Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 38—KRESTE LE BA LESHOME LE METSO E ‘MELI BA PHOMOLA

    [E itšetlehile ka Matheu 14:1,2 12,13; Mareka 6:30-32; Luka 9:7-10.]

    Ha ba khutla leetong la bona la boruti, “Baapostola ba phuthehela ho Jesu, ba mo tsebisa tsohle tseo ba li entseng, le tseo ba li rutileng. A re ho bona: ‘Tloong, re eeng nahathothe moo ho leng ngoèsè, le phomole hanyenyane.’”EN 243.1

    Barutuoa ba ile ba tseba ho phetela Jesu ka bōlōkōlōhi, ka maiphihlelo a bona a bo-evangeli, a monate le a bohlōkō, hobane ba ne ba na le likamano tse tebileng le Eena. Ha ba ntse ba Mo phetela ka maiphihlelo a bona, O ile A elelloa hore ba hloka ho koetlisoa hape, le hore ba hloka phomolo.EN 243.2

    Empa moo ba neng ba le hona teng, ho ne ho sena boikhutso, hobane “ba tlang le ba tlohang ba ne ba le bangata, ‘me ba hloka le sebaka sa ho ja.” Batho ba ne ba bokanetse Jesu, ba batla ho folisoa le ho mamela mantsoe a Hae. O ne A bonahala ho ba bangata joaloka mohloli oa mahlohonolo ohle.EN 243.3

    Empa joale Kreste O ne A batla ho ikhutsa, hobane O ne A batla ho buisana le barutuoa ba Hae. Ba ne ba ile ba ba le matšoenyeho mosebetsing oa bona, ‘me ba sitoa hore na ba ka etsa joang. Joale ba ne ba hloka hore ba phomole ‘moho le Jesu, ‘me ba buisane, A ba laee hore na ba sebetse joang ka moso. Ba ne ba iteletse ho sebeletsa meea, ‘me ba ne ba khathetse likelellong le ‘meleng. Ho ne ho ba lokela hore ba phomole.EN 243.4

    Joaleka ha barutuoa ba ne ba ile ba e-ba le katleho mosebetsing oa bona, ba ne ba le kotsing ea hore ba ka inkela tlōtla ea katleho eo, ‘me ba tlala boikhōhōmōso moeeng, ba oela lerabeng la Satane. Ba ne ba hloka hore ba buisane le Kreste, le tlhaho esita le lipelo tsa bona.EN 243.5

    Ke ka nako ena, Jesu A ileng A fumana molaetsa oa lefu la Mokolobetsi. Hona ho ile ha tlisa ka mokhoa o hlakileng maikutlong a Hae hore na le Eena O il’o fella hokae. Baprista le baruti ba ne ba Mo shebile, ‘me lihloela tsa bona li ne li Mo lisitse hoohle, ‘me liteko tsa ho Mo felisa li ne li ntse li tota.EN 244.1

    Litaba tsa Jesu le mosebetsi oa Hae, li ile tsa fihla litsebeng tsa Heroda, ‘me o ile a re, “Motho eo ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung;” ‘me o ne a lakatsa ho bona Jesu. Heroda o ne a le matsoalong ka mehla, hore meferefere e ka ‘na ea tsoha, ea etsa hore a theohe setulong, ‘me ebe sechaba sa Bajuda se pholoha jokong ea Baroma. Moea oa ho fetohela puso o ne o tletse bathong. Ho ne ho totobetse hore Kreste A ke ke A hlola A etsa mosebetsi oa Hae pepeneng, ‘me O ne A laba-labela ho tsoela ka thōko ho se hokae, A tlohe moferefereng oa matšoele.EN 244.2

    Barutuoa ba Johanne ba ile ba èpèla setōpō se khaotsoeng sa Hae, ka lipelo tse tletseng masoabi. Ha ba qeta “ba nt’o ea tsebisa Jesu.” Barutuoa bana ba ne ba ile ba shoela Kreste mona, ‘me ba sa kholoe hore molaetsa oa Hae ke oa leholimo, hobane ha A ka A lokolla Mokolobetsi. Empa joale, ba ne ba laba-labela ho tšelisoa tahlehelong ea bona, le ho supisoa tsela bakeng sa mosebetsi oa bona. Ba ile ba tla ho Jesu ‘me ba kopanela tšebetso le Eena.EN 244.3

    Ka leboea ho letša, ho ne ho e-na le sebaka se itšekileng se setle, se nchafalitsoeng ke botalana ba nako ea hoetla. Ba ile ba leba teng, ka liketsoana tsa bona. Mona lintho tsa tlhaho li ne li phomotsa, li khatholla kelello. Mona Kreste O ne A ka tseba ho buisana le bona ho se likhathatso kapa liqoso tsa bangoli le bafarisi tse ka ba tšoenyang.EN 244.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents