Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Bohlōkō Boo ‘Ma-Kreste A Tsoanetseng Ho Bo Tseba

    Le ha ho le joalo Maria o ne a sa utloisise barōmuoa ba Kreste. Simeone o ile a porofeta ka Eena e le leseli le tla khantšetsa Balichaba, ‘me mangeloi a ne a boletse hore tsoalo ea Mopholosi ke litaba tse molemo ho batho bohle. Molimo O lakalitse hore batho ba bone Jesu e le Molopolli oa lefatše. Empa lilemo tse ngata li tšoanetse ho feta le pele le ‘MaJesu ka boeena a ka utloisisa.EN 32.4

    Maria ha a ka a bona kolobetso ea mahlomola eo Mesia a lekanang ho hapa terone ea Davida ka eona. Mantsoeng a Simeone ho Maria a reng, “Lerumo le tla u hlaba moea,” Molimo, ka mehauhelo ea Hae, e bonolo, O ne A omela Maria ka bohlōkō boo a seng a tla bo utloa le ho bo mamella ka lebaka la Hae.EN 32.5

    “Bona,” Simeone a rialo, “Ngoana enoa o baletsoe ho oa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng.” Ba tlang ho tsoha ba lokela ho oa. Re tšoanetse ho oela holim’a lefika, ‘me re robehe pele re ka phahamisoa ho Kreste. Bo-’na bo tšoanetse bo theoloe teroneng. Bajuda ba ne ba ke ke ba amohela tlotla e fumanoang ka ho ikokobetsa. Kahoo ba ile ba hlōleha ho amohela Molopolli oa bona.EN 32.6

    “Hore maikutlo a lipelo tse ngata a senolehe.” Leseling la bophelo ba Mopholosi, mehopolo ea lipelo tsa bohle, ho tloha ho ‘Mopi ho isa ho khosana ea lefifi, e senotsoe. Satane o bontšitse Molimo e le motho ea nang le boikhabo. Empa ho fana ka Kreste ho paka hore leha lehloeo leo Molimo O le hloileng sebe le le matla joaloka lefu, empa lerato la Hae ho moetsalibe le matla ho feta lefu. Haele mona Kreste A se A qalile topollo ea rona, Molimo A ke ke A qenehela letho le hlokehang hore A tle A e phethahatse. O bokelletse matlotlo a leholimo le mafatše, A a fa Kreste, ‘me A re, “Sebelisa limpho tsena ho kholisa motho hore ha ho lerato le fetang la Ka. A ka fumana thabo e phahameng ka ho fetisisa ha feela a Nthata.”EN 33.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents