Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Thuto Ea Bohlokoa Ea Ho Baballa

    Kamora’ hore bongata bo fepjoe ho ile ha sala lijo tse ngata. Empa Jesu O ile A re, “Bokellang makumane a setseng, hore ho se ke ha senyeha letho.” Thuto ena e ne e na le ntlha tse peli. Ha ho letho le tšoanetseng ho senngoa. Ho ke ho bokelloe sohle se ka thusang ba lapileng. Le lintho tsa moea li tšoanetse ho hlokomeloa ka mokhoa o tšoanang le ona. Batho ba ne ba lakatsa ho arolelana le metsoalle ea bona hae bohobe bo hlohonolofalitsoeng ke Kreste. Ka tsela e tšoanang ba neng ba le moketeng ba ne ba lokela ho fa ba bang bohobe bo theohang leholimong ho khorisa meea e lapileng. Ba ne ba lokela ho pheta tse molemo tseo ba ithutileng tsona ka lintho tse makatsang tsa Molimo. Ho ne ho se letho le tšoanelang ho lahleha.EN 249.3

    Mohlolo ona oa katiso ea mahobe o re ruta ho itšetleha ho Molimo. Ha Kreste A fepa batho ba likete tse hlano, ho ne ho sena lijo. Re Mo bona mona A le nahathothe. Empa O ne A tseba hore matsoele ana a batho a tla lapa ‘me a felloe ke matla, hobane O ne A tšoana le bona ka ho hloka lijo. Ba ne ba le hole le hae, ‘me ba bangata ba bona, ba ne ba hloka seo ba ka rekang lijo ka sona. Molimo O ne O beile Jesu moo ka mabaka ‘me Eena O ne A itsetlehile ho Ntat’ae ho fumana mokhoa oa ho thusa batho bana.EN 249.4

    Le rōna re tsoanetse ho itsetleha ka Molimo. Ha rea tšoanela ho itahlela har’a mathata, ‘me ebe re sebelisa bohlale boo Molimo O re fileng bona hampe. Empa kamora’ hore re latele tataiso ea Hae, ha re feta har’a mathata, re tsoanetse ho kōpa thuso ho Eena Ea nang le mekhoa e mengata ea ho re thusa. O thusa moea o mong le o mong o thulanang le mathata ha o leka ho bōlōka litsela tsa Hae.EN 250.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents