Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 6—“RE BONE NALELI EA HAE”

    [E etšetlehile ka khaolo ea Matheu 2]

    Hoba Jesu a tsoalloe Betlelehema e Judea, mehleng ea khosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tsoang bochabela, ba re: ‘E kae khosi ea Bajuda e tsoetsoeng? Re bone naleli ea eona ha e hlaha, ‘me re tlil’o e khumamela.’”EN 35.1

    Banna ba bohlale ba tsoang bochabela e ne e le ba sehlopha sa batho ba ruileng, ba rutehileng. Har’a bona ho ne ho e-na le ba neng ba lokile, ba neng ba ithuta ka liketsahalo tse bontšang letsoho la ‘Mopi tlholehong, ‘me ba ne ba hlompshoa ka bonnete ba tsebo e batsi le ka semelo se setle. Har’a bona ho bile le banna ba bohlale ba ileng ba tla ho Jesu.EN 35.2

    Ha banna bana ba bohlale ba ntse ba ithuta ka linaleli tsa leholimo, ba bona khanya ea ‘Mopi. Erekaha ba ne ba batla tsebo e hlakileng, ba phetla Mangolong a Halalelang a Baheberu. Naheng ea bona ho ne ho e-na le mangolo a boporofeta a boletseng pele ka ho tla ha moruti ea halalelang. Boporofeta ba Balame bo ile ba ‘na ba neheletsanoa ho tloha mengoaheng ho isa mengoaheng. Testamenteng ea Khale ba bohlale ba ile ba ithuta ka thabo hore ho tla ha Mopholosi ho haufinyane. Lefatše lohle le ne le tla tlala tsebo ea khanya ea Morena.EN 35.3

    Banna ba bohlale ba ne ba ile ba bona khanya ea mohlolo maholimong bosiung ba mohla khanya ea Molimo e aperelang maralla a Betlelehema. Naleli e phatsimang ea hlaha, ‘me ea solla leholimong. E ne e le pono e tsosang thahasello e kholo bathong. Naleli eo e ne e le sehlopha sa lekhotla la mangeloi a khanyang, empa sena ba bohlale ba ne ba sa se tsebe. Le ha ho le joalo ba ile ba makatsoa ke naleli ena, ‘me ba ba le maikutlo a hore naleli eo e na le moelelo o khethehileng ho bona.EN 35.4

    Ana ekaba naleli ee ea mohlolo e rōmetsoe e le selelekela sa Ea tšepisitsoeng? Sheba Lipalo 24:17. Ba bohlale ba bochabela ba amohela khanya ena e le ‘nete e rōmetsoeng ke leholimo; eaba e tla holim’a bona ka mahlaseli a khanyang ho feta. Ka litoro ba laeloa hore ba tsamaee, ba batla Khosana e qetang ho hlaha.EN 36.1

    Naha e ka Bochabela e ne e atlehile ka lintho tse ntle, ‘me ba bohlale ba bochabela ha ba ka ba tsoa ba ipopile matsoho. Ba nka limpho tse theko e boima tsa naha ea habo bona e tle ebe nyehelo ho Eena, Eena eo malapa ‘ohle a lefatše a tlang ho hlohonolofalletsoa ho Eena.EN 36.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents