Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Sefefo Lipelong Tsa Barutuoa

    Mehopolo ea letsatsi leo le khanyang, la bohlokoa, e kabe e ba tlatsitse ka tumelo le tšepo, empa tseo tsohle ba ne ba li lebetse. Mehopolo ea bona e ne e loebehlana, e sa tsitsa, ‘me Morena A ba tlisetsa bothata bo bong, ho tšoenya meea ea bona le hore likelello tsa bona li nahane ka eona. Hangata Molimo O ee O etse joalo ha batho ba ipakela likhathatso le mathata. Barutuoa ba ne ba sa lokela ho ipakela likhathatso. Ho ne ho ena le kotsi e tlang e ba lebile, e potlakile.EN 254.1

    Sefefo se matla se ne se ntse se ba nanarela, ‘me ba ne ba sa itōkisetsa sona. Se ile sa fihla hang, ka tšohanyetso, ‘me sa ba tšosa. Ba lebala ho hloka tumelo, ho belaela le ho hloka mamello ha bona. E mong le e mong oa bona, a sebetsa ka mafolofolo ho leka ho pholosa sekepe. Ha ho khutsitse, leeto lena le ne le nka lihora tse fokolang; empa joale sefefo sa fefola sekepe, sa se isa hole le moo ba eang teng. Ba sebetsa ka thata ho fihlela tebelo ea bone ea bosiu, ‘me eare ha ba se ba khathetse, ba lahla tšepo, ba nka hore ba lahlehile. Ba laba-labela boteng ba Mong’a bona, tsietsing eo ea bona.EN 254.2

    Molebeli ea lebopong, O ile A bona banna bao ba tšohileng, ba loantšanang le sefefo. Mahlo A Hae A latella seketsoana seo se neng se tsukutloa ke maqhubu, se tšetseng thepa ea bohlokoa, hobane banna bana ba ne ba tšoanetse ho ba leseli la lefatše. Eare ha lipelo tsa bona li kokobela, ho laba-labela lintho tse sa halaleleng ho fela, ‘me ba rapela ka boikokobetso hore ba thusoe, ba fumana thuso.EN 254.3

    Nakong eo ba neng ba lumela hore ba lahlehile, ho ile ha hlaha khanya, ‘me ba ile ba bona ntho eo ba sa e tsebeng e e-tla e ba lebile, e tsamaea holim’a metsi. Empa Enoa ea tlil’o ba thusa, ba ile ba Mo nka e le sera. Tsabo ea ba aparela. Matsoho a bona a tlohela ho tsamaisa sekepe. Sekepe sa tsukutloa ke maqhubu; mahlo ohle a ne a talimme sebōpeho sena sa motho se neng se tsamaea holim’a maqhubu a leoatle.EN 254.4

    Ba ile ba nahana hore ke sethotsela se supang timelo ea bora ‘me ba hoeletsa ba tšohile. Jesu A atamela eka O a feta, empa ba elelloa hore ke Eena, ba Mo kōpa thuso. Lentsoe la Hae la khutsisa matsoalo a bona ha A re, “Ke ‘na; se tšabeng!”EN 255.1

    Hang ha ba utloa tsena tse molemo, Peterose o ile a hoeletsa a re, “Morena, haeba ke uena, ntaele hore ke tle ho uena ke tsamaea holim’a metsi.” A re: “Tloo!”EN 255.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents