Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 42—KRESTE O POROFETA HO FOTHOLOA HO HOHOLO

    [E itšetlehile ka khaolo ea Matheu 15:1-20; Mareka 7:1-23.]

    Thōmo ea ba Leshome le Metso e Meli, e neng e supa boholo ba mosebetsi oa Kreste, e ne e boetse e hlohlollelitse hape mohono oa batsamaisi Jerusalema. Lihloela tse rōmetsoeng Kaperenauma karolong ea ho qala ea bolisa ba Kreste tsa ferekana, empa joale ha rōmeloa maqosa asele ho lebela metsamao ea Hae, ‘me bafihlele seo e ka bang qoso khahlanong le Eena.EN 267.1

    Joaleka pele, mothèo oa ho belaelloa ba Hae e bile kheso ea Hae ea taelo tse neanoang ka molomo li bolelisoa li reretsoe ho sireletsa poloko ea molao. Har’a tse hlokomeloang ke Bajuda e neng e qobella haholo e ne e le ea moetlo oa ho itlhoekisa. Ho se tsotelle tse lōkeloang ho eloa hlōkō pele ho jeoa ho ne ho hlalosoa e le sebe se seholo.EN 267.2

    Bophelo ba ba lekileng ho ela hlōkō melaoana ea baruti ba molao oa Bajuda ebile bo thata bo lekang ho ikamahanya le moetlo oa tšilafatso. Ha batho ba tšoarehile ke ho ela hlōkō ntho tse se nang taba, ba furalla methèo e meholo ea molao oa Molimo.EN 267.3

    Kreste le barutuoa ba Hae ha ba ka ba bōlōka meetlo ea litlhatsuo. Litlhoela, leha ho le joalo, ha lia ka tsa futuhela Kreste ka kotloloho empa ba Mo supisa liphoso tsa barutuoa ba Hae ba re, “Ke ka baka la’ng ha barutuoa ba hao ba sa hlomphe moetlo oa baholo-holo? Ha ba hatlele ha ba e-ja.”EN 267.4

    Jesu ha A ka A leka ho itsereletsa kapa ho sireletsa barutuoa ba Hae. A tsoela pele ho bontša moea o susumetsang baphehelli bana ba melao e neanoang ea batho. A ba nea mohlala oa seo ba neng ba se etsa khafetsa: “Le tseba hantle ho beela taelo ea Molimo kathōko, e le hore le bōlōke meetlo ea Iona! Moshe o itse: ‘Hlompha ntat’ao le ‘m’ao,’ a ba a re: ‘Ea rōhakang ntat’ae kapa ‘m’ae a bolaoe.’ Empa lōna le re: ‘Ha motho a e-na le seo a ka thusang ntat’ae kapa ‘m’ae ka sona, feela a re: Hona ke korobane, ke ho re, ‘mpho ho Molimo/ ha le sa mo lumella ho etsetsa ntat’ae kapa ‘m’ae letho.” Ngoana ea sa utloeng o ne a ka bua hang feela lentsoe lena ‘Korobane’ thepeng eo e leng ea hae, ‘me o ne a k’a hana le eona a itšebelisetsa eona bophelong ba hae, ‘me kamora’ lefu la hae e fetisetsoe tšebeletsong ea tempele. Ka hona o ne a le bōlōkōlōhing ho hlompholla le ho amoha batsoali ba hae tōkelo ea bona tlas’a sekhurumetso sa ho etsa hoja eka ke boineelo ho Molimo.EN 267.5

    Jesu O ile A rorisa mosali oa mofumanehi ea faneng ka sohle sa hae polokelong ea tempele. Empa se neng se bonahala e le cheseho ea baprista le baruti ba molao ho Molimo e bile boikaketsi bo patang ho ipatla boholong. Esita le barutuoa ba Kreste ba ne ba ntse ba ena le tšekamelo tse joalo ka tsa bona le tsa borabbi. Ka ho pepesa moea oo ehlileng eleng ona oa baruti ba molao, Jesu O ne A batla ho lokolla bohle ba neng ba lakatsa ka ho sebeletsa Molimo ka sebele.EN 268.1

    “Baikaketsi ting! Esaea o porofetile hantle ka lōna, ha a re: ‘Sechaba sena se ntlhompha ka melomo ea sona feela, empa lipelo tsa sona li hole le ‘na; se nkhumamella lefeela, empa se ruta lithuto tseo e leng litaelo tsa batho.’” Kreste A bolela hore ka ho bea melao ea bona kaholimo ho litaelo tsa Molimo, baruti ba molao ba ne ba ipea kaholimo ho Molimo. Jesu O hlalositse hore tsilafalo ha e tsoe kantle, empa e tsoa kahare. Hloeko le tšilafalo li etsahala moeeng.EN 268.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents