Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 37—BA-EVANGELI BA PELE

    [E itšetlehile ka Matheu 10; Mareka 6:7-11; Luka 9:1-6.]

    Ba-apostola ba ne ba tsamaile le Jesu ka maoto ho feta Galelea. Ba ne ba ile ba tsamaea le ho buisana le Mora oa Molimo ‘me ba ithuta ho sebeletsa batho. Barutuoa ba ne ba laba-labela ho bebofatsa mosebetsi oa Jesu oa ho sebeletsa matsoeletšoele. Ba ne ba thusa ka ho Mo tlisetsa ba kulang le ho ba khothatsa. Ba ne ba sheba hore na ho na le thahasello ho ba Mo mametseng, ‘me ba ba hlalosetse mangolo.EN 237.1

    Empa ba ne ba ntse ba hloka ho ba le maiphihlelo a ho sebetsa ba le bang. Ba ne ba ntse ba hloka ho koetlisoa ka thata le ka mamello. Joale O ile A ba rōmela ho ea e le baemeli ba Hae, A sa ntsane A e-na le bona, e le hore A tle A ba eletse le ho lokisa liphoso tsa bona.EN 237.2

    Hangata barutuoa ba ne ba makatsoa ke lithuto tsa baprista le bafarisi, ‘me ba ne ba tlisetsa Jesu mathata ana a bona. O ne A ba matlafatsa hore ba itšepele lentsoe la Molimo, ‘me A ba lokolla maqhameng a moetlo. Ha ba arohane le Eena, ba ne ba hopola lentsoe le leng la Hae le mokhoa oo A neng A talima ka ona. Hangata ha ba ne ba loantšana le lira tsa molaetsa, ba ne ba pheta mantsoe a Hae.EN 237.3

    Jesu O ile A bokella barutuoa ba Hae ba leshome le metso e ‘meli, ‘me A ba rōma har’a metse le metsana ka bobeli. Ka tsela ena ba ne ba ka eletsana, ba rapela ‘moho ‘me ba thusana moo ba fokolang.EN 237.4

    Mosebetsi oa ho hasa molaetsa o ne o ka atleha ka ho fetisa ha mohlala ona o ne o ka lateloa.EN 237.5

    Barutuoa ba ne ba laetsoe hore ba se kene likhang tsa hore na Jesu ke Mesia kapa che; empa ba ne ba laetsoe ho folisa ba kulang le ho tsosa bafu le ho ntlafatsa balepera le ho leleka bademona; “Le amohetse feela, fanang feela.”EN 237.6

    Jesu O ne A qeta nako e ngata ho foliseng bakuli ho feta ho ruteng. Hohle moo A neng A e-ea teng, bohle ba ileng ba thusoa, ka mohau oa Hae, ba ne ba nyakalla bophelong bo botle. Ba bangata ba ne ba qala ho utloa ha motho a bua, ka Eena; ha ba bang, lentsoe la pele leo ba kileng ba le bua e ne e le lebitso la Hae; ba bang ba qalile ho bona sefahleho sa motho ka sa Hae. Ha A ne A feta har’a metse, le metsana, O ne A tšoana le moea oa bohlokoa O hasang bophelo le thabo.EN 238.1

    Balateli ba Kreste ba tšoanela ho sebetsa joaloka Eena. Re tšoanela ho fepa ba lapileng, ho imolla ba bohlōkōng, le ho tsosolosa tšepo ho ba nyahameng. Lerato la Kreste le ipontsang ka ho sebeletsa ba bang ka boitelo, le tla atleha ho fetola ea etsang bobe ho feta sabole kapa lekhotla la molao. Hangata pelo ha e utloa lerato la Kreste ea qhibiliha. Molimo O lakatsa ho ba motšelisi eo lefatše le e-song ho Mo bone ka basebeletsi ba Hae.EN 238.2

    Lekhetlong lena la pele la thomo ea bona ba ne ba laetsoe hore ba etele “linkung tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele” feela. Molimo O ne O rerile hore ha Bajuda ba ne ba ka amohela lentsoe, O ba etse manqosa A ‘ona ho isa lentsoe ho balichaba. Ka lebaka leo ba ne ba tšoanetse ho utloa lentsoe pele.EN 238.3

    Leetong lena la bona la pele, barutuoa ba ne ba tšoanetse ho ea libakeng tseo Jesu A neng A se A ile a ba ho tsona ‘me A thea setsoalle. Ba ne ba tšoanetse ho itōkisetsa leeto lena ka mokhoa o bobebe. Ba ne ba sa tšoanela ho apara joaloka baruti. Ba ne ba tšoanetse ho apara ka ho tšoana le bafumanehi ba tlase. Ba ne ba sa tšoanela ho bokella batho ‘moho, ho etsa tsebeletso; ba ne ba tšoanetse ho kena ntlo le ntlo. Hohle moo ba eang, ba ne ba tšoanela ho ananela kamohelo ea bao ba neng ba ka ba amohela, joalokaha ba ne ba ka etsa ho Kreste. Ha ba kena tlung, ba ne ba tšoanetse ho lumelisa, ba re “khotso e be tlung ena.” Luka 10:5. Lelapa le joalo le ne le tla hlohonolofatsoa ka lithapelo, le lipina tsa bona tsa thoriso, le palo ea mangolo. Molaetsa oo ba neng ba tšoanela ho o tsamaisa e ne e le lentsoe la bophelo bo sa feleng, ‘me bokamoso ba batho bana bo ne bo tla itšetleha ka hore na ba o amohela kapa ba ea o hana. Sheba Matheu 10:14,15.EN 238.4

    Jesu O ile A re, “bonang, ke le rōma joaloka linku har’a liphiri; ha ho le joalo le be masene joaloka linōha, ‘me le hloke mano joaloka maeba.” Jesu ha A ka A pata lentsoe leha le le leng feela, la ‘nete, empa O ne A le bua ka pelo e tletseng lerato. O ne A sa buise batho hampe, O ne A ke ke A utloisa moea bohlōkō. O ne A sa buelle bofokoli ba botho. O ile A supa bobe ba boikaketsi le bokhopo A sa tšabe, empa e le ka lentsoe le tletseng meokho ha A etsa likhalemelo tsena. Moea o mong leo mong e ne e le oa bohlokoa mahlong a Hae.EN 239.1

    Basebeletsi ba Kreste ba tšoanela ho ba haufi le Molimo esere mohlomong ha ba qholotsoa ebe botho ba bona bo a tsoha, ebe ba bua mantsoe a sa lokang a kang metsi a sefefo, a sa tšoaneng le phoka kapa lipula tsa melupe tse nosetsang lijalo tse seng li omella. Basebeletsi ba Molimo ba tšoanela ho talima botle ba Kreste ba sa khaotse, e le hore ba tle ba hase lentsoe ka bokhabane ba leholimo. ‘Me moea o buang ka bonolo leha o qholotsoa, o tla atleha ho buella ‘nete ho feta khang, leha e kaba e na le matla a makae.EN 239.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents