Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tumelo Ho Kreste E Mo Etsetsa Molemo O Moholo

    Mopholosi A khotsofala. O ne A lekile tumelo ea hae. O ne a bontšitse hore eena ea neng a nkoa e le molahluoa ho Iseraele e ne e se e se molichaba, empa e le ngoana oa ntlo ea Molimo. Joaleka ngoana e ne e le tōkelo ea hae ho ba le kabelo mphong tsa Ntate. Kreste joale A lumela kōpo ea hae ‘me ka eona ketso eo A qetela thuto ea hae ho barutuoa. A retelehela ho eena, A mo talima ka khauhelo le lerato, A re, “Mosali, tumelo ea hau e kaakang! A ho etsoe kamoo u lakatsang kateng.” Ka hora eona eo morali oa hae a fola. Mosali a tloha, a lumetse Mopholosi oa hae, ‘me a thabile ha thapelo ea hae e lumetsoe.EN 272.1

    Ebile ho ea phetha mohlolo ona Jesu A ileng a ea meeling ea Tire le Sidone. O lakalitše ho thusa mosali ea mahlomoleng ‘me ka nqa ‘ngoe a siee mohlala oa mohau molemong oa barutuoa ba Hae -mohlala o tla sebetsa ha A se A le sieo ho bona. O lakalitse ho ba ruta ho tjantjella le ho sebeletsa batho ba bang ka thōko ho sechaba sa habo bona.EN 272.2

    Jesu O ne A laba-labela ho phutholla liphiri tse tebileng tsa ‘nete eleng hore balichaba ke majalefa hammoho le Bajuda, ke ‘mele o le mong le bona, “ho Kreste Jesu, ka molaetsa o molemo...ba na le kabelo tšepisong e le ‘ngoe.” Baefese 3:6. Ka ho putsa tumelo ea molaoli oa lekholo, Kaperenauma, le ka ho ruta Sikare, O ne A hla A bontša hore Ha A ikamahanye le khethollo ea Bajuda. Joale khetlong lena Jesu O kopanya barutuoa ba Hae le mohedene eo ba mo nkileng a se na tōkelo ea ho lebella mohau ho Eena. O ne A bontša hore lerato la Hae ha lea seeloa meeli ea merabe kapa lichaba.EN 272.3

    Ha A re, “Ha ho moo ke rōmiloeng, haese linkung tsa ntlo ea Iseraele tse lahlehileng,” O boletse ‘nete. Mosali enoa e ne e le e ‘ngoe ea linku tse lahlehileng tseo Iseraele a ka beng a li pholositse. Kreste O ne A etsa mosebetsi oo ba o tlohetseng.EN 272.4

    Ketso ena ea bulela likelello tsa barutuoa ho bona ka botlalo mosebetsi o ba emetseng har’a Balichaba. Ba bona batho ba mameletseng mahlomola a maholo ba sa tsejoeng ke ba maemong a kaholimo, ba laba-labeletseng thuso e tsoang ho Mophekoli e moholo, ba lapetseng ‘nete. Hamorao, mohla lerako le arohantseng Bajuda le balichaba le helelitsoang ke lefu la Kreste, thuto ena ea e-ba le matla a kholisang ho baemeli ba Kreste.EN 273.1

    Ketelo ea Mopholosi Fenesia le mohlolo o entsoeng teng li bile le sepheo se phatlaletseng ka ho fetisisa hamorao. Kajeno, boikhōhōmōso le tšekamelo tse tšoanang le hola, li ahile marako a matla a karohano lipakeng tsa mefuta e fapaneng ea batho. Bongata bo ikutloa bo koaletsoe kantle ho evangeli. Empa ha ba se ke ba ikutloa ba koaletsoe hole le Kreste.EN 273.2

    Ka tumelo mosali oa Fenisia a ikakhela marakong e ahiloeng lipakeng tsa Mojuda le Molichaba. A loana le nyahamo, A loana le tse neng li bonahala eka li teng, tse neng li ka mo tlisetsa ho belaela, a tšepa lerato la Mopholosi. Kreste O lakatsa hore re Mo tšepe joalo. Mahlohonolo a poloko ke a motho e mong le e mong. Ha ho letho le ka thibelang mang kapa mang ho ba le kabelo pallong ea Kreste ka evangeli ntle le boikhethelo ba motho ka boeena.EN 273.3

    Khethollano ea maemo ea ileha ho Molimo. O sheba batho bohle ka theko e lekanang. O “entse lichaba tsohle ka mali a motho a le mong,...e le hore li batle Molimo, haeba li ka mo phōphōletsa, tsa mo fumana,le hoja ruri a se hole le e mong le e mong oa rōna.” Liketso 17:26,27. Bohle re memeloa ho tla ho Eena ‘me re phele. “Hobane Kreste ke eena Morena oa bohle, ea ruisang bohle ba mo rapelang. Mang le mang ea tla rapela Morena, o tla pholosoa.” Baroma 10:12,13.EN 273.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents