Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Bopaki Ba ‘Nete Ba Hore Kreste O Theohile Ho Molimo

    Se entseng hore Bajuda ba lahle Mopholosi ebile sona bopaki bo boholo ba semelo sa Hae sa bo-Molimo. Mehlolo ea Hae ebile e reretsoeng hlohonolofatso ea batho. Bophelo ba Hae bo senotse semelo sa Molimo. O entse mesebetsi ‘me a bua mantsoe a Molimo. Bophelo bo joalo ke mohlolo o moholo ho eohle.EN 276.2

    Bongata mehleng ena, joaleka Bajuda, bo ea hōoa bo re, ‘Re hlahisetse pontšo; etsa mohlolo.’ Kreste h’a re abele matla ho itšireletsa kapa ho kholisa ho se lumele le boikhōhōmōso. Feela na ha se mohlolo hore e be re ka tsoa tlamong tsa Satane? Ka tlhaho motho haa hloea Satane. Lehloeo le joalo le hlomiloe ka mohau oa Molimo. Ha motho ea neng a tsamaisoa ke manganga ea ikhantsang, a ineela tsamaisong ea Molimo mohlolo o entsoe. Ho joalo le ha motho ea thetsitsoeng haholo a fihlela ‘nete ka sebele. Phetoho lipelong tsa batho, phetoho ka botlalo semelong sa motho, ke mohlolo o senolang Mopholosi Eo esaleng A phela. Ho ruteng Lentsoe la Molimo, pontšo e lōkelang e bonahale hona joale le kamehla ke boteng ba Moea o Halelang, hore Lentsoe e be matla a tsosolosang ho ba mamelang.EN 276.3

    Ba neng ba kopa mohlolo ho Jesu ba ne ba thatafalitse lipelo tsa bona. Ba sitiloe ho bona hore thōmo ea Hae ke phethahatso ea Mangolo. “Ha ba sa utloe Moshe le Baporofeta, ha ba ka ke ba kholoa leha e mong a ka tsoha bafung.” Luka 16:31.EN 276.4

    Jesu A tloha sehlopheng sa banyatsi, A boela A kena sekepeng le barutuoa ba Hae. Ka khutso e masoabi ba boela ba tšela letša hape. Ha ba fihla ka mose aone Jesu A re, “E-bang seli, le hlokomele tomōso ea Bafarisi le Basaduke.” Bajuda ba ne ba rutiloe ho nka tomōso e le setšoantšo sa sebe. Ka ho tloha ba tatile Magadane barutuoa ba ile ba lebala ho nka bohobe. Ba utloisisa e ka Kreste O ba lemosa ho se reke bohobe ho Bafarisi kapa Basaduke. Ho hloka kutloisiso ea pono ea moea ha bona hangata ho ne ho ba etsa hore ba Mo utloelle mantsoeng a Hae.EN 276.5

    Joale Jesu A ba nyatsetsa ho nahana hore Eena Ea kileng A fepa likete ka lihlapi tse seng kae le lipolokoe tsa harese, temosong ea Hae e matla O nea bua ka lijo tsa ‘mele feela. Ho ne ho na le kotsi ea hore mehopolo ea Bafarisi le Basuduke e ka lomosa barutuoa ba Hae ka ho se lumele.EN 277.1

    Barutuoa ba sekametse ho nahaneng hore Moruti oa bona hoja A fana ka pontšo maholimong. Hona O ne A ka ho etsa ‘me pontšo e joalo e ne e tla khutsisa lira tsa Hae. Barutuoa ba ne ba sa lemohe boikaketsi ba bahanyetsi bana. Likhoeli kamorao ho mona Jesu A pheta thuto e tšoanang A re, “Hlokomelang tomōso ea Bafarisi, e leng boikaketsi.” Luka 12:1.EN 277.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents