Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ho Iphahamisa Le Ho Oa Ha Peterose

    Peterose o ile a talima ho Jesu, ‘me a tsamaea ho se kotsi, empa eitse ha a hetla ho sheba metsoalle ea hae ka sekepeng, a khaotsa ho talima Mopholosi. Maqhubu a phahama ‘me a tšoha. Tumelo ea hae ea qepha ka motsotsonyana feela ha a se a sa bone Kreste. Eaba o qala ho teba. Empa a phahamisa mahlo a hae, ka holima maqhubu ao a halefileng, ‘me a hoeletsa a re “Morena, mpholose!” Jesu A tšoara letsoho la Peterose le neng le otlolotsoe, ‘me A re ho eena. “Uena ea tumelo e fokolang! U belaeletse ka lebaka la’ng?”EN 255.3

    Peterose o ile a tsamaea le Mong’a hae, ba tšoarane ka matsoho, ‘me ba kena sekepeng ‘moho. Peterose o ne a se a thotse a ikokobelitse. O ne a ile a batla a lahleheloa ke bophelo ba hae ka lebaka la ho se lumele le boikhōhōmōso.EN 255.4

    Hangata ha re tleloa ke likhathatso, re talima maqhubu ho fapana le ho talima Mopholosi. Ebe moo maqhubu a hloellang meeng ea rōna ka boikhōhōmōso. Jesu ha A re meme ho Mo latela empa A tla re lahla. O re, “U se ke oa tšaba,...ha u tšela har’a maliba ke tla ba le uena; ha u tšela linōka ha li ka ke tsa u nka....Ke ‘na Morena Molimo oa hao, Ea Halalelang oa Iseraele, Mopholosi oa hao.” Esaea 43:1-3.EN 255.5

    Ketsahalong ena ea leoatleng, Jesu O ne A lakatsa ho senolela Peterose hore o tla tšireletseha feela ha A itšetlehile matleng a leholimo ka nako tsohle. Har’a maqhubu a meleko, o ne a ka tseba ho feta ha feela a itšepetse Mopholosi. Moo Peterose a neng a hopola hore o matla, ke hona moo a neng a fokola. Hoja a utloisisa thuto ena maiphihlelong a hae a leoatleng, a ka be a sa ka a hloleha ha hlahlobo e kholo e mo tlela.EN 255.6

    Molimo O ntse A laea bana ba Hae ka letsatsi le letsatsi. O ba lokisetsa ho nka karolo mosebetsing o moholo oo O ba lokiselitseng ‘ona ka lintho tse etsahalang ho bona ka letsatsi le letsatsi bophelong. Ka motsotso oa joale, re ka nahana hore re eme re tsitsitse ‘me re ke ke ra sisinyeha. Re ka nahana ka tieo, hore ha ho se ka sisinyang tumelo ea rōna ho Molimo le ho lentsoe la Hae. Empa Satane o rerile ho sebelisa monyetla oa bofokoli ba rōna ba lefutso le tlhaho. Ke ha re elelloa bofokoli ba rona, ‘me re talima ho Jesu ntle le ho qea-qea, re ka tsamaeang re sireletsehile.EN 256.1

    Hang ha Jesu A kena ka sekepeng sefefo se ile sa khutsa, “‘Me hang-hang sekepe sa fihla lebopong leo ba eang ho lona.” Barutuoa le ba neng ba le ka seketsoaneng, ba khumama maotong a Jesu, ka lipelo tse tletseng teboho ba re: “Kannete u Mora oa Molimo!”EN 256.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents