Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Petrose Ha A Hlile Ha A Utloisise

    Barutuoa ba thaba hore ebe Enoa Ea mosa, Ea ikokobelitseng, Ea phaitseng ka hohle-hohle, molata o se nang ea o thusang, O tlōtlisoa ke ba rekolohetsoeng ba leholimo. Ba ne ba lumela hore Elia o tlile ho tla ba behela hore ‘muso o se o tla hlongoa lefatšeng. Ba lakatsa ho lula hona mono. Petrose a bua a re, “Morena, ke hantle ha re le mona; ha u rata ke tla hloma maphephe a mararo mona, le leng e be la hao, le leng e be la Moshe, le leng e be la Elia.” Barutuoa ba ne ba tšepa hore Moshe le Elia ba rōmetsoe ho tla sireletsa Monghali oa bona le ho hloma ‘muso oa Hae e le morena.EN 289.1

    Empa pele ho mofapahloho ho lōkela ho tle sefapano. O ne A mameletse mofokolo oa botho, A imetsoe ke mahlomola a ona le sebe, A tsamaea A inotši har’a batho. Eare ha lefifi la teko e tlang le hatellana holim’a Hae, A ba bolutung moeeng, lefatšeng le sa kang la Mo tseba. Esita le barutuoa ba Hae ba ratoang ha ba ka ba utloisisa thomo ea Hae. Lefatšeng leo A le bopileng O bile bolutung. Joale leholimo ke lena le romile maqosa; eseng mangeloi, empa batho ba ileng ba mamella mahlomola le masoabi, ‘me ba ka utloelang Mopholosi bohlōkō.EN 289.2

    Moshe le Elia ebile basebetsi ‘moho le Kreste. Ba ne ba bile ba abelane takatso e tšoanang le ea Hae ea hore batho ba bolokehe. Moshe o rapeletse Iseraele A re, “Joale, ak’u se tšoarele sebe sena sa sona hle! Ho seng joalo hlakola lebitso la ka bukeng eo u e ngotseng.” Phallo 32:32. Elia o bile le ho hlora, e le ha ka lilemo tse tharo le sekoto tsa tlala a ne a mameletse lehloeo le tsietsi tsa sechaba. A na a balehela lefelleng a le mong, a nyahame. Batho bana ba ne ba tlil’o buisana le Jesu ka mahlomola a Hae le ho Mo tšclisa. Polokeho ea motho e mong le e mong e ne e le sona seo ho neng ho buisanoa ka sona kopanong ea bona.EN 289.3

    Kaha ba ne ba tšoeroe ke boroko, barutuoa ba utloa ho honyenyane haholo puisanong ea Kreste le maqosa a leholimo. Ba hloloa ho fumana seo Molimo O neng O lakalitse ho ba nea sona — ho tseba mahlomola a Kreste le khanya e tla a latela. Ba lahlehetsoe ke lehlohonolo leo e kabeng e bile la bona. Leha ho le joalo ba tiiselitsoe hore leholimo lohle le tsebile ka sebe sa sechaba sa Bajuda sa ho lahla Kreste. Ba ile ba neoa pono e hlakileng mosebetsing oa Molopolli. Ea e-ba “lipaki tse boneng botlōtlehi ba hae” (2 Petrose 1:16) ba bontšisa hore Jesu efela E le Mesia le hore O tsejoa joalo ke lihloliloeng tsohle lefatseng le maholimong.EN 289.4

    Eare ba sa ntse ba bohile pono eo, leru le khanyang la ba khurumetsa; ‘me ha utloahala lentsoe le tsoang lerung, le re, “Enoa ke Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlang; mo mameleng.” Ha ba utloa lentsoe la Molimo le bua ka matla a tšabehang a thothometsang lithaba, barutuoa ba oa ka lifahleho tsa bona, ba ikhurumelitse lifahleho, ho fihlela Jesu A atamela, A ba ama, A re ka lentsoe la Hae le tloaelehileng, “Emang, se tšabeng!” Khanya ea leholimo e ne e fetile, Moshe le Elia ba ne ba nyametse. Ba ne ba se ba le bang le Jesu.EN 290.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents