng, “Mohlankana, ke re ho uena, tsoha!” le ile la fa mohlankana oa Naine bophelo. E leng ho re, lentsoe lena le reng, “Tsoha bafung” ke bophelo ho motho ea le amohelang.EN 216.3

    ‘Me “haeba Moea oa ea tsositseng Jesu bafung o phela ka ho lona, ea tsositseng Kreste bafung o tla phelisa le ‘mele ea lōna e shoang.” Baroma 8:11; sheba 1 Bathesalonika 4:16,17. Lena ke lentsoe leo A laelang hore re khothatsane ka lona.EN 216.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents