Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 5—JOSEFA LE MARIA BA HLAHISA JESU TEMPELENG

    [E etšetlehile ka khaolo ea Luke 2:21-38.]

    Nako e ka bang matsatsi a mashome a mane kamora’ tsoalo ea Kreste, Josefa le Maria ba Mo nka ho ea Jerusalema ho Mo hlahisa ho Morena, le ho nehelana ka sehlabelo. Kreste, e le Eena ea tlil’o nka sebaka sa motho, O ne a tšoanetse ho phetha ka hohle kamoo molao o laelang ka teng. O ne A se A bōlōtse, e le ha A bontša kutlo ea molao.EN 30.1

    Nyehelo e etsetsoang ‘mè, ka molao e ne e lokela ho ba konyana haeba e le nyehelo ea secheso, le leeba kapa leebana-khoroana haeba e le nyehelo ea sebe. Linyehelo tsena li ne li tšoanetse hore li hloke letheba le sekoli kaha li ne li emetse Kreste. E ne e le “konyana e se nang sekoli, leha e le letheba.” 1 Petrose 1:19. E ne e le mohlala oo Molimo A ileng A rerela batho hore ba be sona ha ba utloa melao ea Hae.EN 30.2

    Ho beha bana ba matsibolo e le bakhethoa ba Morena ho qalile mehleng ea khale. Molimo O ne A ile A tšepisa ho fana ka letsibolo la leholimo ho tla pholosa moetsalibe. Mpho ena e ne e tšoanetse ho amoheloa ntlong e ‘ngoe le e ‘ngoe ka ho khethela Molimo mora oa letsibolo. O ne a tsoanetse ho khetheloa boprista, e le moemeli oa Kreste har’a sechaba.EN 30.3

    Ke moelelo o moholo hakaakang oo ho hlahisoa ha Jesu tempeleng ho neng ho o bontša! Empa moprista ha a ka a bona ka nq’ane ho lesira. Letsatsi le letsatsi a tsoela pele ho beha bana matsoho a sa natse hakaalo batsoali kapa bana, ntle le haeba a bona hore enoa ke oa boruing kapa oa ntlo e tšoinyana. Josefa le Maria ba ne ba futsanehile, ‘me moprista a bona feela Mogalelea oa monna le mosali, ba aperetseng kammoho.EN 30.4

    Moprista a sika ngoana lialleng tsa hae, a Mo phahamisetsa pel’a aletare. Kamorao hore a Mo khutlisetse ho ‘ma’e a ngola lebitso “Jesu” bukeng. O ne a sa nahane, ho hang ha lesea le le matsohong a hae hore o ne a ngola lebitso la Motlotlehi oa leholimo, Khosi ea Khanya; Eena eo e leng mothei oa litšebeletso le tsela ea bophelo ba sechaba sa Bajuda.EN 31.1

    Lesea lena e ne e le lōna le ileng la ipolela ho Moshe e le “EA-LENG-TENG”, Eena eo topallong ea leru le mollo A ileng A tataisa Iseraele. E ne e le Eena Takatso Ea Lichaba tsohle, Motso le Lehlomela la Davida, Naleli e khanyang ea Meso. Lesea leo le neng le hloka thuso e ne e le Eena tšepo ea batho ba oeleng. O ne A tla lefa topollo ea libe tsa lefatše lohle.EN 31.2

    Leha moprista a sa ka a bona kapa hona ho utloa ho hong ho sa tloaelehang, tšebeletso eo ha ea ka ea feta feela ho sa ka ha hlokomeleha hore lesea ke Kreste. “Ho ne ho e-na le Monna Jerusalema ea bitsoang Simeone....’me Moea o Halalelang o ne o le ho eena. O ne a senoletsoe ke Moea o Halalelang hore a ke ke a shoa a e-s’o bone Motlotsuoa oa Morena.”EN 31.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents