Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Bohloki Ba Kamo E Mosa

    U se ke ua hlabisa ea fositseng lihlong ka ho pepesa phoso tsa hae ho batho ba bang. Hape u se tlise tlōtlōllo ho Kreste ka ho pepesa sebe sa ea jereng lebitso la Hae. Ea khelohileng o lokela ho bontšoa phoso ea hae, e le hore a tle a khutle; empa ha u lokele ho ahlōla leha e le ho tsoa. Ho phekoleng maqeba a moea, ho hlokeha haholo kamano e qenehelang. Ke lerato le kopotsang ho Ea Utloisoang Bohlōkō oa Gologotha feela le ka thusang tabeng ena. Ha u atleha, u tla “pholosa moea lefung,” ebe “u apesitse libe tse ngata-ngata.” Jakobo 5:20.EN 301.1

    Empa esita le teko ena e ka ‘na ea se ke ea atleha. Joale Jesu A re, “Nka motho a le mong kapa ba babeli.” Ke feela haeba a sa ba utloe, ke teng feela taba ea hae e ka bolelloang kereke eohle. Ha litho tsa kereke li ke li kopanele thapelo le thapelisiso ea lerato hore motloli a tsosolosoe. Moea o Halalelang O tla bua ka bahlanka ba Oona, O qekele moleleri ho khutlela ho Molimo: “Rea le kōpa lebitsong la Kreste: Boelanang le Molimo.” 2 Bakorinthe 5:20. Ea hanang katamelo ena e kopanetsoeng o khaola leqhama le mo tlamahanyang ho Kreste, ‘me ka tsela ena o ikhaotse kopanong ea kereke. Jesu A re ho tloha joale, “Mo talime e le mohedene le molekhetho.” Empa a se ke a khesoa kapa a lahloa ke bana babo ba pele. Mo tšoareng ka mosa le khauhelo.EN 301.2

    Ha motho a sa hlokomele tsela eo Kreste A e laetseng, ea ho leka ho khutlisa ba leng phosong le sebeng, o fetoha ea thusanang le moetsalibe. Talima Meetlo 19:17. Ha re tlohella makhopo ao re ka beng re a thibetse, rea tlohella ho tsoela pele, re na le boikarabello joalokaha eka re molato oa liketso ka bo-tsona.EN 301.3

    Ha re lokele ho ‘na re pheta leha e le ho qoqa ka phoso ea motho e mong. Ha re batla ho ntša ngoan’abo rōna liphoso, re mo sireletse kahohle kamoo re ka etsang kateng ho baena ba hae, me ka ho fetisisa re mo sireletse nyatsong ea lefatše le sa lumelang. Kamoo re lakatsang hore Kreste A re etse kateng, O re re etsane joalo le rōna. “Seo u se tlamang lefatseng se tla tlangoa leholimong, ‘me seo u se lokollang lefatšeng se tla lokolloa leholimong.” Matheu 16:19. Litholoana tsa mosebetsi oa lōna ke tsa bo sa feleng!EN 301.4

    Empa ha se hore re jare boikarabello bona bo boholo re inotsi. Kae le kae moo lentsoe la Hae le mametsoeng ka pelo ea ‘nete, Kreste O teng. Liphuthehong tsa kereke, le moo barutuoa ba phuthehileng, leha ba se bakae, ba kopaneng ka lebitso la Hae, le teng O tla ba teng. “Haeba ba babeli ba lona ba e-ba ntsoeleng nthong e ‘ngoe le e ‘ngoe eo ba e kōpang lefatseng, ba tla e etsetsoa ke Ntate ea maholimong.” Ha ka botho ba Hae Jesu e le moabelani le barutuoa ba Hae litekong tsa bona ‘me A ba utloela bohlōkō mahlomoleng a bona, ka boMolimo ba Hae O hokahane le terone ea Rabosafeleng.EN 302.1

    Ke tsepiso e makatsang hakaakang! Matla ‘ohle a leholimo a kopana le bohlale ba batho ho huleleng meea ho Kreste.EN 302.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents