Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 40—BOSIU LEOATLENG

    [E itšetlehile ka Matheu 14:22-33; Mareka 6:45-52; Johanne 6:14-21.]

    Batho ba ile ba e-ja lijo tseo Kreste A ba fileng tsona, ba lutse mohloeng, mantsiboea. Bohle ba ne ba thabetse mohlolo oo oa mahobe. Molimo O ne O ile oa fepa Baiseraele manna lefeelleng, joale ebe Eo ea ba fepileng kajeno ke mang haese Eena eo Moshe a boletseng ka Eena pele? Ba ile ba bolellana ba re. “Kannete enoa ke eena moporofeta ea lōkelang ho tla lefatšeng.”EN 252.1

    Ketso eo e Mo roesitseng moqhaka e ne e le tiiso ea hore Mopholosi eo esaleng ba Mo lebelletse O har’a bona. Enoa ke Eena ea neng A tla etsa Judea hore e be parateisi e lefatšeng, lefatše le kollang lebese le linotši. O ne A ka roba matla a Baroma ba neng ba hloiloe haholo. O ne A ka folisa masole a tsoileng likotsi ntoeng. O ne A ka fepa mabotho a masole. O ne A ka fa Iseraele muso oo esaleng ba o batla!EN 252.2

    Batho ba ne ba batla ho Mo roesa moqhaka oa borena hang hang. Ba ne ba bona A sa nke bohato ho inkela tlōtla, ‘me ba ne ba tšaba hore mohlomong Ha A sa tla inkela setulo sa puso sa Davida. Ba ile ba ipuoa hore ba Mo behe setulong ka mahahapa, ‘me ba Mo phatlalatse e le Morena oa Iseraele. Barutuoa le bona ba ile ba lumellana le matšoele hore ho phatlalatsoe terone ea Davide e loketse monga bona; le hore baprista le babusi ba tlamelloe ho Mo fa tlōtla.EN 252.3

    Empa Jesu A elelloa se tlang. Mefere-fere le phetohelo ea ‘muso li ne li tla tsoha, me li khine mosebetsi oa ‘Muso oa moea. O ile A tlameha ho thibela sena hang hang. A bitsa barutuoa ba Hae, ‘me A ba kōpa hore ba kene ka seketsoaneng ‘me ba khutlele Kaperenauma hang, ha Eena A sala A qhala batho.EN 252.4

    Har’a litaelo tseo o Kreste A kileng A ba fa tsona, ho ne ho se e kileng eaba boima joaloka ena. Ona e ne e le motsotso oa bohlokoa, oo Mong’a bona A neng A tla lula teroneng ea Iseraele. Ho ne ho le thata hore ba tsamae ba le bang, ba siee Mong’a bona A le mong. Ba ile ba etsa khanyetso, empa Jesu A ba laela ka mokhoa o matla, oo A neng A e-so ka A O sebelisa ho bona. ‘Me ba kena seketsoaneng ba thotse.EN 253.1

    Jesu O ile A laela matšoele ho qhalana, ‘me A ba laela ka mokhoa oo ba neng ba tlameha ho phethisa. Ha ba leka ho Mo nka ka matla mehato ea bona ea emisa. Sebōpeho sa Hae sa borena, le mantsoe a seng makae, a bonolo, a ferekanya merero ea bona. Ba lemoha hore O na le matla a kaholimo ho a lefatše ‘me ba mamela taelo ea Hae ntle le ho qea-qea.EN 253.2

    Jesu ha A setse A le mong, “A nyolohela thabeng ho ea rapela boinotšing.” O ile A qeta lihora tse ngata A rapella matla, hore A tsebe ho senolela batho sebōpeho sa thōmo ea Hae, e halalelang, hore Satane a tle a se ke a ba foufatsa, ‘me a senya kutloisiso tsa bona. O ne A tseba hore matsatsi A Hae lefatseng a se a fihlile qetellong, le hore ke ba fokolang feela ba ba tla Mo amohela. Barutuoa ba Hae ba ne ba tla fumana teko e bohlōkō le ho soabisa. Sebakeng sa hore A phahamisetsoe teroneng ea Davida, ba ne ba tla bona A thakhisoa. Thakhiso ea Hae e ne e tla ba ona moqhaka oa Hae; empa ba ne ba sa elelloe, ‘me ba ne ba hloka Moea o Halalelang e le hore tumelo ea bona e tiee. A ba rapella ka meokho le mefehelo.EN 253.3

    Barutuoa ba ile ba lieha ho tloha, ka tšepo ea hore Jesu O ntse A e-tla. Empa ha ho fifala, “ba kena ka sekepeng, ba tšelela Kaperenauma.” Ba ne ba belaela, hobane ba ne ba sa fumana monyetla oa ho Mo roesa moqhaka oa borena. Ba ne ba ipona molato, ‘me ba nahana hore hoja ba hla ba tiisa matla ba ka be ba atlehile ho Mo bea borena.EN 253.4

    Likelello le lipelo tsa bona li ne li tletse ho se lumele. Ba ne ba foufalitsoe ke ho rata tlōtla. Ba ne ba chesehella ho bona Jesu A phahamisetsoa litulong tse Mo lokelang. Ebe ba tla bitsoa balateli ba moporofeta oa bohata ho fihlela neng? Ebe keng A sa sebeliseng matla A Hae ho hlahisa boemo ba Hae ba ‘nete, ‘me A nolofatsa tsela ea bona? Ke eng Ha A sa ka A pholosa Johanne Mokolobetsi lefung le sehloho? Barutuoa ba inahana ka ntho tsena, ho fihlela meea ea bona e ntšofetse. Ba ipotsa hore ebe Jesu ke ntsunya-khare, joaloka ha bafarisi ba bolela.EN 253.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents