Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tumelo E Re Kopanya Le Leholimo

    “Empa haeba u ka etsa ho hong, re hauhele, ‘me u re thuse.” Ke meea e mengata hakaakang e imetsoeng ke sebe e phetileng thapelo eo! ‘Me ho bohle karabo ke, “Tsohle li ka etsahala ho ea lumelang.” Ka Kreste, Molimo O lōkisitse mokhoa oa ho hlōla tšekamelo e ‘ngoe le e ‘ngoe ea sebe le ho hanyetsa moleko o mong le o mong, leha o ka ba matla ha kae. Empa ba bangata ba ikutloa ba hloka tumelo, ‘me ka hona ba sala ba le thōko ho Kreste. Meea ena e se ke ea icheba, e mpe e shebe ho Kreste. Tumelo e tla ka Lentsoe la Molimo. Isoara tšepiso ea Hae, “‘Me ea tlang ho ‘na ha nka ke ka mo lahlela kantle.” Johanne 6:37. Itihele maotong a Hae ka mohoo, “Kea lumela; thusa ho hloka tumelo ha ka.” U ke ke le ka mohla o le mong ua timela ha u etsa sena -le ka mohla o le mong, le hanyenyane.EN 293.3

    Ka nako e khutšoanyane barutuoa ba rekolohetsoeng ba ne ba ile ba bona ha motho a fetohela setšoantšong sa Molimo, ba ba ba bona ha a theoletsoe ho tšoaneng le Satane. Ba ne ba bone Jesu A tlōtlisitsoe A le boemong ba Molimo, ‘me ba ‘Mone ha A teana le moshanyana ea hlanyang, ea tsikitlanyang meno habōhlōkō. Mopholosi enoa ea matla, eo nakoana e khutšoanyane pele ho mona A neng A eme A tlōtleha, A inama ho emisa motho ea sotloang ke Satane fatše, ‘me A mo busetsa ho ntat’ae le lehaeng labo.EN 293.4

    E ne e le thuto ea pheello ea topollo -Eo-E Molimo A inama ho pholosa se lahlehileng. E ne e emetse hape borōmuoa ba barutuoa. Bophelo ba bahlanka ba Kreste ha boa lokela ho fella holim’a thaba. Tlase mane lehoatateng, meea eo Satane a e kentseng bokhobeng e emetse lentsoe la tumelo le thapelo ho ba lopolla.EN 293.5

    Eare ha Jesu A boetse A le mong hape le barutuoa ba robileng mono o le mong, ba botsa ba re, “Ke ka baka la’ng rōna re sitiloeng ho leleka modemona?” Jesu A re ho bona, “Ke hobane tumelo ea lona ea fokola. Kannete kea le bolella, ke re: Hoja le na le tumelo e kaa ka tlhaku ea mosetareta le ne le tla re ho thaba ena: ‘Suthu mona, u ee mane,’ ‘me e ne e tla sutha. Ha ho letho le ka le sitang. Mofuta ona ha o tsoe haese ka thapelo le ka ho itima lijo.” Ho se lumele hoa bona, ho ba entseng hore ba se utloele Kreste bohlōkō, le bohlasoa boo ba nkileng mosebetsi o khethehileng ka bona, o siiloeng ho bona, li entse hore ba hlolehe. Barutuoa bana ba neng ba setse ba ne ba ile ba honohela ba bararo ba felehelitseng Jesu. Ba bua ba tletse ho nyahama le ho utloa bohlōkō. Ke boemong bo tjena ba ileng ba shebana le moea o litšila oa Satane.EN 294.1

    Hore ba tle ba atlehe ntoeng ea mofuta ona, tumelo ea bona e lokela e matlafatsoe ka thapelo e matla, ho itima lijo le boikokobetso ba pelo. Ba tlameha ba itlhophare bo-bona ‘me ba tlatsoe Moea le matla a Molimo. Tumelo e isang boitšoarellong bo phethehileng ho Molimo le boineelo bo sa sieang letho mosebetsing oa Hae, ke tsona feela tse tlisetsang batho thuso ea Moea o Halalelang ntoeng e loantšanang le meea e khopo.EN 294.2

    Itšoarelle lentsoeng la Molimo le ho lisebelisuoa tsohle tse nang le thuso tseo A li khethileng. Ke ha joalo tumelo ea hau e tlang ho matlafala. Lithibelo tse bokeletsoeng ke Satane ka ho li haha a li fapakanya tseleng ea hao tse bonahalang eka li ke ke tsa hlōloa, tse joaleka maralla a sa feleng, li tla nyamela ha u kōpa ka tumelo. “Ha ho letho le ka u sitang.”EN 294.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents