Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ke Eng Se Etsang Hore Re Khathale Hakaale?

    Ba bangata bao lipelo tsa bona li imetsoeng ke meroalo ea matšoenyeho, ba khethile ho sebelletsa lefatše, ba amohetse matšoenyeho a lona, ba nkile meetlo ea lona. Ka lebaka leo maphelo a bona a fetohile a mokhathala. Moo ba khotsofatsang litakatso tsa lefatše, ba hlabehisa letsoalo, ‘me ba boele ba ikekeletse moroalo oa ho soaba. Morena oa rōna O lakatsa hore ba behelle joko ena ea bokhoba ka thōko. O re “Joko ea ka e bonolo, ‘me thōtō ea ka e bobebe.” O ba biletsa hore ba batle ‘muso oa maholimo le ho loka ha ‘ona pele. Ha motho a tšoenyehile, o tšoana le sefofu, o sitoa ho bona tse tla etsahala, empa mathateng afe kapa afe, Jesu O lokisitse tsela ea khatholoho. Ntat’a rōna ea maholimong, O na le tsela tse sekete tsa ho re thusa tseo re sa li tsebeng ho hang. Bao ba beang tlōtla le tšebeletso ea Molimo ka holimo, ba tla bona matšoenyeho a bona a nyamela ‘me ho ba le tsela e totobetseng ka pel’a maoto a bona.EN 223.6

    “Le ithute ka ‘na” ho rialo Jesu, “kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobelitseng, ‘me le tla fumana phomolo.” Re tšoanela ho kena sekolo sa Kreste, ‘me re ithute ho Eena. Topollo ke tsela eo ka eona moea o koetlisetsoang leholimo. Koetliso ena e bolela ho lokolloa maikutlong, litloaelong le liketsong tseo re ithutileng tsona sekolong sa khosana ea lefifi.EN 224.1

    Ka pelong ea Jesu, ho ne ho e-na le khotso e phethehileng. O ne A sa tlatsoe boitšepi ka ho thooletsoa, A sa nyahamisoe ke ho omanngoa le ho soabisoa. O ne A lula A khothetse, le har’a khanyetso le ho etsetsoa bokhopo. Empa ba bangata ba balateli ba Hae ba lula ba tšoenyehile lipelo hobane ba tšaba ho tšepa Molimo. Ba honyela ha ba nahana ka tse ka ba hlahelang ha ba inehela Eena ka botlalo. Empa ha ba sa inehele ka botlalo ba ke ke ba fumana khotso.EN 224.2

    Ha re tsoetsoe ke leholimo re tla ba le kelello e tšoanang le ea Jesu. Ha re na ho ipatlela litulo tse holimo-limo. Re tla lakatsa ho lula maotong a Jesu ‘me re ithute ho Eena. Re tla utloisisa hore Moea o Halalelang ke ona O etsang hore mosebetsi oa rōna e be oa bohlokoa. Ho tšepa Molimo ho halaletsa kelello le ho etsa lipelo hore li be le mamello.EN 224.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents