Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Matla A Macha A Ea Busa

    Ha moea o inehela ho Kreste, matla a macha a busa ka pelong. Phetoho e ba teng, eo motho a ke keng a itlisetsa eona. Moea o inehetseng ho Kreste o fetoha qhobosheane ea Hae, eo A phelang ho eona, lefatšeng la bokoenehi, ‘me A etse hore ho se be matla a mang a ka hapang qhobosheane eo, haese Eena feela. Moea o sirelelitsoeng joalo ke makhotla a leholimo joalo, o sitoa ho kenoa ka liphutuho tsa Satane.EN 219.3

    Empa ha re sa inehele hore re tsamaisoe ke Kreste, re tla laoloa ke e mobe. Ha ho hlokahale hore u be u ikhethele ‘muso oa lefifi pepenene hore u busoe ke ona. Ho lekane feela hore re tlohele ho ikamahanya le ‘muso oa leseli. Ha re sa sebelisane ‘moho le makhotla a leholimo, Satane o tla lula ka pelong. Tsireletso ea pelo e ngoe feela; ke hore Kreste A lule ka hare ho eona ka tumelo le ho loka ha Hae. Ha re sa hokahana le Molimo ka ho tlala, re sitoa ho lesa boithati le ho qoba meleko le sebe. Re ka nna ra khona ho tlohela litloaelo tse mpe ka nakoana, empa ha re sa inehele ho Kreste motsotso o mong le o mong, le ho buisana le Eena, re mohaung oa sera ‘me re tla qetella re se sebeletsa.EN 219.4

    ‘‘Hoo litaba tsa motho eo tsa morao li bang mpe ho feta tsa pele. Ho tla ba joalo le ho molōko ona o khopo.” Ba hanneng pitso ea mohau ba thatafala ho feta bohle. Sesupo se tloaelehileng sa ho siteloa Moea o Halalelang, ke ha motho a tsoela pele ho nyelisa memo ea leholimo ea hore a sokolohe.EN 220.1

    Bajuda ba ile ba etsa sebe se senang tšoarelo ka ho hana Jesu; le rōna re ka etsa phoso e tšoanang le eo, ka ho hana memo ea mohau. Re soabisa Khosana ea bophelo ka pel’a Satane le leholimo, ha re hana ho mamela barōmuoa ba Hae bao A ba khethileng, ‘me re mamela ba khelosang meea ho e tlosa ho Kreste. Motho a ke ke a tšoareloa ha a etsa sena, ‘me o tla qetella a se a se na takatso ea ho boelanngoa le Molimo.EN 220.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents