Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Baena Ba Jesu Ba ‘Nete

    Ha Jesu A ntse A ruta batho, ho ile ha fihla molaetsa o reng ‘ma’e le bana babo ba lakatsa ho Mo bona kantle, o tlisoa ke barutuoa. “Empa Jesu a araba ea ‘molellang, a re: “Mè ke mang? Bana beso ke bo-mang?’ Eaba o otlollela letsoho ho barutuoa ba hae, o re: ‘Bonang! ‘Mè le bana beso ke bana. Mang kapa mang ea etsang thato ea Ntate ea maholimong, ke eena eo e leng ngoan’eso, le khaitseli, le ‘mè.’”EN 220.3

    Bohle ba amohelang Kreste ka tumelo, ba kopanngoa le Eena ka maqhama a fetang a tsoalano. Ka ho ba molumeli le moetsi oa mantsoe a Hae, ‘ma’e, o ne a le haufinyane le Eena ho feta ka tsoalano. Bana babo ho ne ho se monyetla oo ba tla o fumana ho Eena ka tsoalano, ntle leha ba ne ba ka Mo amohela e le mopholosi oa bona.EN 220.4

    Ho se lumele ha bona e ne e le karolo ea mohope o babang oa mahlōkō oo A o menyelelitseng lebitsong la rona.EN 220.5

    Bora boo motho a eeng a be le bona evangeling bo ile ba utloisa Jesu bohlōkō haholo ha A lemoha hore bo teng lelapeng labo. Bana babo bane ba lumela hore e ka khona ba mo eletse. Ba ne ba nahana ho re ha A ka A bua lintho tse amohelehang ho Bafarisi, A ka qoba likhohlano pakeng tsa Hae le bona. Ba ne ba nahana hore kelello ea Hae ha e sa sebetsa hantle ha A re O fumana matla leholimong. Ba ne ba tseba hore Bafarisi ba batla ho Mo qosa, ‘me ba re Jesu O ba file monyetla o joalo.EN 220.6

    Ba ne ba sitoa ho utloisisa thomo ea Hae, ‘me ka lebaka leo, ba ne ba sitoa ho Mo utloela bohlōkō litekong tsa Hae. Mantsoe a bona a mabe, a senang teboho, a ne a bontša hore ha ba elelloe semelo sa Hae. Sebakeng sa ho Mo khothatsa, ba ne ba Mo utloisa bohlōkō. Tlhaho ea Hae ea hlōkōfatsoa, mabaka ao A etsang lintho ka ona a rehelloa, ‘me mosebetsi oa Hae oa se ke oa utloisisoa.EN 221.1

    Bana babo ba ne ba hopola hore ba ka Mo ruta Eena ea neng A utloisisa ‘nete eohle. Ba ile ba nyefola seo ba sa se utloisiseng. Ba ne ba nahana hore ba loanela Molimo athe Molimo O ne O le har’a bona, ka sebōpeho sa nama, ‘me ha ba ka ba Mo tseba.EN 221.2

    Lintho tsena li ile tsa tlatsa tsela ea Jesu meutloa. Jesu O ne A utloisoa bohlōkō haholo ke ho se utloisisoe lapeng labo, hoo A neng A phutholoha ha A le moo tsena li leng sieo. O ne A thabela ho chakela lelapa la Lazaro, Maria le Maretha, hobane teng moea oa Hae O ne O phomola kaha ho ne ho le moea oa tumelo le lerato. Empa hangata O ne A fumana phomolo boinotšing le puisanong le Ntat’ae. Bao ba bitsitsoeng ho mamella ho se utloisisoe, le ho se tšeptjoe, ka lebaka la Kreste, malapeng a bona, ba ka ikhothatsa ka monahano oa hore Jesu O ile A mamella mathata a joalo. O ba bitsa hore ba etse setsoalle le Eena, me ba fumane phomolo ka ho buisana le Ntate.EN 221.3

    Bao ba amohelang Kreste, ha ba siuoe feela e le likhutsana ho feta melekong ba le bang. Joaloka litho tsa lelapa la leholimo, O ba mema hore ba bitse Ntat’ae, Ntate oa bona. O ba rata haholo ho feta kamoo batsoali ba rōna ba neng ba re rata ha re sa fokola.EN 221.4

    Ha Moheberu a ne a tlameha ho ithekisa e le lekhoba, ka lebaka la bofutsana, boikarabello ba ho mo lokolla bo ne bo ba mahetleng a ea haufinyane ho eena ka tsoalo. Sheba Meetlo 25:25,47-49; Ruthe 2:20. Ka mokhoa o joalo, boikarabello ba ho re lokolla bo ho Eena, ea haufi le rōna ka tsoalo. Kreste O fetohile mohahabo rona. O haufi le rōna ho feta ntate, ‘m’e, motsoalle oa rōna kapa moratuoa. Re sitoa ho utloisisa lerato la Hae, empa re ka ba le maiphihlelo a lona ka lipelong tsa rōna.EN 221.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents