Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tumelo Tsa Lefeela Li Tlisa Tsabo

    Liketsahalo tsa mehlolo li ile tsa tšosa batho. Ba ile ba nahana hore mohlomong ho ka ‘na ha etsahala kotsi tse fetang ena, ha motho enoa oa moeti A ntse A le har’a bona. Ba neng ba tsetse leoatle le Jesu ba ile ba pheta kamoo ba neng ba le kotsing ea maqhubu le kamoo sefefo ka leoatleng se ileng sa khutsisoa. Empa mantsoe a bona ha a ka a natsoa. Ka ho tšoha, batho ba moo ba kōpa Jesu hore A tsamaee, ‘me A phethisa kōpa ea bona. A kena ka seketsoaneng ‘me A tšelela ka lebōpong le ka nqa e ngoe.EN 230.2

    Batho ba Geresene ba ne ba tšaba ho bea maruo a bona a lefatše tsietsing hoo Ea neng A fentse khosana ea lefifi mahlong a bona ba ileng ba Mo nka joaloka ntšunyekhare, ‘me ba koalloa mpho ea lehohmo kantle. Le joale hona le ba bangata ba hanang ho latela mantsoe a Kreste hobane ho a mamela ho tla etsa hore ba lahle lintho tsa lefatše. Ba bangata ba hana mohau oa Hae, ‘me ba etse hore moea oa Hae O tsoe kahare ho bona, hobane ba tšaba hore boteng ba Hae bo ka etsa hore ba lahleheloe.EN 230.3

    Empa batho bao ba neng ba qeta ho pholosoa ba ne ba lakatsa ho ba ‘moho le ea ba pholositseng. Ha ba le pel’a Hae ba ne ba ikutloa ba sireletsehile bademoneng ba neng ba ba phelisa habohlōkō ba senya botho ba bona. Ba ile ba tla ho Jesu ha ba bona A atamela seketsoaneng, ‘me ba kōpa hore A ba boloke haufi le Eena. Empa Jesu O ile A re ba ee hae ‘me ba pake ka lintho tse kholo tseo Morena A ba etselitseng tsona.EN 230.4

    Ona e ne e le mosebetsi oo ba tšoanelang ho o etsa -ho ea lelapeng la bohetene, ‘me ba pake ka mahlohonolo ao ba a fumaneng ho Jesu. Ho ne ho le thata ho bona ho arohana le Mopholosi. Ba ne ba tla kopana le mathata. Mosebetsi ona o ne o bonahala o tla ba thatafalla, hobane e ne e le khale ba arohane le batho. Empa hang ha Jesu A ba bontša tōkelo ea bona, ba ile ba itōkisetsa ho etsa. Ba phunyeletsa naha ea Decapolise, ‘me hohle ba phatlalatsa matla a Hae a pholosang, le kamoo a ba lokolotseng bademoneng. Ka ho etsa mosebetsi ona, ba ne ba tla fumana mahlohonolo a fetang a ha ba ne ba tsamaile le Eena. Re atametsoa pel’a Mopholosi ha re phatlalatsa “Litaba tse molemo” tsa pholoso.EN 231.1

    Bademona bana ba babeli, ke bona barōmuoa ba pele bao Kreste A ba rōmetseng ho ruta sebakeng sena sa Decapolise. Banna bana ba ile ba fumana tlotla ea hore ka nakoana e seng kae, e be bona feela ba mamelang lithuto tsa Kreste. Empa botho ba bona bo fetohileng, e ne e le bopaki ba hore Jesu ke Mesia. Ba ne ba bolela seo ba se tsebang, seo ba se boneng, seo ba se utloileng, le ho se phopholetsa, ka matla a Kreste. Sena ke seo e mong le e mong ea utloileng mohau oa Molimo a ka se etsang. Sheba 1 Johanne 1:1-3.EN 231.2

    Haeba re ‘nile ra latela mehato ea Jesu, re tla ba le seo re ka se bolelang sa kamoo A re tsamaisitseng: kamoo re iteketseng litšepiso tsa Hae ‘me ra li fumana e le ‘nete. Bona ke bopaki boo Morena oa rōna A re biletsang ho bo fana.EN 231.3

    Lehoja batho ba naheng ea Bagerasa ba ne ba sa ka ba amohela Jesu, ha A ka a ba tlohella lefifing leo ba neng ba le khethile. Ba ne ba sa ka ba utloa mantsoe a Hae. Ba ne ba sena tsebo ea sena seo ba neng ba se hana. Ka lebaka leo A ba rōmella leseli hape ka bao ba neng ba keke ba hana ho ba mamela.EN 231.4

    Ho timela ha likolobe ho ile ha phaphamisa naha eohle, ho feta kamoo ho neng ho ka etsahala, ho shebisa batho ho Jesu. Banna bao a neng A ba folisitse ba ne ba setse e le lipaki tsa matla a Hae, le mecha ea khanya, e le barōmuoa ba Mora oa Molimo. Monyako o ile oa buloa sebakeng seo. Ha Jesu A khutlela Decapolise, liketekete tsa batho li ile tsa utloa molaetsa. Le tšebeletso ea bobe e ka fetoloa hore e hlahise molemo.EN 231.5

    Batho bana ba naheng ea Bagerasa, ba neng ba phela mabitleng, ba tlanngoe ke litakatso tse matla tse nyonyehang, tseo ba neng ba sitoa ho itokolla ho tsona, ke pontšo ea seo batho ba ka beng ba fetohile sona, hoja ba tlohelloa pusong ea Satane. Satane o ntse a susumetsa batho ka linako tsohle, hore a tsamaise likelello tsa bona ‘me a ba etse hore ba bake meferefere le botlokotsebe. O fifatsa kelello ‘me a silafatse moea. Ka nako tsohle ha batho ba hana memo ea Mopholosi, ba inehela Satane. Ba bangata malapeng, mosebetsing, esita le kerekeng ba etsa sena kajeno. Ka lebaka lena lintoa le botlokotsebe li atile lefatseng ‘me ‘moo batho ba lulang, lefifi la boitsoaro le khurumelitse. Satane o etella batho pele hore ba etse lintho tse mpe ka ho fetisisa ho fihlela ho tletse bobe le tšenyeho. Tsireletso e ngoe feela matleng a Satane, ke boteng ba Jesu. Satane o senotsoe ka pel’a batho le mangeloi hore ke sera sa motho, ke sesinyi; ‘me Kreste Eena O senotsoe e le motsoalle le Molopolli oa motho.EN 232.1

    Molimo O biletsa hore “ba tšoane le Mora oa hae.” Baroma 8:29. ‘Me meea e nkileng boemo bo tlase ba ho ba lisebelisuoa tsa Satane e ka fetoha ka Kreste hore e be barōmuoa ba ho loka ba etellang pele ho paka ka tse kholo tseo Molimo O li entseng.EN 232.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents