Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 46—JESU A FETOHA

    [E itšetlehile ka Matheu 17:1-8; Mareka 9:2-8; Luka 9:28-36.]

    Ene e se e e-ba mantsiboea ha Jesu A bitsetsa Petrose, Jakobo, le Johanne ho Eena, ‘me A ea le bona hole, thoko thabeng, moo ho khutsitseng. Ba ne ba qetile letsatsi ba ntse ba tsamaea joale ho hloa moepa ha eketsa mokhathala oa bona. Letsatsi la phakisa la likela, ‘me batsamai bao ba koaheloa ke lefifi. Botšo bo ba potapotileng ba bonahala bo lumellana le bophelo ba bona ba mahlomola, bo neng bo aparcloa ke maru.EN 287.1

    Barutuoa ha ba ka ba itekela ho botsa Kreste hore na O ea kae, ka morero ofe. Hangata O ne A ee A qete masiu a tletseng thabeng A rapela; O ne A thabela ho ba inotši moo ho khutsitseng. Empa barutuoa ba ne ba ipotsa hore na ke’ng ha Morena oa bona A ba hloesa moepa o boimahali ona ba se ntse ba khathetse, le Eena ka boeena A hloka ho phomola.EN 287.2

    Hang-hang Kreste A ba bolella hore ha ba sa ea pele. Hoba A emele thokoana ho bona, Motho oa mahlomola A keleketla likeleli thapelong ea Hae ea boikokobetso. A kōpa matla ho mamella teko bakeng sa batho. O tšoanela ho itšoarella ka matlamatla ho Ea-ma-tla-Ohle, hobane ke teng feela A ka talimanang le bokamoso. A rapella barutuoa ba Hae hore ba sc nyahame tumelong. O ne A letse phoka haholo ‘meleng oa Hae O kebileng, empa O ne A sa e utloe. Nako ea ‘na ea ikela butle-butle.EN 287.3

    Qalong barutuoa ba kopanela thapelo le Eena. Empa kamora’ nakonyana ba be se ba ithobaletse. Jesu O ne A ile A ba bolella ka mahlomola a Hae, A lakalitse ho imolla masoabi a bona ka ho ba fa tiiso ea hore tumelo ea bona ha ea ba ea lefeela. Ha se bohle, esitana le ho ba Leshome le Metso e ‘Meli, ba neng ba ka fumana tšcnolo eo A neng A lakalitse ho e fana. Ke ba boraro bana feela ba neng ba tla bona mahlomola a Hae Gethesemane, ba neng ba khethiloe ho ba le Eena thabeng. Joale thapelo ea Hae e ne e le hore ba bone ponahatso e tla ba tšelisa nakong ea mahlomola a Hae a maholo a ho shoa; e le ha ba tseba hore ke ka tieo eleng Mora oa Molimo le hore lefu la Hae le hlabisang lihlong ke morero oa topollo.EN 287.4

    Thapelo ea Hae e ile ea mameloa. Hang maholimo a buleha, ‘me khanya e halalelang ea theohela thabeng, ea koahela ‘mele oa Mopholosi. Bo-Molimo bo hlahang kahare ho Kreste ba tsoela kantle ‘me ba khahlanyetsa khanya e theohang leholimong. Kreste A phahama moo A neng A kobotetse teng, A ema bokhabaneng ba boMolimo. Sefahleho sa Hae sa khanya “joaloka letsatsi,” ‘me liaparo tsa Hae tsa e-ba tšoeu “joaloka leseli.”EN 288.1

    Barutuoa, ha ba tsoha, ba boha ka tšabo le makalo sebōpeho se khanyang sa Mong’a bona. Ha ba se ba tloaetse leseli le makatsang, ba bona haufi le Jesu libōpuoa tse peli tsa leholimo -Moshe, eo holim’a Sinai a kileng a bua le Molimo; le Elia, ea kileng a neoa lehlohonolo le leholo la hore le ka mohla a se ke a ba tlas’a matla a lefu.EN 288.2

    Ka lebaka la sebe sa hae ha a le Meriba, e ile ea e-ba hore Moshe a ke ke a neoa tokelo ea ho kena Kanana. O ne a sa tl’o neoa thabo ea ho fihlisa Iseraele lefeng la bo-ntat’ae. Ho fella lehoatateng e bile pakane ea tšebetso e thata le ea tlhokomelo ea boitelo ho Iseraele ka lilemo tse mashome a mane. Moshe o fetile tlas’a matla a puso ea lefu, empa ha a ka a hlōla lebitleng. Kreste ka sebele O mo bitselitse bophelong. Talima Juda 9.EN 288.3

    Moshe thabeng ea ponahalo o ne a emetse ba tla tsoa mabitleng mohla tsoho ea bafu ba lōkileng. Elia ea ileng a nyolleloa leholimong a sa ka a bona lefu, o emetse ba tla be ba phela ho tleng la bobeli ha Kreste, “kaofela re tla fetoha, hang-hang, ka ho panya ha ntši, ha ho lla terompeta ea mehla ea bofelo.” I Bakorinthe 15:51,52. Jesu O ne A apere kamoo A tla bonahala ha A etla lekhetlo la bobeli “ka tlōtla ea Ntat’ae, a e-na le mangeloi a halalelang.” Mareka 8:38; Talima Baheberu 9:28. Moo holim’a thaba ‘muso o tlang oa khanya o ile oa tšoantšoa hanyenyane — Kreste e le Morena, Moshe e le moemeli oa bahalaleli ba tsositsoeng, le Elia e le oa ba tla fetolcloa ‘meleng e khanyang ba sa ka ba e-shoa.EN 288.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents