Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents

Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa

 - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mabaka A Boithati A Hlahatsoa

    Bana bana babo Jesu ba itšetlehile ka tsela ea boithati e sebelisoang ke ba batlang ho iponahatsa. “Jesu a re ho bona: ‘Nako ea ka ha e e-s’o fihle, athe nako ea lōna ke eona kamehla. Lefatše le ke ke la le hloea, empa ‘na le ntlhoile, kahobane ‘na ke paka hore mesebetsi ea lona e mebe. Lōna, eeang moketeng; ‘na ha ke ee moketeng ona, hobane nako ea ka ha e e-s’o fihle.’ Hoba a ba bolelle tsena, a sala Galelea.” Bana babo ba ne ba bua le Eena ka ho Mo laela. A ba araba ka nyatso A bontša A sa ba balelle ho barutuoa ba hae ba itetseng, empa A ba balella ho lefatše. Lefatše ha le hloee ba tšoanang le lona ka moea; le ba rata e le ba lona.EN 305.3

    Kreste O ne A sa ikakase, A sa lokele ho khorohela kotsing, A sa lokele ho potlakisa kotsi. O tsebile hore O lokela ho amohela lehloeo la lefatše. O tsebile hore mosebetsi oa Hae o tla fella ka lefu; empa ho itlhahatsa e e-s’o be nako e ne e ke ke ea e-ba thato ea Ntat’ae.EN 305.4

    Bongata bo hlahang likarolong tsohle tsa lefatše bo ne bo tlile Moketeng oa Metlotloane ka tšepo ea ho bona Kreste. Bafarisi le babusi ba ne ba ‘matla, ba tšepile ho fumana sebaka sa ho Mo tsoa. Ba botsa ba khathatsehile, “O kae?” empa ho ne ho se ea tsebang. Ha se be le ea mong ea reng ke Mesia, empa hohle ho ne ho bueloa fatše, ho buisanoa ka Eena. Bongata ba ‘Muella, ba re O romiloe ke Molimo, ha ba bang ba Mo qosa ba re Ke mothetsi.EN 306.1

    Athe Jesu O se A fihlile Jerusalema ka lenyele ka tsela e sa tsamauoeng khafetsa. Hoja A kenella sehlopha sa baeti ba bahoebi, bohle ba ka be ba Mo etse hlōkō, ‘me pontšo ea sechaba e ka be e raositse ba boholong ho Mo loantša.EN 306.2

    Hoba mokete o loele, A kena lebaleng la tempele, pontšeng ea bongata. Ho ne ho itsoe A ke ke A hlahela pontšeng ea baprista le babusi. Bohle ba makala ke boteng ba Hae. Mantsoe ohle a khutsisoa.EN 306.3

    A ema joalo, e le Eena ea shebuoeng ke bohle moo, ‘me A bua le bona ka mokhoa oo ho e-s’o be le ea mong ea kileng a bua joalo. Mantsoe a Hae a bontša tsebo ea tšebeletso ea mahlabelo le lithuto tsa baporofeta ka ho fetisisa baprista le baruti ba molao. Joaleka ha e le ea kileng a bona Ea Sabonoeng, A bua ka matla a Morena oa lefatše le oa leholimo. Ho tšoana le Kaperenauma, batho ba tsota thuto ea Hae, “hobane mantsoe a hae a ne a e-na le matla.” Luka 4:32. A leka kahohle ho ba tlisa pakong. O ne A ke ke A lahloa le ho bolaoa ka sehlōhō ke sechaba sa Habo haeba A ne A ka ba pholosa molatong oa ketso e joalo.EN 306.4

    Ba botsana ba re, “O tseba tsa thuto joang, a sa ithuta?” Jesu le Johanne Mokolobetsi bobeli ba ne ba hlahisoa ba sa tsebe letho hobane ba ne ba sa ka ba kena likolong tsa baruti ba molao. Ba ba utloileng ba ne ba makatsoa ke tsebo ea bona ea Mangolo, athe Molimo oa Leholimo e ne e le Eena mosuoe oa bona. Ha Jesu A ntse A bua lebakeng la tempele, batho ba sala ba maketse. Batho ba neng ba Mo befetse hampe-mpe ba utloa ba hloka matla a ho Mo ntša kotsi.EN 306.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents