Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Hangata Re Hloka Tumelo Joaloka Andrease

    Kreste O re rōmile A re, “E-eang lefatseng lohle, le phatlalletse libōpuoa tsohle molaetsa o molemo.” Mareka 16:15. Empa ke hangata hakae, re felloang ke tumelo, ha re lemoha ho re bohloki bo boholo ‘me tse ka sebelisoang lia fokola. Hangata rea tsieleha, joaloka Andrease, ‘me re qea-qee, ho fana ka sohle seo re nang le sona, re tšabe hore re sebetse ‘me re sebelisoe, molemong oa ba bang. Empa Jesu O re laetse hore “Ba fepeng e le lona.” Taelo ena ea Hae e setsoe morao ke matla a tšoanang le a ileng a fepa matšoele pel’a leoatle.EN 250.2

    Ketso ena ea Kreste, e phuthetse thuto e tebileng ea moea, bakeng sa basebetsi ba Hae. Kreste O ne A fuoa ke Ntate, ‘me Eena A fetisetsa ho barutuoa ba Hae; ‘me bona ba fetisetsa ho matšoele, ‘me batho bana bona ba fetisetsa ho ba bang. Ka mokhoa o joalo, bohle ba ikopantseng le Jesu, ba tla fumana bohobe ba bophelo ho Eena, ‘me bona ba tla bo fetisetsa ho ba bang. Jesu O ile A nka lingoathoana, ‘me leha li ne li lekane barutuoa ba Hae feela, ha A ka A ba fa tsona hore ba li je, empa O ile A li arola A ba fa tsona, ‘me A ba laela hore ba fepe sechaba. Lijo tsena li ile tsa eketseha ka har’a matsoho a bona; le matsoho a barutuoa. Kamora’ hore batho ba fumane bohobe Kreste le barutuoa ba Hae, ba qala hoja ‘moho lijo tsena tse fanoeng ke leholimo.EN 250.3

    Barutuoa e ne e le mecha ea puisano lipakeng tsa Kreste le batho. Esita le ba bohlale ka ho fetisisa, le ba inehetseng ka botlalo, ba ka fana feela ho ea ka moo ba fumaneng ka teng. Re ka tseba ho fana ka seo re se fumaneng ho Kreste feela; ‘me re ka fumana feela ha re fa ba bang. Ha re eketsa ho fana, re tla fumana haholo ho feta.EN 250.4

    Hangata mosebeletsi oa Kreste o sitoa ho elelloa boikarabello ba hae. O rōlela moroalo oa hae ho baetapele, bakeng sa hore a itšetlehe ka Eena eo e leng mohloli oa matla. Katleho mosebetsing oa Kreste ha ea itšetleha ka talenta, empa e itšetlehile ka tumelo e nang le cheseho. Bakeng sa ho rōlela boikarabelo ba hao ho e mong eo u hopolang hore a ka khona ho u feta, sebetsa kamoo u ka khonang kateng. Ha potso e fihla ho uena e re, “Re ka reka bohobe kae, hore batho baa ba je?” Se ke ua araba ka mokhoa o hlokang tumelo. Ha batho ba lapetse bohobe ba bophelo, na re tla rōmella motho ea tsoang hole ho tla ba fepa? Kreste O itse “lulisang batho fatše,” ‘me O tla ba fepa. Ka mokhoa o joalo, ha o pota-potiloe ke meea e hlokang, tseba hobane Kreste O teng. Tlisa lingoathoana tsa hau ho Jesu. Bonyane bo sebelisoang ka bohlale mosebetsing oa Morena bo tla eketseha ha bo ntse bo sebelisoa.EN 251.1

    Morena O re “Fanang, ‘me le tla fuoa.” “Ea sitsang mojali ka peō, le ka bohobe boo a ka bo jang, le lona o tla le sitsa ka peō, a be a e ngatafatse, ‘me a le atisetse litholoana tsa ho loka ha lona. O tla le ruisa kahohlehohle, hoo le ka tsebang ho fana ka matsoho a mabeli.” Luka 6:38; 2 Bakorinthe 9:10.11.EN 251.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents