Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 45—SERITI SA SEFAPANO

    [E itšetlehile ka Matheu 16:13-28; Mareka 8:27-38; Luka 9:1827.]

    Le pele Kreste A nka sebōpeho sa botho, O bone bolelele bohle ba tsela eo A tšoanelang ho e tsamaea ho pholosa ba neng ba lahlehile. Bohlōkō bo bong le bo bong bo Mo harasoantseng pelo, thohako e ‘ngoe le e ‘ngoe e bokelloang hloohong ea Hae, bofutsana bo bong le bo bong boo A neng A tla bo mamella, tsena kaofela tsa hlaka ponong ea Hae pele A hlobola moqhaka le seaparo sa Hae sa borena ‘me A theoha teroneng ho apesa bo-Molimo ba Hae ka botho. O tsebile mahlomola a tla Mo tlela leha ho le joalo A re, “Bona, kea tla. Ho ngotsoe ka ‘na Bukeng ea Molao: Ke thabela ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka. Molao oa hao o ka pelong ea ka.” Pesalema 40:8,9.EN 279.1

    Bophelo ba Hae lefatseng, bo tletseng boima le ho iketsa sehlabelo, bo khothalitsoe ke tšepo ea hore ka ho tela bophelo ba Hae, O tla khutlisetsa lefatše botšepehing ho Molimo. Leha A ne A lōkela ho amohela kolobetso ea mali pele, leha libe tsa lefatše li lokela ho Mo imela moeeng oa Hae o hlokang molato; leha moriti oa bomalimabe bo ke keng ba lekanngoa o bile holim’a Hae; ka lebaka la thabo eo A e lōkiselitsoeng, A khetha ho mamella mahlomola.EN 279.2

    Nako e ne e atametse eo ka eona metsoalle ea hae eo A e khethileng e tlang ho bona eo ba Mo ratileng le ho Mo tšepa, A leketlile sefapanong sa Gologotha. Haufi O lokela ho khaohana le bona ba talimane le lefatše ho se khothatso ea boteng ba Hae bo bonoang. Lehloeo le fetisisang le ho se lumele le ne le tla ba hlorisa, ‘me A lakatsa ho ba lōkisetsa liteko tsa bona.EN 279.3

    Jesu le barutuoa ba ne ba fihlile metsaneng ea Sesarea oa Filipi. Ba ne ba le ka mose ho Galelea, naheng eo tšebeletso ea litšoantšo e neng e atile. Ho ba pota ho ne ho e-na le boemeli ba libōpeho tseo eleng tumèla-khoèla tse teng ka likarolo tsohle tsa lefatše. Jesu A lakatsa hore eka pono ea lintho tsena e ka hulela barutuoa ho utloisisa boikarabelo ba bona ho bahedene.EN 279.4

    O n’a s’a le lekhatheng la ho ba bolella ka mahlomola a Mo emetseng. Empa pele A rapela hore lipelo tsa bona li lōkisetsoe ho amohela mantsoe a Hae. H’a ka tsebisa hang seo A lakalitseng ho se aba, empa A ba nea nako e lōkelang hore ba ipolele tumelo ea bona ho Eena. A botsa A re, “Batho ba re ‘na Mor’a motho ke mang na?”EN 280.1

    Ka masoabi barutuoa ba lumela hore Iseraele o sitiloe ho lumela Mesia oa bona. Bongata Bethesaida bo ne bo lakalitse ho Mo tumisa e le Morena oa Iseraele. Ba bangata ba ne ba itōkiselitse ho Mo amohela e le moporofeta, empa ha ba ka ba lumela hore ke Mesia.EN 280.2

    Jesu joale A botsa potso ea bobeli, e tobile barutuoa ka bō bona, “Empa lona le re ‘na ke mang?” Petrose a araba, “U Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.”EN 280.3

    Haesale Petrose a lumetse hore Jesu ke Mesia. Ba bang ba bangata ba neng ba amohetse Kreste ba qala ho belaella borōmuoa ba Johanne ha a kenngoa teronkong le ho bolaoa, ‘me joale ba belaella le Eena Jesu hore ke Mesia. Bongata bo neng bo lebeletse Jesu ho nka sebaka sa Hae teroneng ea Davida ba Mo tlohela ha ba lemoha hore ha A na morero o joalo. Empa tsela ea ho qea-qea ea bao ba Mo tlōtlisitseng ka la maobane ‘me ba tsoha ba Mo nyatsa, ha oa ka oa felisa tumelo ea molateli oa ‘nete oa Mopholosi. Petrose a bolela a re, “U Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.” O ne a sa lebella hore A apesoe borena pele a ka Mo roesa mofapahloho, empa A Mo amohela A le joalo, A ikokobelitse.EN 280.4

    Puong ena Petrose o ne a boletse tumelo ea ba Leshome le Metso e ‘Meli. Empa khanyetso ea baprista le babusi e ne e ntse e ba tlisetsa tsieleho e kholo. Ha hoa ka ha hlaka ho bona. Thuto eo ba hotseng ka eona, thuto eo ba e nkileng ho baruti ba molao, matla a litaba tse neanoang, ntho tsena li ne li sira pono ea bona. Mahlaseli a bohlokoa a leseli a ne a ba khanyetsa empa hangata ba ne ba le joaleka batho ba phopholetsang lefifing. Empa tsatsing lena, Moea o Halalelang oa lula ho bona ka matla. Ba lemoha tlōtla ea Mora oa Molimo tlas’a botho boo A bo apereng.EN 280.5

    Jesu A araba Petrose A re, “U lehlohonolo, Simone mor’a Jona, kahobane hase motho oa nama le mali ea u senoletseng hona, empa ke Ntate ea maholimong.”EN 281.1

    ‘Nete eo Petrose a neng a e boletse ke mothèo oa tumelo ea molumeli. Empa e ne e se ka bohlale kapa molemo oa hae Petrose a senoletsoeng tsena. Taba ea hore e be Petrose o lemohile khanya ea Kreste ebile pontšo e kholisang hore o “rutiloe ke Molimo.” Talima Pesalema 25:14; Johanne 6:45.EN 281.2

    Jesu A tsoela pele A re: “Joale le ‘na kea u bolella, ke re: ‘U Petrose, ‘me holim’a lefika lena ke tla haha kereke ea ka, ‘me monyako oa Qalo ea Bafu o ke ke oa e hlōla.’” Lentsoe Petrose le hlalosa hore lejoe — lejoe le phikolohang. Petrose e ne e se lefika leo kereke e theiloeng holim’a lona. Likhoro tsa qalo ea bafu li ile tsa mo hlōla mohla a latolang Morena oa hae ka ho rohakana le ho hlapaola. Kereke ea na ea ahoa holim’a Eo likhoro tsa qalo ea bafu li ke keng tsa atleha ho loana le Eena.EN 281.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents