Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Re Tlameha Ho Kopana Le Khanyetso

    Jesu ha A tsoela pele ho laea barutuoa A re “Hlokomelang batho.” Ba ne ba sa tšoanela ho bea tšepo ea bona ho batho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba phetlela lifuba; hobane hona ho ne ho tla fa barōmuoa ba Satane monyetla. Litlhahiso tsa batho li khahlanong le meralo ea Molimo. Molimo O hlabisoa lihlong ‘me lentsoe le tlontlolloe, ha basebeletsi ba Hae ba itšetleha ka likeletso tsa batho ba sa tsamaisoeng ke Moea o Halalelang.EN 239.3

    “Ba tla neelana ka lōna makhotleng,...Le tla huleloa kapele ho babusi le mahosi ka baka la ka, hore e be bopaki ho bona le ho bahedene.” Basebeletsi ba Kreste ba hlahisoa ka pel’a batho ba phahameng ba lefatše bao ntle le hore ho etsahale joalo, ba neng ba ke ke ba utloa evangeli. Erekaha ba ‘nile ba utloa liketselletso feela le seo ba-Kreste ba se lumelang, mokhoa o ba mong feela oa hore ba fumane seo e hlileng eleng ‘nete. Mokhoa oo ke ha baqosuoa bana ba arabella tumelo ea bona ka kho- tla. Jesu O ile A re, “Ka eona nako eo le tla neoa hore na le re’ng, hobane ho tla be ho sa bue lōna, empa e tla be e le Moea oa Ntat’a lōna o buang ka lona.” Bao ba hanyetsang ‘nete ba tla ema, ‘me ba qose barutuoa. Empa bana ba Morena ba tšoanela ho latela mohlala oa boMolimo oa bonolo. Kahoo, babusi le batho ba tla bona phapang lipakeng tsa maqosa a Satane le baemeli ba Kreste.EN 239.4

    Basebeletsi ba Kreste ba ne ba sa tšoanela ho lokisa mantsoe ao ba neng ba tla a bua ha ba qositsoe. Moea o Halalelang O ne O tla ba hopotsa linnete tseo ba neng ba tla li bua, tse hlokahalang. Mangolo ao ba ithutileng ona ka hlōkō, a ne a tla chabisoa likelellong tsa bona. Empa haeba ho ne ho e-na le ea sa elang mantsoe a Kreste hlōkō, o ne a ke ke a lebella Moea o Halalelang ho mo hopotsa ona.EN 240.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents