Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Khang Bakeng Sa Boholo

    Mopholosi A re ho bona, “Haeba mang kapa mang a rata ho ba oa pele, e be oa ho qetela ho bohle le mosebeletsi oa bohle.” Ha ba ka ba hlalohanya mofuta oa ‘muso oa Kreste, ‘me sena e ne e le sesosa se bonahalang sa khang ea bona. Empa seo e hlileng e leng sesosa sebele se lutse se tebile. Esita leha ba se ba amohetse tsebo e tletseng ka ho fetisisa, potso efe kapa efe ea ho rata ho ho ba ka pele ho ba bang e ne e ka ‘na tsosolosa khathatso. Ka tsela ena kotsi e ka be e tlisitsoe kerekeng kamora’ nyolohelo ea Kreste. Tseko ena ea ho ba moholo ke tholoana ea oona moea ola o qalileng khang e kholo leholimong e leng khang e ileng ea theola Kreste leholimong hore A tl’o shoa. Ha hlaha ka pele ho Eena pono ea Lucifere, ea ileng a re, “Ke itekanye le Ea Phahametseng tsohle.” Esaea 14:14. Takatso ea boiphahamiso e tlisitse moferefere makhotleng a leholimo. O ile a batla se ka holimolimo, ‘me ‘mopuoa e mong le e mong ea khannoang ke moea oa hae o tla etsa se tšoanang. ‘Muso oa Satane ke ‘muso oa likhoka, motho e mong le e mong o nka e mong osele e le tšitiso tseleng ea hae ea tsoelo-pele, kapa e le mothati oo ka oona a ka hloellang sebakeng se ka holimo.EN 297.1

    Ha Lucifere a ntse a batla ho lekana le Molimo, Kreste Eena “o ile a iketsa lefeela, a inkela boleng ba lekhoba, a tšoana le batho, a phela joaloka motho. O ile a inyenyefatsa, ea e-ba ea mamelang ho isa lefung, le hona lefu la sefapano.” Bafilipi 2:7,8. Joale ho ne ho fihlile moo sefapano se leng ka pele ho Eena; athe barutuoa ba Hae bona ba ne ba tletse boipatlo hoo ba neng ba ke ke ba e-ba kutloelong-bohlōkō le Morena oa bona, kapa esita le ho Mo utloisisa ha A bua ka khoboso ea Hae eo A tla e etsoa ka baka la bona.EN 297.2

    Jesu A leka ho lokisa phoso. A bontša seo eleng mothèo oa boitšoaro ‘musong oa leholimo le seo boholo ba sebele bo leng sona. Ba neng ba khannoa ke boikhōhōmōso le lerato la ho ipatla ba ne ba inahanella bo-bona feela le melemo eo ba tla ba le eona. Ba joalo ba ne ba ke ke ba e-ba le sebaka ‘musong oa leholimo, hobane ba ne ba ikamahanya le balateli ba Satane.EN 298.1

    Pele ho hlompho ke boikokobetso. Ho tlatsa tulo e phahameng bathong, Leholimo le khetha mosebeletsi ea amohelang sebaka se fatše ka pele ho Molimo. Morutuoa ea joaleka ngoana haholo ke ea phethahetseng haholo tšebeletsong ea Molimo. Ea ikutloang bohloki ba hae ba ho hloka thuso ea Molimo o tla bo rapella. Ha a se a kopane le Kreste o tla tsoela pele ho sebetsa, a tlotselitsoe thōmo ea hae, ‘me a atlehe moo ba bangata, ba bohlale kelellong, ba ka hlolehang.EN 298.2

    Empa ha batho ba iphahamisa, ba ikutloa hore ho ke ke ha etsahala letho la katleho mosebetsing oa Molimo ha ba le sieo Morena O etsa hore ba beeloe ka thōko. Mosebetsi ha o eme empa o tsoela pele ka matla a maholo.EN 298.3

    Ho ne ho sa lekana bakeng sa barutuoa ba Jesu ho rutoa ka mofuta oa ‘muso oa Hae. Seo ba neng ba se hloka e ne e le phetoho ea pelo. Jesu A bitsa ngoana, A ‘mea har’a bona, A mo sika, A re, “Ha le sa fetohe le tsoana le bana, le ke ke la kena ‘Musong oa maholimo.” Bonolo, boitebalo, le lerato la ho tšepa la ngoana e monyenyane ke tseo leholimo le li hlokang, tseo eleng tsa boholo ba sebele. Maotong a Jesu hlompho le ho ikalatisa li lebetsoe. Barui le mafutsana, barutehi le batho feela ba teana hammoho e le meea e rekiloeng ka mali, ho sa natsoe maemo a hore na o mofo kapa morena.EN 298.4

    Molimo O bea letšoao la Oona ho batho, eseng ka maemo, eseng ka leruo, eseng ka bophahamo ba thuto, empa ka kopano ea bona le Kreste, “U ‘nea, thèbè ea hao e pholosang, letsoho la hao le letona lea ntšehetsa, paballo ea hao ea nkhōlisa.” Pesalema 18:36.EN 298.5

    Mantsoe a Mopholosi a etsa hore barutuoa ba ikutloe ba sa itšepe. Johanne a botsa hore na tabeng e itseng O ile a nepa na. A re, “Moruti, re bone e mong a leleka bademona ka lebitso la hao, ‘me ra mo thibela, hobane a sa re latele.”EN 298.6

    Jakobo le Johanne ba hopola hore ka ho hanela motho enoa ba boulela tlōtliso ea Morena oa bona; Joale ba bona hore ba ne ba ipoulella bo-bona. Ba lumela phoso ea bona, ‘me ba amohela khalemelo ea Jesu e reng, “Le seke la mo thibela, kahobane ha ho ea ka etsang ketso e hlollang ka lebitso la ka, ebe a ka phakisa a mpua hampe.” Bongata bo ne bo ile ba ameha haholo ka botebo ke semelo le mosebetsi oa Kreste e leng bao lipelo tsa bona li neng li ‘Mulehetse ka tumelo. Barutuoa ba tšoanela ho hlokomela ho se tepeletse meea ena. Ba tšoanela ho bonahatsa kutloelo-bohlōkō e tebileng e kang eo ba e boneng ho Moruti oa bona.EN 299.1

    Kreste ke Mosuoe E Moholo. Re lokela ho lula maotong a Hae ‘me re ithute ka Eena. Motho e mong le e mong eo Molimo O mo entseng hore a lumele ke tsela eo ka eona Kreste A tla senola lerato la Hae le tšoarelang. Re lokela ho ba hlokolosi hakaakang esere mohlomong ra tepeletsa le leng la maqosa a Molimo, ‘me ka mokhoa o joalo ra thibela mahlaseli ao A lakatsang hore a khanyetse lefatše!EN 299.2

    Ketso e joaloka ea Johanne ea ho hanela e mong ho etsa mehlolo ka lebitso la Kreste e ka ‘na ea etsa hore moea o lahlehe. Ho e-na le hore motho a etse hona, Jesu O re, ‘’Ho molemo ho eena ha a tlamelloa leloala molaleng, ‘me a lahleloa leoatleng.”EN 299.3

    Ke baka lang A etsa puo e matla hakaale? Hobane, “Mora Motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng” Luka 19:10. Na barutuoa ba Hae ba ka bontša hlokomelo e nyenyane bakeng sa meea ea balekane ba bona ho feta eo Morena oa leholimo A e bonahalitseng? Se tšabeha hakaakang sebe sa ho leleka moea o le mong, oo lerato la Mopholosi le mahlomola a ho shoa li sa tlong ho o tsoela molemo!EN 299.4

    “Ho malimabe lefatše ka baka la likhopiso! Likhopiso li tlameha ho hlaha.” Lefatše ka ho tiea le tla hanyetsa balateli ba Kreste, empa ho malimabe ea nkileng lebitso la Kreste empa a fumanoa a etsa likhopiso. Matšoele a khelosoa ‘me a isoa tseleng tseo eseng tsa ‘nete ke ba ipolelang ba Mo sebeletsa empa ba hlahisa semelo sa Hae hampe.EN 299.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents